Mongodi
Sehlopha sa Amos tlasa boetapele ba Hennie Viljoen
Ditshwantsho
Landi Roux
Phetolelo
Michael Manchu
Frans Sekhoto
Mohlophisi
Frans Sekhoto
Mohlophisi wa leqephe
Sunette Frylinck
Botaki ba leqephe
Utilisoft (cc)
ISBN 1-919924-03-5 (stel)
ISBN 1-919924-84-1 (vol.7)
(Kgatiso 4 - Mmesa 2008)
1
2
THUPELO YA AMOS
MOTHEO WA LENTSWE LA MODIMO
BUKA 1:
BUKA 2:
BUKA 3:
BUKA 4:
BUKA 5:
BUKA 6:
BUKA 7:
BUKA 8:
BUKA 9:
Modimo ke Morena, mme o o ratile le ha o le moetsadibe.
Ke Jesu feela ya ka o pholosang.
Ithute ho tseba Jesu haholwanyane.
O ka ba le bonnete ba hore o lopollotswe.
Botho le mosebetsi wa Moya o Halalelang.
Bala o utlwisise Bibele.
Thapelo le ho ipolela dibe tsa hao.
Paka mme o hole le bana ba bang ba Modimo.
Ho tla ha Jesu Kreste le mosebetsi wa Hae o moholo.
Hammoho le dibuka tsena tse robong tsa thupello o fumana hape BUKANA E SE
NANG MANTSWE le TATAISO KA THUTA BODUMEDI POLASING (Utlwisisa,
Amohela mme o Phele).
Sepheo sa dithuto tsena ke hore batho ba rutwe motheo wa tshepiso ya Lentswe
hodima bonngwe le boitlhakiso ka mokgwa wa ho ithuta ka kutlwisiso e
amohelehang le ho fihlela tlotla ya Modimo.
Thapelo ya ka ke hore ka Moya wa Modimo e se eka ho ka thehwa nnete ya
Lentswe le tla sebediswa le dumellana le 2 Thimothea 3:15-17: "... Mangolo a
Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho
Jesu Kreste. Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo,
mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya
ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a
kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng."
Ntshetsopele ya moleka ka Amos tlasa boetapele ba Hennie Viljoen.
Kgatiso © Hlakola 1999 AMOS AGRIMIN
3
BUKA 7
THAPELO LE BOIPOLELO BA DIBE
PULO:
Palo ya Lengolo, thapelo le ditakaletso tsa
hoba mmoho.
KAROLO 1: Pheto ya Buka ya 6.
(30 metsotso)
(40 metsotso)
KAROLO 2: Thapelo le kgolo ya Semoya.
(10 metsotso)
KAROLO 3: Thapelo ke eng?
(45 metsotso)
KAROLO 4: Thapelo kang e matleng a tswang
maemong a dikarolo tse fapeneng.
(90 metsotso)
KAROLO 5: Thapelo ka Lebitso la Jesu.
(15 metsotso)
KAROLO 6: Anna ya pelohlomohi o a Nyakalla.
(40 metsotso)
KAROLO 7: Ho rapela boinnotshing le ho rapela
le ba bang.
(30 metsotso)
KAROLO 8: Taba kang tlasa galase ya sehodisi.
(40 metsotso)
8.1 Morena ha a re "ee" bakeng sa
dithapelo tsa boikgopolelo.
8.2 Ha o a lokela ho sebedisa letoto la
mantswe kapa wa hweletsa Morena.
8.3 Seke wa phetapheta Lebitso la Morena
kgafetsa thapelong ya hao.
KAROLO 9: Sebedisa karete ya hao ya thapelo mme o
be morapelli.
(10metsotso)
KAROLO 10: Keng se etsahalang ha o ipolela
dibe tsa hao?
(30 metsotso)
KAROLO 11: Mosebetsi o tla etswa hae.
(10 metsotso)
4
KAROLO 1 (40 metsotso)
BOIKGOPOTSO BA BUKA 6
Buka 6 e bile buka ya pele e ileng ya ruta ka kgolo ya Semoya. A re ke re shebe
tsohle tseo o se ntseng o di hopola.
Mosebetsi-pheto 1:
(5 metsotso)
Ke ka mekgwa efe e mehlano o ka holang Semoyeng? Ke seo a ke re Bukana e
Senang Mantswe leqepheng le letala le se rutang.
Mosebetsi-pheto 2:
Ke eng e makatsang ka Bibele?
(10 metsotso)
TSEBISO HO MORUPELLI: Dikarabo tseo e leng tsona di ka leqepheng la 31.
Ho bohlokwa kamehla ha o ne o ka etsa pheto ya (Karolo 1) pele ho hore o abele
baithuti dibuka thuto.
Mosebetsi-pheto 3:
(5 metsotso)
Ke ka mekgwa efe motho a ka bontshang hore o se ke wa nahanela Bibele ho
feta tekanyo, ka mantswe a mang ke ka mekgwa efe eo ka yona o ka etsang eka
Modimo ha a bue le wena ka Bibeleng?
TSEBISO HO MORUPELLI: Dikarabo tseo e leng tsona di leqepheng la 31.
Mosebetsi-pheto 4:
(20 metsotso)
Bophelo ba hao bo fetohile ho le hokae haesale o entse buka 2? Haeba bophelo
ba hao bo eso fetohe, ha o a ka wa ithuta letho. Hopola, motho o qala ho hola
moyeng ha a tseba haholo mme a etsa haholo!
Qoqang ka bokgutshwanyane kamoo maphelo a lona a fetohileng kateng.
TSEBISO HO MORUPELLI: Fana ka sebaka ho baithuti ba ithaopang ho ka paka
ka bokgutshwanyane kamoo bophelo ba bona bo fetohileng. Hlalosa ka botlalo
hore e mong le e mong o na le metsotso e ka bang mmedi ho tsohle ho ka pala.
Haeba baithuti bohle ba lakatsa ho ka bala, ba tla lokela ho ikarola ka
dihlotshwana tse nyane . Eba e mong le e mong a ka bolella ba bang kamoo
bophelo ba hae bo fetohileng.
5
KAROLO 2 (10 metsotso)
THAPELO LE KGOLO YA SEMOYA
Ka nqenngwe thapelo e bobebe hakaalo hore leha e le ngwana a ka rapelang.
