Pehelo ya Molaodi
Selemo sa ditjhelete sa 2014/2015 ebile se nang le
diphepetso ho Mintek ka ha sephetho sa moruo o neng o le
tlasa kgatello se ne se totobetse phokotsehong ya lenane la
diprojeke tsa kgwebo tse ileng tsa hapuwa. Boima ba sona
bo ile ba fokotswa ka mosebetsi wa diphuputso o ileng wa
etswa ka thuso ya ditjhelete e tswang mmusong haholoholo
e tswa ho Dipakana tsa Tshehetso tsa Phehisano Moruong
(ke hore, Economic Competitiveness Support Packages,
ECSP). Diphetoho ho meedi ya masalla a Mintek pakeng
tsa selemo sa 2009/2010 le sa 2014/2015 di ntse di kgema
le diphetoho tse kgolo tsa ho batlwa ha dihlahiswa le
ditshebeletso ho ntseng ho bontsha matla a diphetoho
tsa dintlha tsa lefatshe le tsa sepolotiki lefatsheng tse
amang indaseteri ya mehlodi ya dimenerale. Motheo wa
bareki o moholohadi wa Mintek o haholoholo setheong
sa dimenerale sa Afrika Borwa mme merusu e sa feleng ya
basebeletsi, ho kginwa ha mesebetsi, tlhahiso e fokolang
ekasitana le infoleishene ya ditheko tsa disebediswa tsa
motheo (jwalo ka motlakase, kgase, metsi, founu) di ile
tsa ba le sekgahla se seholo ho sephetho sa ditjhelete tsa
Mintek. Lekeno la rona ekasitana le phallo ya tjhelete (ho
kena le ho tswa ha tjhelete) hape di angwa ke diphetoho
tsa Ranta ya Afrika Borwa. Ha ho shejwa seabo se matla sa
tjhelete ya US ho diphapanyetsano tsa rona tsa matjhaba,
ho fokotseha ka 15.7% ha Ranta kgahlanong le Dolara
ya US ho bile le sekgahla se sebe ho sephetho sa rona
sa ditjhelete kaha matla a Ranta a ile a tswela pele ho
fokola selemong sa 2014/2015 ya ba ya fihla ho R12.17
kgahlanong le Dolara ya US pheletsong ya Hlakubele
2015. Mintek ha e na diphetoho tsa sekgahla sa polokeho
ya phapanyetsano (se bitswang “hedge exchange rate
fluctuations” ka Senyesemane) kaha re sa dumele hore
ho dula re ntse re boloka matla a tjhelete ho tla neha
tshebetso ya rona ya tjhelete le boemo ba rona ba tjhelete
menyetla ya nako e telele.
Mintek e dula e ntse e sheba botjha ditheko tsa yona tsa
tshebetso, e tsepamisitse ho moralo wa yona wa ditheko
ho netefatsa hore ditheko tsa diprojeke ha di phahame
haholo ka ho tswa taolong nakong ya bophelo ba diprojeke.
Ka lebaka leo, nako le mehlodi e meholo di abetswe
ditshebetso tsa meralo ya diporojeke, tumello ya tsona
ekasitana le tekolobotjha ya tsona. Leha ho sa shejwe hoo,
matlotlo a rona a hlahisang tjhelete a anngwe hampe ke
diphetoho tsa mmaraka le meralo ya indaseteri, ditheko tse
hodimo, ho kgaotsa ha phepelo, tshenyeho ya disebediswa
le ho hloleha le diphepetso tse ding tsa setekgeniki. Sena se
bakile ditheko tse nyolohileng tsa tshebetso le tsa motheo
ekasitana le hore phaello e neng e lebeletswe ho tswa ho
matlotlo ha e a fihlellwa.
tlisitse kgatello e kgolo ho dimmaraka tsa tjhelete tsa
lefatshe, ha tlisa ho fokotseha ha matlotlo a ka fetolwang
tjheletetjhelete (kheshe) ekasitana le ho ba le sekgahla se
sebe maemong a kgwebo ka kakaretso mme mokgwa wa
rona wa ho laola dikotsi tsa mekitlane ke ho netefatsa hore
kotsi yohle ya mokitlane e a lekanngwa le ho laolwa ka
tshwanelo ho thibela tahlehelo ya tjhelete.
