MOHATO O PHAHAMENG
KEREITI YA 9
PUDUNGWANA 2014
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
MATSHWAO:
60
NAKO:
Dihora tse 1½
*9SEHL3*
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
2
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
(PUDUNGWANA 2014)
DITAELO LE TLHAHISOLESEDING
1.
Pampiri ena e na le dikarolo tse PEDI:
KAROLO YA A: Moqoqo
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano
2.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
3.
Araba dipotso TSOHLE.
4.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
5.
Seha mola qetellong ya karolo e NNGWE le e NNGWE.
6.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe
pampiring ya dipotso.
7.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
8.
Ngola Ka mongolo o makgethe mme o balehang.
9.
Dipotso TSOHLE di arajwe ka Sesotho.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
(PUDUNGWANA 2014)
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
3
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG, mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a
250–300. Diratswana tse 5–8.
1.1
Boha setshwantsho se ka hodimo o ntano ngola moqoqo o itshetlehileng
mohopolong o qholotswang ke setshwantsho maikutlong a hao, o be o fane
ka sehlooho se lokelang.
[40]
KAPA
1.2 Selemo sa 2013 e bile selemo se ileng sa fela ha bohloko ho batho le naha
ya AFRIKA BORWA. A ko ngole moqoqo ka ketapele eo o e ratileng e ileng
ya tlisa phetoho e kgolo naheng ya heno.
[40]
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
4
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
(PUDUNGWANA 2014)
KAPA
1.3
Motsaneng wa heno ho na le motho eo o lakatsang ho tshwana le yena
bophelong, ke motho ya rutehileng. Ngola moqoqo ka bohlokwa ba thuto o
ikamahantse le setshwantsho se ka hodimo.
[40]
KAPA
1.4
Naha ya Afrika Borwa e se e qetile dilemo tse mashome a mabedi e le
tlasa mmuso wa tokoloho (democracy). Ngola moqoqo mme o fane ka
maikutlo a hao mabapi le (democracy).
[40]
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
(PUDUNGWANA 2014)
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
5
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le NNGWE ya bolelele ba mantswe a 160−180 ka
se seng sa dihlooho tsena:
2.1 Ho hlokahetse e mong wa leloko mme ke wena feela ya nang le
tlhasenyana ya sekolo, a ko ngole NALANE (OBITUARY) ya mofu.
[20]
KAPA
2.2
O lakatsa ho ya sekolong sa mosebetsi wa motsoho ha o tswelelletse
sehlopha sa 9. Ngola PUISANO (DIYALOKO) e pakeng tsa hao le
motswadi wa hao, o leke ho mo bontsha bohlokwa ba seo o lakatsang ho se
etsa. Ikamahanye le setshwantsho se ka hodimo.
[20]
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
6
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
(PUDUNGWANA 2014)
KAPA
2.3
Selemong se tlang o lakatsa ho ya batla mosebetsi, mme lengolo la hao
la kopo ya mosebetsi le tshwanela ho felehetswa ke tokomane ya
boitsebiso (CV) Ngola TOKOMANE ya boitsebiso mme o fane ka
tlhahisoleding ka wena, mangolo a thuto ao o a fihletseng jj.
[20]
MATSHWAO A KAROLO YA B:
MATSHWAO KAOFELA:
MATSHWAO A FETOLETSWE (60 ÷ 2):
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
20
60
30
Phetla
Scarica

seSotho Home Language P3