Kahoo le wena hape o ka rapela! Empa hle thapelo hape e ka ba boima - nna le
wena ha re tsebe ka nepo kamoo re ka rapelang. (Baroma 8:26) Ka lekgetlo le
leng re batla mantswe.
Bibele ha e re fe thuto e sebeditseng ka thapelo. Ha ho karolwana Bibeleng e re
bolellang kgato ka kgato tseo re tshwanelang ho di tseba ka thapelo. Modimo o
re feela ho nna le wena re tshwanela hore re rapele. Ka tsela e jwalo thapelo ha
e boima mme kahoo ha o a lokela ho fumantshwa thupello eo oo ka e etsang pele
ho hore kapa o ka lokela ho rapela. Ha e mong a fihlela tshokoloho, ha Jesu a
phela kahare ho yena, thapelo e batla e le yona ntho ya pele eo motho ka boyena
a ka e etsang. Kahoo ha re a tshwanela ho ithuta letho le boima le ho re
tsosollosa ka thapelo.
Bibeleng ho teng dipuo tse tshwaileng thapelo.
Bibeleng, o tla ithuta haholo feela ka thapelo.
Ha o bala dithapelo tseo
Bothata bo boholo le ha ho le jwalo ha se hore batho ha ba tsebe ho rapela.
Bothatahadi bona ke hore batho ha ba rapele. O a bona, ke bothata ba ho
tseba hape mme o etse. Batho ba a tseba hore ba tshwanela ho rapela, empa
hoo ha ba ho etse. Mme hopola, ha o ithute ho rapela ka dibuka feela le ho
itlwaetsa ho bala. O ithuta ho rapela nakong eo o qalang ho rapela. O ithuta
thapelo ka ho e etsa, le ho e rapela!
Kahoo ha ke tlo o neha thupello ka dithuto tse sehlopha tsa thapelo bukeng ena
ya bo - 7. Tjhe, re tlilo sebedisa nako e seng kae ho "ikwetlisa" ka boikwetliso ba
thapelo. Re tla rapela!
Mosebetsi: Sheba hape mengolo e ho monna ya hodima 'leri' eo ya hlwellang
ka leoto le le leng, ha nakong eo leoto le le le ntse le hanelletse fatshe.
Hobaneng ho leng bohlokwa feela ho rapela le ho "ikwetlisa" ho rapela,
ho seo o se tsebang ka thapelo?
O tshwanetse ho rutwa ho rapela (Luka 11:1) mme o tshwanetse ho rapela
(1Bathesalonika 5:17), eba o hola Semoyeng.
6
ET
S
A
A
TSEB
Ha eba feela o batla ho hola semoyeng mme le kamoo o ka
phelang jwaleka Jesu, o tshwanela ho tseba hore thapelo ke eng
mme o tshwanela ho rapela. Ha o tseba feela hore thapelo ke eng,
empa o sa rapele, ha o tlo hola semoyeng.
1 Bathesalonika 5:17
Empa hobaneng o tshwanela ho rapela?
7
Thapelo ya hao
jwaleka ngwana wa
Modimo
e na le matla a
tshebetso!
(Jakobo 5:16b)
Ka kopo hape rapela
bakeng sa Amos.
8
KAROLO 3 (45 metsotso)
THAPELO KE ENG?
KETAPELE
Mosebetsi: Mona ke manane a mararo a dikopo kapa mesebetsi lenane ka leng
le bolelang?
1. 2,5 kg phofo ya papa.
1 kase la kofi.
4 kg tswekere.
1 botlolo ya oli e phehang.
2. Kapa sheba metsi kampong e nngwe le e nngwe
a ntse a lokile na.
Phutha dinku tse kampong e pela noka. Lokisa hape le heke
ya kampo e nokeng.
Difate tsa ditholwana tse serapeng se tlase
tlase di tshwanelwa ke ho tshelwa.
3. A ko re fe pula.
Re sirelletse kajeno tseleng.
Etsa ngwana hore a boele a phele hantle hape mme
o thuse ba bang dihlahlobong tsa bona.
Re nehe hore kaofela polasing re dule hantle mme re sebetse.
Lenane la pele o tla le neha e mong ya yang toropong. Labobedi ke lenane la
mesebetsi eo ramosebetsi a le nehileng e mong wa basebeletsi. Laboraro e hlile
ke lenane le leng la mesebetsi. Ke mesebetsi eo wa horeng a e nehileng
Modimo. Ke seo a batlang ha Modimo a tshwanela ho se etsa.
Mosebetsi: Na ke sohle seo thapelo e leng sona? Na ke sehlopha feela sa
dikopo tseo o di lebisitseng ho Modimo? Na ke lenane leo la
"mesebetsi" leo o le etsang bakeng sa ho le neha Modimo hoseng ho
hong le ho hong?
9
3.1 Thapelo ke ho bua le Modimo ka Jesu!
Mosebetsi: Ikaroleng dihlopha tse nyenyane mme le qoqe ka dipotso tse
latelang:
*
Thapelo ke eng?
*
Hobaneng wena jwaleka ngwana wa Modimo o tshwanela ho
rapela Modimo?
*
Na batho bohle ba lokela ho rapela?
Ha re nahana ka thapelo, ha re a tshwanela hle ho nahana ka lethathama la
ditlhoko tseo re tla di beha kapela Morena. Thapelo e be yona ka boyona.
Thapelo e ke ke ya lokolla botho le mosebetsi wa Kreste.
Modimo Ntate o tlilo bua le nna le wena ka Jesu Kreste. Ka Yena (Kreste) re
mamela Modimo, ka motheo wa sehlabelo sa Hae, Modimo o a re mamela.
Tadima seralwa se leqhepheng le latelang.
Bala:
*
*
*
*
Baheberu 1:1-2
Baheberu 10:19-22
Johanne 15:16
Johanne 16:23-24
Ho tswa mona rona re ka etsa dikarolo tse tharo tsa bohlokwa:
1.
Ho fihlella Modimo feela ka thapelo ke tokelo eo bana ba Modimo ba nang le
yona. Haeba o esobe ngwana wa Modimo, o ka rapela feela thapelo e le
nngwe. O tshwanela ho bitsa lebitso la Modimo ho ka pholoswa. (Baroma
10:13)
2.
Thapelo ha se taba ya tokolloho. Ha se ntho eo o lokelwang ho e etsa feela
le ha o sa lakatse jwalo. Ha e mong a bua le wena, hle ha se mokgwa o
motle ho mo araba na. Ka Jesu Kreste Modimo o bua le wena, kahoo o
tshwanetse ho Mo araba ka thapelo.