Lekeno
Lekeno la sehlopha sa Mintek le eketsehile ka 6% nakong
ya selemo se shejuweng mme la fihla ho R466.6 miliyone
(2014: R441.0 miliyone). Keketso ya lekeno e bakilwe
haholoholo ke mosebetsi wa diphuputso o entsweng ka
thuso ya dinyehelo tsa mmuso.
Seabo sa Kabo ya Mmuso e bile 47% (2014: 43%) ya lekeno
lohle la 2015, ha ka ho le leng Dihlahiswa le Ditshebeletso
ekasitana le Diphuphutso ka Tumellano di bile le seabo
sa 37% (2014:36%) 10% (2014:17%) ka ho tshwanelana.
Nyehelo yohle ya Mmuso e eketsehile ka 18 % ka 2015 ho
tloha ho R196.8 miliyone ho isa ho R232.6 miliyone.
Re na le tumellano le bahwebi ba bangata bao re
phehisanang le bona ho kenyeletswa bareki le bafepedi
mme diphetoho tse matla tsa moruo lefatsheng di
tlaleho e kopaneng ya selemo ya mintek ya 2015
| 81
Tshebetso ka Ditjhelete
haholoholo ke keketso ya infoleishene le basebeletsi ba batjha
ba hirilweng selemong sa 2014/2015. Seabo se phahameng sa
ditshenyehelo tsa moputso ha se bapiswa le lekeno se kgema
le sebopeho sa mesebetsi ya Mintek e sebedisang basebetsi
ba bangata mme e hloka basebetsi ba bokgoni bo phahameng
ba thekeniki. Reshiyo e dutse e ntse e tsitsitse pakeng tsa
2009/2010 le 2014/2015 mme e bile palohare ya 60%.
Tjhebobotjha ya Boemo ba Tjhelete
Tshebediso ya Tjhelete
Lekeno la Kgwebo le fokotsehile ka R10.1 miliyone ho isa
ho R234.1 miliyone ka 2015. Lekeno lena le hlahisitswe ka
dithekiso tsa lehae ekasitana le tsa dinaha disele. Seabo sa
dithekiso tsa lehae e bile 59% (2014:61%) mme tsa dinaha
disele e bile 41% (2014:39%) ya lekeno lohle la kgwebo.
Phokotseho ya dinaha disele.
Lekeno la dilemo tsa ho qetela tse 5 le bakilwe ke ho fokola ha
Ranta le kgolo e tlasana ya mesebetsi ya dimenerale, ditsha
tsa pyrometallurgy le hydrometallurgy moo ho tsamaisitsweng
dipolante tsa kgakolo tse kgolo tsa palo e nyenyane.
Lekeno le leng haholoholo ke la tswala e fumanweng ho tswa
ho matsete a nakwana le lekeno la rente. Tswala e fumanweng
e hlahisitswe ka lebaka la ho tsetela lekeno le fumanweng ka
pele la dinyehelo tsa mmuso le thuso ya tjhelete ya diprojeke
ho tswa ho bareki ba setheo sa poraefete mme le ile la fihla ho
R26.5 miliyone (2014:R16.8 miliyone). Nakong ya dilemo tse
mmalwa tse fetileng Mintek e bile hloko taolong ya mehlodi ya
yona ya tjhelete mme sena se fihlelletswe ka ho tsetela moo
ho fumanwang tswala e ngata e le ho etsetsa hore ho fihlellwe
phaello ya nakwana e kgolwanyane.
