NATIONAL
SENIOR CERTIFICATE
KEREITI YA 11
PUDUNGWANA 2015
SESOTHO PUO YA LAPENG – PAMPIRI YA 3
MATSHWAO:
100
NAKO:
2½ dihora
*ISESHL3*
Pampiri ena e na le maqephe a 5.
2
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
(EC/PUDUNGWANA/2015)
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
1.
Pampiri ena e arotswe DIKAROLO tse PEDI, e leng:
KAROLO YA A:
KAROLO YA B:
Moqoqo
Ditema tsa kgokahano tse telele
(50)
(50)
2.
Araba potso e le NNGWE karolong ya PELE feela.
3.
Araba dipotso tse PEDI karolong ya B.
4.
Qala potso e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA, mme o sehe
mola qetellong ya potso ka nngwe.
5.
Etsa moralo wa ho ngola (ka ho iketsetsa mmapa wa monahano o
bontshang tatellano ya mehopolo). Ha o qeta ho ngola, lekola botjha
mosebetsi wa hao ho hlaola diphoso. Etsa moralo ditemeng tsohle.
Sebedisa pensele ha o lokisa diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa
ho ela mehato ena hloko.
6.
O eletswa ho sebedisa metsotso e 80 KAROLONG YA A, metsotso e 35
potsong ka nngwe KAROLONG YA B, mme e tla ba metsotso e 70
KAROLONG YA B ha e le kaofela.
7.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring
ya dipotso.
8.
Ngola sehlooho se loketseng potso eo o e kgethileng, kapa sehlooho seo o
iqapetseng sona meqoqong eo ho sa nehelanwang ka dihlooho ho yona.
9.
Ngola ka mongolo o makgethe.
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
EC/PUDUNGWANA/2015)
3
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele ba mantswe a
400–450. Hopola ho etsa moralo, mme o be o boele o lekole mosebetsi wa hao
botjha ho hlaola diphoso.
[50]
1.1 Ka nnete boloi bo teng.
[50]
1.2 Bahwebi ba mafatshe a mang ba nketse MaAfrika Borwa dikgwebo tse
nyane, empa ba butse menyetla ya mesebetsi.
[50]
1.3 Bohlokwa ba metsotso e 67 mohla letsatsi la tswalo la ntate Mandela la18
Phupu.
[50]
1.4 Baithuti ba Kereiti ya 11 ke bona ba tshwanetseng ho hlophisetsa mokete
wa ditumediso tsa baithuti ba Kereiti ya 12.
[50]
KAPA
Baithuti ba Kereiti ya 12 ke bona ba tshwanetseng ho itlhophisetsa mokete
wa ditumediso tsa bona.
[50]
1.5 Ha re lwantsheng boshodu ba manaka a ditshukudu.
[50]
1.6 Boha ditshwantsho tsena tse latelang. Kgetha setshwantsho se le seng o
nto ngola moqoqo o itshetlehileng mohopolong wa sehlooho o qholotswang
ke setshwantsho seo. Iqapele sehlooho sa hao. Se lebale ho iketsetsa
moralo le ho hlaola diphoso temeng ya hao.
[50]
1.6.1
[Setshwantsho sena se qotsitswe ho Move 17 Tshitwe 2014]
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
Phetla
4
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
(EC/PUDUNGWANA/2015)
1.6.2
[Setshwantsho sena se qotsitswe ho You Phupu 2014]
1.6.3
[Setshwantsho sena se qotsitswe ho Move 10 Tshitwe 2014]
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
50
Phetla
EC/PUDUNGWANA/2015)
5
SESOTHO PUO YA LAPENG P3
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO
POTSO YA 2
Shebisisa lethathama lena le latelang la ditema tsa kgokahano o nto kgetha tse
PEDI ebe o ngola ka tsona. Mantswe e be a 180–200 (dikahare feela). Hopola ho
etsa moralo le ho hlaola diphoso.
2.1
Lengolo le yang ho mohlophisi wa koranta kapa makasine
Ngolla Mohlophisi wa koranta kapa makasine ya kgetho ya hao, o hlahise
maikutlo a hao ka ho kwetelwa ha bana ba banana ho jeleng setsi.
2.2
[25]
Puo
Haufi le sekolo sa lona ho na le tamene e kgolo e tummeng. Le le
lekgotla la kemedi ya baithuti le lemohile boitshwaro bo hlephileng ba
barutwana ba fapohelang tameneng. O kopilwe ho tshetleha puo kopanong
ya batswadi maloka le ditlamorao tsa jwala bo rekiswang pela sekolo.
Ngola puo eo.
[25]
2.3
Kopo ya mosebetsi le boitsebiso (CV)
Ngolla Modulasetulo wa lekgotla la kemedi ya batswadi (SGB) wa sekolo sa
kgetho ya hao, o kope mosebetsi wa nakwana wa matsatsi a phomolo ya
Loetse-Mphalane, wa ho lokisa mamati, difesetere le diheke tsa sekolo. O
kenyelletse le tokomane ya boitsebiso e tla paka hore o lokelwa ke
mosebetsi oo.
[25]
2.4
Inthaviu e ngolwang
Ngola puisano ya inthaviu pakeng tsa sebapadi sa thelebeshene sa
tshwantshiso eo o e ratang, eo o e bohang ka mehla, le motjha ya kgallang
ho ithutela mosebetsi oo. Fana ka lebitso la sebapadi seo le la motjha ya
botsang dipotso.
2.5
Lengolo la setswalle
Ngolla moholwane wa hao ya felletsweng ke mosebetsi ka lebaka la ho
kwalwa ha feme eo a neng a sebetsa ho yona, o mo kgothatse ka ha a se a
bile a na le kgatello ya maikutlo e mo kudisang.
2.6
[25]
[25]
Tekolokakaretso
Ngola tekolokakaretso ya buka eo o kileng wa e bala mme wa natefelwa ke
yona. Hopola ho fana ka lebitso la buka, la mongodi le thuto eo o e
fumaneng bukeng eo.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B (25 x 2):
MATSHWAO KAOFELA:
Difuperweng tsa pampiri ena di se sebediswe ntle ho tumello
[25]
50
100
Phetla
Scarica

seSotho HL P