3.
Maemong a pele thapelong ya hao, o tshwanetse ho ya ka Jesu le mesebetsi
ya Hae, e seng ka wena le ka ditakatso tsa hao.
10
Ntle ho Jesu, hohang thapelo e ke ke ya eba yona. Modimo o bua
le wena ka Jesu mme o rapele Modimo ho fihlela Lebitsong la
Jesu. Hobane Jesu a le mong o tlositse dibe tsa hao ka ho iketsa
sehlabelo mme a o tlisa selekaneng se phethahetseng le Modimo,
o se o na le tokelo ya ho bua ka bowena le Modimo.
Baheberu 10:19-22
O tshwanetse ho bua le Modimo ka eng? Ke sefe seo o tshwanelang
ho Mo bolella sona?
11
3.2 Ha pele o tshwanetse ho leboha Modimo ka thapelo!
Tadima setshwantsho seo se leqhepheng le latelang. E re ho tla ho wena monna
ka le leng mme o re: "Ke a tseba ha o a etsa letho ho fumana motokare ona,
ebile ha o hloke motokara, empa ke feela ke rata ho o fa ona e le mpho. Dinotlolo
ke tsena, ke motokara wa hao."
Mosebetsi: Seo o tla se etsa pele ke sefe? Ketso ya hao ka ho otloloha e tla ba
efe?
Modimo o ile a reng ka Jesu moo lefatsheng? Modimo o tlilo o bollellang o file
ngwana e mong le e mong wa hae eng?
Mosebetsi: Bala:
* Johanne 3:16-17
* Johanne 10:28
* 1 Johanne 4:9-10
Kahare le ka Jesu Modimo o tlilo bontsha nna le wena kamoo A re ratang. O
bontshitse kamoo a ileng a rata lefatshe kateng - kamoo A ratang lefatshe le
batho kateng. Jesu o tlile ho tlosa dibe tsa rona le ho lokisa selekane pakeng tsa
rona le Modimo. Bakeng sa kotlo e sa feleng diheleng Yena o ile a neha ngwana
e mong le e mong wa Hae bophelo bosafeleng.
Ha o le ngwana wa Modimo, nahana ka hona: wena hape o tshwanelwa ke kotlo
e sa feleng, hape o tla tshwanela ho ya diheleng. Empa hle, Modimo ka Kreste o
o neha letlotlo le makatsang - bophelo bo sa feleng!
Bala: * 1 Petrose 1:3-5
Mosebetsi: *
*
Na ketso ya hao ya ho qala e tla ba efe?
Ikaroleng dihlopha mme le tlotlise le ho rorisa Morena ka
tokolloho ya hao.
Seke wa kopa eng kapa eng ha jwale, seke wa rapella ditaba tse
ding, bolella Ntate kamoo o thabileng feela mme o lebohang hobane
Jesu a o pholositse.
12
Ha o ka ba jwaleka monna enwa ya fumanang mpho e kgolo, o tla ba wa pele wa
ho leboha haholo.
Ka Jesu o utlwa le ho bona kamoo Modimo a o ratileng. Ha o le
ngwana wa Modimo, le wena o ile wa fumana mpho e kgolo mahala
bophelo bo safeleng! Kahoo ntho ya pele le e bohlokwahadi eo o
tshwanelang ho e etsa, ke ho rapela le ho leboha Modimo.
Johanne 10:28
1 Petrose 1:3-5
Ke neng, ho kae le ka eng o ka rapellang tsohle?
13
3.3 Thapelo ke ho bua le Ntate jwaleka ngwana
Mosebetsi: *
Bana ba hao ba lokela ho bua le wena neng?
*
Bana ba hao ba lokela ho bua le wena sebakeng sefe (hokae)?
*
Bana ba hao ba lokela ho bua le wena ka eng?
Hobane wena le bana ba hao le eme selekaneng se makatsang, bana ba ka bua
nako efe kapa efe, sebakeng sefe kapa sefe le ka ntho efe kapa efe le wena.
"Abba" ke lentswe la Searame le bolelang ntate. Nakong ya Bibele bana ba
banyenyane ba ne ba bitsa bo ntata bona "Abba". Ka Seafrikanse re ka boela ra
le fetola e le "pappa". Thapelong ya hae Jesu o bile a bitsa Modimo e le Ntate.
(Mareka 14:36). Ka Moya o Halalelang ngwana e mong le e mong wa Modimo o
na le tokelo ya ho bitsa Modimo e le Ntate. (Baroma 8:15/ Bagalata 4:6)
Kgele, ngwana wa Modimo, ho a makatsa! Modimo ke Ntate mme o ka bua le
Yena nako efe kapa efe. O ka rapela ka meso, o ka rapela motsheare o moholo
mme o ka rapela mantsiboya. Feela jwaleka Jesu a ka rapela leha e le bosiu
bohle. O ka rapela leha dintho di o tsamaela hantle, hobane o na le bolokollohi ho
fihlela ho Modimo.
Bala: * 1 Bathesalonika 5:17 le Baheberu 10:19-22
Hobane Modimo e le Ntate, o ka bua hape le Yena ka ntho efe kapa efe. O ka
bua le Yena ka ntlo ya hao le mosebetsi wa hao, ka batho le mathata, ka meleko
eo o tjamelaneng le yona le ka dintho tse o thabisang haholo. O lokela ho bua le
Yena ka bana ba hao. O lokela ho Mo kopa ho ba thusa ho nyalana le monna
kapa mosadi ya nepahetseng le ho ikgethela mosebetsi o nepahetseng. O
tshwanela ho rapella puso, dira tsa hao le batho ba kulang. O ka rapella ntho efe
kapa efe.
Bala: * Bafilipi 4:6
Hobane Modimo e le Ntatao hohle le hobane Jesu ka Moya wa Hae a phela
kahare ho wena, o ka rapela sebakeng sefe kapa sefe. O ka rapela o le ka
kamoreng/phaposing ya hao ka thoko ho bethe ya hao o kgumame kapa o ntse o
itsamaela kantle. O ka rapela le ha o hlobaetse bosiu kapa o kganna motokara.
O ka rapela o le ka kerekeng, o le ka tlung kapa o le sebakeng sa mosebetsi wa
hao. Sebakeng sefe kapa sefe ho ntse ho lokile!