Ditshenyehelo
Ditshenyehelo tsa tshebetso di eketsehile ka 8% ho tloha
ho R448.9 miliyone ho isa ho R 485.7 miliyone. Ditefo tsa
ditshebeletso di eketsehile haholo ka R25.8 miliyone ho fihla
ho R43.4 miliyone. Keketso ena e bakilwe ke ditshenyehelo tse
kgolo tse bileng teng tsa tsamaiso ya lenaneo la tsoseletso ya
merafo e sa hlokomelwang le e se nang beng. Tekolobotjha ya
bophelo bo nang le molemo le boleng ba masalla ba thepa,
polante le disebediswa e fokoditswe phokotso ya boleng ka
R4.9 miliyone ha ho bapiswa le 2014 moo sekgahla sa phokotso
ya boleng e neng e le R2.7 miliyone.
Ditjeho tsa basebeletsi di eketsehile ka 12% e bakilweng
Boemo ba ditjhelete ba Mintek bo dula bo ntse bo le matla.
Mehlodi ya tjhelete ke karolo e kgolo ya matlotlo ohle (62%)
mme e eketsehile ka 20% selemong se fetileng sa ditjhelete
ka lebaka la keketso ya thuso ya tjhelete e tswang ho MTEF
ekasitana le lekeno le fumanetsweng ka pele ho tswa ho
bareki. Mesebetsi e hlahisitse phaello e matla ya tjhelete e
sebediseditsweng ho thusa tjhelete ya tshebetso le ditlhoko
tsa ditshenyehelo tsa motheo. Tjhelete e hlahisitsweng ke
mesebetsi e bile R57.2 miliyone ha ho bapiswa le tjhelete e
hlahisitsweng selemong se fetileng ya R74.5 miliyone. Hona ho
bakilwe haholoholo ke ditjhelete tse fumanetsweng ka pele.
Boemo bona ba jwale bo tshehetsa mesebetsi e tswellang ya
kgwebo ya Mintek ekasitana le phethahatso ya diporojeke tsa
yona. Le ha ho le jwalo Mintek e tla tswela pele ho ela hloko
ka matsete a jwalo, ka lebaka la ho hloka botsitso le nnete
ekasitana le diphetoho tse matla tsa maemo a jwale a moruo.
Tjhelete ya Tshebetso
Mintek e tswela pele ka ho laola tjhelete ya yona ya tshebetso
ka bokgoni le hoja ho na le maemo a matla a diphetoho tsa
moruo lefatsheng. Reshiyo ya jwale e bolokilwe ho 2 dilemong
tse 5 tse fetileng, seabo sa tjheletetjhelete (kheshe) se
fokotsehile haholo ho ya ho diphesente tse 3 nakong ya selemo
se shejuweng moo kheshe le dikakheshe di fokotsehileng ho
tloha ho R38.6 miliyone ka 2014 ho isa ho R7.7 miliyone. Hona
ho bakilwe haholoholo ke matsete a ntlafetseng a nakwana.
Matsatsi a balefi a fokotsehile ho tloha ho matsatsi a 61 ka
2013/2014 ho isa ho matsatsi a 54 ka 2014/2015.
Ditshenyehelo tsa Motheo
Ditshenyehelo tsa Motheo di fokotsehile ka R4.5 miliyone ho
isa ho R37.0 miliyone nakong ya selemo sa 2014/2015, sena
se bakilwe haholoholo ke dikgapo tse fokotsehileng le ho
ntjhafatsa matlotlo a meaho selemong sa 2014/2015.
Poello ya Matsete a Motheo (ROIC) e nehelana ka sesupo sa
bokgoni boo Mintek e tsetetseng tjhelete e tlasa taolo ya yona
ka bona; seabo sena se dutse se tsitsitse ho 4% pakeng tsa
2012/2013 le 2014/2015.
Mintek e amohetse thuso ya tjhelete ya R32.8 miliyone
(2013/2014- R58.4 miliyone) selemong sena bakeng sa ho
reka Thepa, Polante le Disebediswa. Paloyohle ya phokotso
ya boleng e fokotsehile ka R2.3 miliyone ho tloha selemong
se fetileng, mme phokotso ena e bakilwe ke hore matlotlo a
mangata a ne a atamela pheletsong ya bophelo ba ona.
82 |
Scarica

PEHELO YA MOLAODI