Bala : * Pesaleme 139:1-6 le Johanne 4:20-21
14
Jwaleka ngwana feela nakong efe kapa efe sebakeng sefe kapa
sefe a ka bua le batswadi ba hae, feela jwalo le ho wena jwaleka
ngwana wa Modimo o na le tokela nako efe kapa efe hape,
sebakeng sefe kapa sefe ho ka rapella ntho efe kapa efe mme o
bua le Ntate ya mahodimong.
Bafilipi 4:6
1 Bathesalonika 5:17
Mosebetsi: Jwale ikaroleng dihlopha mme le rapelle ntho efe kapa efe.
Moithuti e mong le e mong a rapelle ntho e le nngwe feela kapa
bonyane ditaba tse pedi.
15
KAROLO 4 (90 metsotso)
THAPELO KANG E MATLENG A TSWANG MAEMONG A
DIKAROLONG TSE FAPANENG
Dithapelo tsa batho ba bangata di qala le ho qetella feela ka bo bona. Ba batla
feela ha Modimo o ka tshwanela ho ba etsetsa dintho tse ngatangata. Ke hantle
jwalo o lokela ho kopa ntho efe kapa efe ho Modimo, thapelo ke hakaakang ho
feta ha o kopela dintho bakeng sa hao. THAPELO KANG E MATLENG A
TSWANG MAEMONG A DIKAROLO TSE FAPANENG. Dikarolo ha di a
tshwanela ho ba ka nako tsohle ka tatellano e tshwanang. A re ke re shebe
dintho (elemente) tse tsheletseng tsa thapelo.
4.1 Kgutso (Sebedisa metsotso e 15 ho etsa sehlooho sena)
Re phelan nakog ya dilemo tse potlakileng. Re maphathephathe ka bongata ba
dintho. Hoo ho re isa maane moo hore kgafetsa le ka pelepele re be se re kwala
mahlo re qale ho rapela leha menahano ya rona e sa le dinthong tseo re neng re
le maphataphate ka tsona pelenyane wa letsatsing lena, kapa e sa le dinthong
tseo re neng re rera ho di etsa hosane/ka moso. Ha hona ho etsahala ka wena,
ho tla ba thata ho amohela ntho e makatsang ya tokelo ya thapelo. Ha ka nako
tsohle o tatile nakong eo oo rapelang, ha o tlo amohela ho le hokaakang lerato le
matla le botebong ba Modimo.
Ho a hlokahala hore nna le wena ka makgetlo a mmalwa, ee, ka nako e nngwe
leha e ka ba metsotso e mmalwa re ka kgutsa pele ho hore re ka qala thapelo. O
tshwanela ho tsepamisa mehopolo ya hao Lentsweng la Modimo. A re ikwetlise
ka hona kapelenyana.
Mosebetsi: Jwale seke wa qoqa le ba bang. Etsa jwale tse latelang:
*
Nahana hore Modimo ke mang le ka seo A se etsang amohela
boholo le molemo wa Hae;
*
Nahana ka dimakatso tsa Lentswe mme o amohele hore
Modimo o bua le wena ka boYena Bibeleng;
*
Nahana ka tsohle tseo Modimo a ileng a o etsetsa tsona mme
o amohele Lerato la Hae bakeng sa hao;
*
Bala Pesaleme ya 139:1-6 mme o amohele boteng ba Modimo.
Amohela hore bophelo bohle ba hao bo bulelwe kapela Hae - O
bona tsohle.
16
THAPELO KANG E TSWA MATLENG A TSWANG MAEMONG A
DIKAROLONG TSE FAPANENG. Ke hantle ha o ka kgutsa pele ho ka bokella mehopolo ya hao pele. Nahana ka hore Modimo ke
mang mme o etsang. Amohela lerato le boteng ba Hae pele.
Pesaleme 139:1-6
O ile wa ikutlwa jwang kamora hore o kgutse? Seo o batlileng feela
ho se etsa ke sefe?
17
4.2 Tlotliso (Sebedisa metsotso e 15 ho etsa sehlooho sena)
Ee, ha motho a phela ntho ya boholo le molemo wa Modimo, o batla feela ho Mo
tlotlisa le ho Mo rorisa.
Bibele ha e re fe tlhaloso ya tlotliso. Bibeleng ka tsela eo Morena ha a bolele
hakaalo ka Lentswe tlotliso. Bibeleng re fumana hantle mehlala e mengata a
tlotliso hape le hore nna le wena re tshwanela ho tlotlisa le ho rorisa Morena
jwang.
Tlotliso ke ho bua ka dimelo tse molemo tsa Modimo. Tlotliso ke ho bolela, ho
bina le ho bontsha seo o se nahanang ka Morena.
Bala:
*
*
Pesaleme 103:1-5
Baroma 11:33-36
Mosebetsi: Bala Baefese 1:3-14. Temaneng ya 3 ho ngodilwe: "Ho ke ho
bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ..."
*
Mosebetsi o o fumaneng temaneng ya 6, 12 le 14 ke ofe?
*
Fumana mabaka a mararo temaneng ya 3b-5 bakeng sa mosebetsi
wa temana ya 6. Ke afe?
*
Bala temana ya 13-14. Kahara tsona o fumana mabaka a mararo
bakeng sa mosebetsi qetellong ya temana 14. Hobaneng o
tshwanela ho rorisa boholo ba Modimo?
Mosebetsi: Ikaroleng hape ka dihlotshwana tse nyenyane. Tlotlisang Morena
jwale bakeng sa seo A leng sona le seo A se etsang! Mmolelle seo
o se nahanang ka Yena.
18
THAPELO KANG E MATLENG A TSWANG MAEMONG A
DIKAROLONG TSE FAPANENG. Thapelong ya hao o tshwanetse
ho tlotlisa le ho rorisa Morena bakeng sa seo a leng sona le
bakeng sa tseo tsohle tseo A di entseng bakeng sa hao.
Baefese 1:3-14
Bibele ha e bua feela ka tlotliso, empa hape ka kgumamelo.
19
4.3 Kgumamelo (Sebedisa metsotso e 15 ho etsa sehlooho sena)
Lebitso la Segerike le sebediswang Testamenteng e Ntjha haholo ke "proskuneo".
Lentswe lena le bolela ho kgumamela haholo, o wele ka sefahleho ho ka
kgumamela fatshe. Leha ho le jwalo Lentswe lena ha le supe maemo a mmele
wa hao, empa le supa hape ho kgathalla ha pelo ya hao. Kgumamelo ka tsela eo
e bolela hape boikokobetso kapela Modimo o kgumame, ho mo neha tlhompho
bakeng sa Hae, ho lebella tsohle ho tswa ho Yena.
Ha ho motho ya lokelwang ke kgumamelo - ha ho etse taba kapa o shwele kapa o
ntse a phela. Ha ho le lengeloi le lokelwang ke ho kgumamelwa. Ke Modimo
feela ya lokelwang ke kgumamelo. (Diketso 10:25-26 /Tshenolo 19:10 le 22:8-9)
A re ke re shebeng kamoo baholo ba neng ba kgumamela Modimo ho Tshenolo.
Mosebetsi: Bala Tshenolo 4:9-11 le 11:16-18.
Boipolelong ba dibe dikerekeng tse ding ho bolelwa tse latelang ka Modimo: "O
ka ho safeleng, ha O utlwisisehe, ha O bonwe, ha O fetohe, ha O na qetello, O
matla ohle, O phethehile, O lokile, O molemo le hoba sediba se kwellang tsohle
tse molemo".
Mosebetsi: Ikaroleng dihlotshwana tse nyenyane hape.
Kgumamelang Modimo ka mantswe a 1 Timothea 1:17 le
Juda 24-25.
20
THAPELO KANG E MATLENG A TSWANG MAEMONG A
DIKAROLONG TSE FAPANENG. Kgumamelo ke karolo ya thapelo
eo kahara yona o ikokobetsang ka ho kgumama pela Modimo mme
o mo neha tlotla yohle le tlhompho.
1 Timothea 1:7
O tlameha ho etsang hape nakong eo o rapelang?
21
4.4 Boipolelo ba melato (Sebedisa metsotso e 15 sehloohong sena)
Ka tsatsi le leng nkile ka utlwa pale e monate. E mong wa basebeletsi ba polasi e
itseng o ile a ikemisetsa ho utswa tsa ramosebetsi wa hae. Tsatsing leo
'foromane' (monna ya kgethilweng bolaoding ba bang) e ile ya mo tshwara. Yaba
foromane e re ho yena: "Ha ke tlo bolella ramosebetsi hore ke wena ya
utswitseng dikgoho, empa o tshwanela ho etsa seo ke se bolelang." Monna eo o
ne a tshwanela ho hlakola dieta tsa foromane kgafetsa, a hlwekise jarete ya hae,
a mo lokisetse baesekele le ho mo adima sohle seo a se batlang (ho monna eo).
Kgafetsa kgafetsa foromane e eba le mosebetsi o motjha. Monna wa batho a
fetoha lekgoba la foromane. Lekgetlo le leng le le leng ha monna enwa a sa batle
ho etsa seo foromane e se bolelang, eba foromane e tla mo araba feela tjena:
"Ke hantle, jwale ke tla ya bolella ramosebetsi hore ke wena ya utswitseng
dikgoho." Eba monna eo o tla etsa hape seo foromane e se bolelang.
Ho ile ha ya jwalo ho fihlela ho hore dintho di fetelletswe ho monna enwa. O ile a
bona ha mokgwa o le mong wa hore a lokollohe mme ke hore a ye ho
ramosebetsi ka boyena a ipolele seo a se entseng. Yaba o ya a ipolela sebe sa
hae le molato.
Letsatsing le latelang monna eo o ile a latola ho boela e eba lekgoba la foromane.
Yaba foromane e boela e mo tshosa ka hore e tla ya bolella ramosebetsi hore ke
mang ya utswitseng dikgoho; monna eo a araba: "Ha ke sa tshaba, o ke ke wa
hlola o ntshosa kapa o ya ntlaleha. Ke ile ka bonna ho ya bolella monna ya
nepahetseng hore ke utswitse dikgoho le hore ke a inyatsa ka hoo. O ile a
ntshwarela. Jwale ha ke sa tshaba, ke lokollohile mme ha ke sa le lekgoba la
hao."
Ha o leka ho pata sebe sa hao, sebe seo se o etsa hore o be lekgoba la batho ba
bang le la satane. O a tshaba mme o batla ho ipatela Modimo jwaleka Adama le
Eva. O tshwanela ho etsang ka sebe sa hao?
Mosebetsi: A re ke re shebe hore morena Davida o ile a ipolela sebe sa hae
jwang kamora hore Morena a romele ho yena moporofeta Nathane.
Morena o ne a tseba hore Davida o bolaile mme a etsa le ditaelo tse
fosahetseng. (2 Samuele 11 le 12.)
*
Bala Pesaleme ya 51.
*
Bala hape 1 Johanne 1:7-9.
*
Ha ho ya lekana ho kopa feela qetellong ya thapelo ya hao:"... mme
o ntshwarela dibe tsa ka, Amen." Sebedisa mantswe a Pesaleme
ya 51 ho ka bolela dibe tsa itseng ka mabitso a tsona. Hlokomela
hore hape Davida ha a ka a ipolela dibe tsa hae feela, empa a
rapela ka matla hore eka Modimo o ka mothusa hore a se hlole a
etsa dibe.
22
THAPELO KANG E MATLENG A TSWANG MAEMONG A
DIKAROLO TSE FAPANENG. E nngwe ya dikarolo tseo ke
boipolelo ba sebe. O tshwanetse ho ipolela dibe tsa hao kapela
Modimo mme o Mo kope a tle a o tshwarele.
Pesaleme 51
Empa o na le tokelo hape ya ho kopa le dintho tse ding tsa Modimo.
23
4.5 Thapelo (Sebedisa metsotso e 15 sehloohong sena)
Thapelo e hlalosa hore o ikopela ho hong ho Modimo. O ka kopa ntho efe kapa
efe. O ka nna wa ikopela dintho bakeng sa hao, empa o tshwanetse hape ho etsa
thapelo bakeng sa batho ba bang. O ka nna wa rapela le dintho tsa nakwana tse
jwaleka dijo, diaparo le ntlo empa o tshwanetse ho etsa poelano le ka dintho tse
sa felang.
O tshwanela ho ka rapela batho hore ba ka pholoswa le hore ba ka ba le kutlo ho
Modimo.
Mosebetsi: Bala thapelo eo Jesu a ileng a e ruta bakeng sa barutuwa ba hae.
(Mattheu 6:9-13). Ke sefe seo ba neng ba tshwanela ho se kopa
pele, pele ho hore ba ka tla ho ditlhoko tsa bona? Bolela dintho tse
tharo:
L
L
L
O tshwanela ho kopa dintho tse bohlokwahadi pele. Ha re re jwale o mpa o batla
ho etsa thapelo ka basebeletsi ba Amose. O ka kopa Modimo ho ba
hlohonolofatsa bakeng sa bophelo bo botle le matla, ka tjhelete, dipalangwang le
morwalo o nepahetseng. Empa tseo ha se dintho tseo re di hlokang ha holoholo.
Hobane le ha re ka ba le matla le tjhelete e ngata, re ka se etse mosebetsi wa
Morena ka maphelo a rona ha a le ditshila mme a tletse dibe. O tshwanela ho
ithuta ho rapella dintho tsa bohlokwa pele.
Mosebetsi: Bula karete ya hao ya thapelo leqepheng la 8.
Bala mme le buisane ka ditaba tse tla etswa ka Mantaha. Ikaroleng
dihlopha mme le etse thapelo ka basebelletsi ba Amos ho ya ka se
ngotsweng ka bona moo.
Hopola, ha o etsa thapelo, ha o a tswanela ho ka ithapella bakeng sa ditlhoko tsa
hao tsa nakwana feela le bowena. Ho Jobo 42:10 ho ngodilwe: "Hoba Jobo a
rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a
ena le tsona Morena a mmuselletsa tsona habedi." Ho 1 Samuele 12:23
Samuele o re ho setjhaba: "Ha e le nna ho ke ke ha etsahala hore ke sitetswe
Morena ka ho phetsa ho le rapella." Ka tsela eo, ke sebe ho se rapelle ba bang.
24
THAPELO KANG E MATLENG A TSWANG MAEMONG A
DIKAROLO TSE FAPANENG. Thapelo e bolela ho kopa ntho ka
Modimo. O seke wa rapela bakeng sa hao le bakeng sa dintho tsa
nakwana feela. O tshwanela ho ithuta ho rapella ba bang le ho
kopa kaofela dintho tsa bohlokwa pele.
Mattheu 6:9-10
O tshwanela ho etsang ha Morena a utlwa thapelo ya hao mme a o neha seo o
ileng wa se kopa?
25
4.6 Teboho (Sebedisa metsotso e 15 ho etsa sehlooho sena)
THAPELO KANG E MATLENG A TSWANG MAEMONG A DIKAROLO TSE
FAPANENG, o tlamehileng thapelong e nngwe le e nngwe o lebohe Morena hape
bakeng sa tsohle tseo a o etsetsang le ho o fa tsona letsatsi le leng le le leng. Ho
etsahala habobebe hore re kope dintho tsa Morena, empa re lebale hore re
lebohe ha re se re di fumantshitswe.
Teboho ke karolo ya bohlokwa haholo thapelong. Neo e nngwe le e nngwe e
tswa ho Modimo mme re tshwanela ho Mo leboha bakeng sa hoo. (Jakobo 1:7)
Mosebetsi: Pakang mabapi le thapelo tseo Morena a e utlwileng. Qoqang ka
tsohle hodima tseo le di amohelang letsatsi le letsatsi ho tswa
seatleng sa Morena. Fana ka monyetla ho baithuti ba mmalwa ho
etsa thapelo ya teboho.
26
THAPELO KANG E MATLENG A TSWANG MAEMONG A
DIKAROLO TSE FAPANENG, Kahoo ho matleng a hao hape
bakeng sa thapelo kang ke ho leboha Morena bakeng sa dintho
tsohle tseo a o etsetsang le ho o neha tsona letsatsi le leng le le
leng.
Baefese 5:20
27
KAROLO 5 (15 metsotso)
THAPELO KA LEBITSO LA JESU KRESTE
TSEBISO HO MORUPELI: Ke batla ho hlokomedisa baithuti ka seo se
hlaloswang ka ho rapela le ho kopa ntho ka Lebitso la Jesu. Kahoo re tlilo etsa
ditshwantshiso tse tharo. Ke tshwantshise ka maemo a tsebahalang ho ao
baithuti ba tla utlwisisa hantle. O hloka babapadi ba bane. Ho totobetse hore le
wena ka bowena o ka nna wa ba emong wa ba bane.
Dibapadi:
Ramosebetsi
Mosadi wa Ramosebetsi
Mosebeletsi
Rapolasi e mong
-
Albertus (rapolasi ya
kantle ho toropo.)
Gerda
Solomone
Johan
Tshwantshiso 1:
Albertus le Solomone ba ka 'sekiring' moo ba leng maphataphate ka ho lokisa
sepeiti sa tjhefu. Ba haellwa ke diboutu tse itseng tseo ntle le tsona ba ke keng
ba phetha mosebetsi wa bona. Eba bakeng sa hae Albertus o roma Salomone ha
hae ka mosebetsi ona: "Eya ho mosadi mme o nkopele hore ke kopa a o fe
dinotlolo tsa vene le R20 e le hore o ye ho reka diboutu toropong
kapelenyana."
Eba Solomone o fihla ho Gerda mme a re: "Mmê, monghadi o kopile hore
mmê a nnehe dinotlolo tsa vene le R20 ka kopo. Ke tshwanela ho ya fumana
diboutu toropong kapelenyana, e le hore re ka lokisa sepeiti."
Tshwantshiso 2:
Ka tsatsi le leng Albertus a se teng hae, Solomone a ya ho Gerda mme a re:
"Mmê, ke batla dinotlolo tsa vene. Ke batla ho ya ithekela thipa, hobane ke
bona banna bohle ba ena le dithipa tse jwalo. O ke o mphe hape le R20,
hobane ha ke na tjhelete e lekaneng."
28
Mosebetsi: *
Ke lefe la mabaka ana a mabedi leo Solomone a ka bang le
bonnete hore Gerda a ka mo neha dinotlolo ntle le tika-tiko le
ho mo fa tjhelete? Hobaneng le tjho jwalo?
*
Nahana hape ka tshwantshiso ya pele: Gerda o ne a tla etsang
ha a ne a tseba hore Solomone ha a na botshepehi le hore
Albertus o hlotse a mmolella hore Solomone ke mokgani ya
bohlaswa hakaakang le hore ha a sa ikemiseditse ho mo roma
ka sepalangwang? Na Gerda o ne a tla neha Solomone
dinotlolo le tjhelete, leha a kopa ka lebitso la Albertus
Hobaneng le tjho jwalo?
*
Nahana hape ke tswantshiso ya bobedi: Le nahana hore
karabo ya Gerda ho Solomone e bile efe, mme hobaneng le
tjho jwalo?
Ka mehlala ena re ka ithuta ho hong hore ho bolelang ho rapela ka Lebitso la
Jesu.
Bala:
* Johanne 14:13-14
* Johanne 15:16
* Johanne 16:23-24
Jesu o ile a tshepisa hore re tla fumantshwa tsohle tseo re di kopang Lebitsong la
Hae. Ho hlakile hore ho bolelwa tsohle na? Na re ka kopa ntho efe kapa efe?
Tjhe, tshepiso ha e bolele ka ho hlaka hore o ka ikopela ntho efe kapa efe e
thabisang/monate eo o e batlang. A re ke re shebe se bolelwang.
29
5.1
O tshwanela ho kopa seo Jesu a neng a ka se kopa.
Solomone o ne a ke ke a kopa ntho efe kapa efe ka lebitso la Albertus. O ne a ka
kopa feela seo Albertus a neng a ka se kopa.
Ho rapela Lebitso la Jesu, ho bolela ho kopa dintho tseo Jesu a di batlang. Ha
Jesu a dula ho wena ka Moya o Halalelang mme le wena o dula ho Jesu, e tla ba
se bohlokwa ho Yena, hape le ho wena se bohlokwa. Eba ditakatso tsa hae hape
e tla ba ditakatso tsa hao. Ha ho le jwalo, o ka kopa ntho efe kapa efe, hobane
eba a ke re ha o batle letho le leng leo Jesu a sa le batleng.
Ho Johanne 15 ho hlakile haholo hore seo Jesu a se batlang ke sefe. O batla
hore o ka beha ditholwana e le hore o tlo halaletse Ntate. Hape haeba e le
takatso ya hao, o ka kopa ntho efe kapa efe ka Lebitso la hae mme tseba ka
tiisetso hore Yena o tla o neha seo.
Bala:
* Johanne 15:7-8
* Johanne 15:16
5.2 Hape o tshwanela ho phela ka Lebitso la Jesu
Haeba Gerda a ile a tseba hore Solomone o bohlaswa mme ha a tshepahale, o
ne a tla tseba feela hore Albertus o ne a sa tlo moroma ho kopa dinotlolo le
tjhelete. Leha eba hape Salomone a ne a kopa bana ba neng ba tla etsa hore
kopo ya hae e be lefeela / e hloke moelelo.
Hape o ke ke wa phela bohlaswa jwaleka ha o rata mme ebe feela o rapela ka
Lebitso la Jesu ho ka fumantshwa ntho eitseng. O tshwanela ho phela ka Lebitso
la Jesu. O tshwanela ho phela jwaleka Jesu. O tshwanela ho Mo utlwa nthong
tsohle. Bophelong bohle ba hao ho qala ka Mantaha ho fihlela ka Mantaha o
mong hape o tshwanela ho bontsha hore o rata Jesu mme o dula ka ho Yena.
Hape ebe o ka rapela ka Lebitso la Jesu.
Bala:
* Johanne 15: 7
* Bakolose 3:17
30
5.3 Ha o na tokelo kapa monyetla hodima hoo hore Modimo a ka tshwanela
ho o mamela, empa Jesu o ile a etsa!
TSEBISO HO MORUPELLI: Jwale le tshwanela ho etsa tshwantshiso.
Tshwantshiso 3:
Solomone jwale o ya ho mohwebi e mong, Johan. Johan o ne a esoka a kopana
le yena hohang, mme hohang ha a mo tsebe. Ho Johan, Solomone ke
moditjhaba ka ho phethahala. Yaba Solomone o kopa Johan: "Monghadi, ka
kopo, ke batla ho kadima vene ya hao ho ya reka feela ntho eitseng
toropong kapelenyana. O tshwanetse ho nneha dinotlolo tsa hao.
Mosebetsi: Na Johan o tlamehile ho neha Solomone dinotlolo?
Fanang ka mabaka a dikarabo tsa lona.
Johan ha a ikemisetsa ho neha Solomone dinotlolo. Solomone ha a na tokelo
kapa monyetla ho hang hodima vene ya Johan. Ha a motsebe ebile ha a
sebelletse yena. Ha ho letho leo solomone a ka le etsang hodima moo ho etsa
hore Johane a tle a mo kadime vene.
Lebitso la hao ka tsela e jwalo, ha le na tshusumetso lehodimong. Ha o na letho.
Ha ho letho le ka o etsetsang monyetla. Ha ho lebaka leo ka lona Modimo a
tlamehileng ho o mamela.
Empa ka Lebitso la Jesu ka mokgwa o mong. Lebitso la hae le isa tshusumetso
ho Ntate. Ntate o batla ho mamela seo Yena a se kopang, hobane Yena o bile le
kutlo ho Ntate ka ho phetheha. O ile a shwa mme a tsoha. O ile a na sohle
bakeng sa ka le wena.
Ka tsela e jwalo Ntate o mamela thapelo ya hao, empa eseng hobane e le
kgabane, eseng hobane o tseba ho rapela hantle le ka matla, hape eseng hobane
o ila haholo ha o rapela. Ho teng lebaka le leng hobaneng Ntate a o mamela
mme a o neha seo o se kopang. Ke ka hobane o kopa Lebitsong la Jesu. Ke ka
hoo Jesu a neng a kopa ebe o a fumantshwa! Yena o ile a ba le tshusumetso
hodima moo.
Kahoo ha ho tlo thusa letho ho rapela ka Lebitso lefe kapa lefe. Ha ho tlo thusa
letho ha ka bowena o ka leka ho ka kgodisa Modimo ho ka o mamela. Hape ha
ho moetapele wa Semoya, ha ho badimo kapa ha ho moporofeta wa Semoya ya
ka etsang hore Modimo a o mamele. Ha feela o phela ka Jesu, ha feela o kopa
ka Lebitso la Hae seo le Yena e leng takatso ya hae, eba ke feela ha Modimo a
tla o mamela.
Kahoo o tshwanela ho rapela ka nako tsohle ka Lebitso la Jesu!
DIKARABO TSEO E KA BANG TSONA MOSEBETSING 2 WA LEQEPHE LA 4.
*
*
*
*
*
*
*
*
*
*
*
Ke Lentswe la Modimo.
Ke ka tshusumetso ya Moya wa Modimo.
Modimo o sebedisitse batho ba tlamehang ho ngola Bibele, empa o ile a ba
bolella seo ba tshwanelang ho se ngola.
Bibele eo hlokomedisa kgahlanong le sebe.
Bibele e o supisa kamoo o tshwanelang ho phela kateng.
Modimo o bua le wena ka Bibeleng.
Ka Bibeleng Modimo o re o ratile lefatshe (nna le wena) hakaalo.
Molaetsa wa Bibele, o tla hlola o le teng nako tsohle - ke ke wa feta o le feela.
Ha o utlwa Bibele o tla fumantshwa bophelo bosa feleng.
Molaetsa wa Bibele o bohlokwa hakaalo - ho fihlella le bana ba ka o
utlwisisang!
Bakeng sa tshisa e nngwe le e nngwe bophelo ba hao, modimo o neha
karabo ka Bibele!
DIKARABO TSEO E KA BANG TSONA MOSEBETSING WA 3 LEQHEPHENG
LA 4
*
*
*
*
*
*
*
Ka ho se bale Bibele.
Ka ho se ye kerekeng.
Ka ho bala karolwana feela Bibeleng.
Ka ho bala Bibele, empa feela o sa e utlwe/mamele.
Ka ho se bolelle ba bang hore Modimo o itseng ho wena.
Ka masawana a pata Bibele, a e tamukanya, a e lahla le ho e tjhesa.
Ha o ena le mabaka ka nako tsohle bakeng sa seo Morena a o bolella sona
ka Bibeleng:
"E, empa ...." mme eba o bolela ho hong ho fapaneng.
32
KAROLO 6
PALE:
Anna ya hlomohileng o a nyakalla!
KAROLO YA LENGOLO:
1 Samuele 1:1-23
MOKOTABA:
Modimo o arabela dithapelo tsa hao ka nako tsohle.
SEPHEO:
Motho ya pholositsweng o tseba kannete mme a hopola ka nako tsohle hore
Modimo o tla arabela dithapelo tsa hao. Karabo e kaba "ee", "tjhe" kapa eba
"butle hanyenyane".
Motho ya eso pholoswe o a sonngwa ho tla ho Modimo mme a rapellwe hore
Yena o tla mo pholosa. (bapisa le Baroma 10:13)
Hape eba a ka bua le Modimo ka ntho efe kapa efe mme le yena hape o tla Mo
araba.
TATELLANO YA DIKETSAHALO:
Ketapele
1.
2.
3.
4.
5.
Anna ke nyopa.
Anna o a sonngwa.
Anna o rapella ka tempeleng.
Anna le Eli puisanong.
Anna o fumana lesea.
Qetello le phephetso.
33
KAROLO 6 (40 metsotso)
ANNA YA HLOMOHILENG O A NYAKALLA
Ketapele
A re ke re qale ka selotho. "Ka nako e nngwe ke mokgubedu, ka nako
enngwe ke mosehla mme ka nako e nngwe ke motala. Ke mang kapa ke
eng?" Haeba o se o kile wa ba motsemoholong kapa toropong e kgolo, o tla
tseba hanghang
Karabo ke roboto! Ke bomang ba seng ba kile ba bona roboto? Mebala ya
roboto e bolelang?
Bokgubedu :
Bosehla
:
Botala
:
Tjhe. Ha o a tshwanela ho feta - o tshwanela ho ema.
Butle hanyenyane - ha o a tshwanela ho iteka.
Ee. O ka nna wa feta.
Kajeno o tla ithuta kamoo mebala ya roboto e etsang motho ho nahana ka
mekgwa eo Modimo o arabang dithapelo tsa hao kateng. Na o ne o tseba,
MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE ha o Mo kopa
ho itseng Ka nako e nngwe o re "tjhe" ka nako e nngwe o re "butle hanyenyane"
mme ka nako e nngwe o re "ee".
34
MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE.
Mebala ya roboto e o thusa ho hopola hore ke ka mekgwa efe
Modimo a etsang hoo. Ka nako e nngwe o re "ee", ka nako e
nngwe o re "butle hanyenyane" mme ka nako e nngwe o re "tjhe.
Mona ka Bibeleng ke badile ka mosadi e mong ya fihlelletseng ho rapela Modimo
mme a kopa se seng ho Yena. Modimo o ile a arabela thapelo ya hae, empa ke a
kgolwa jwale o a makala ..... na o ile a re "tjhe", kapa "ee" kapa "butle
hanyenyane"?
35
6.1 Anna ke nyopa
Ho 1 Samuele 1 re bala ka mosadi eo. Lebitso la hae e ne e le Anna. Monna wa
Anna, Elkana, o ne a mo rata haholo, empa Elkana o ne a ena le mosadi e mong.
Lebitso la hae e ne e le Pennina. Pennina o ne a ena le bara le baradi ba
bangata, empa eseng Anna ha a ka a tloha a bile le ngwana. Ntho eo e ne e le
maswabi a tloha a bile le ngwana. Nakong tseo e ne a sa pepe. Anna o ne a
hlomohile ke hoo. Le yena hape o ne a lakatsa haholo ho ka ba le ngwana!
36
Anna, mosadi wa Elkana, o ne a sena bana. O ne a sa thole bana.
1 Samuele 1:2 le 5
Ho ne ho le boima ho Anna ho ka fumana bana, empa ntho e ileng ya etsa hore
bothata ba hae bo fetelle. E ne e le eng?
37
6.2 Anna o a sonngwa
Se ileng sa fetelletsa dintho tsohle hape, e ne e le dintho tseo Penina ileng a di
bolella Anna. O ile a mo soma hampe hobane a ne a sena bana hohang.
Selemo se seng le se seng Elkana le basadi ba hae, Anna le Pennina le bana
bohle hape ba Pennina, ba ne ba eya Silo. Silo e ne e le sebaka seo ba neng ba
tlisa mahlabelo a bona ho Morena mme ba ne ba Mo rapela teng.
Ha ba ne ba etsa mahlabelo, ba ne ba nka kgomo kapa konyana mme ba e hlabe.
Eba nama e tjhesetswa Modimo. Ka nako e nngwe ba ne ba tjhesa karolo ya
phoofolo feela ka ho phethahala. Ho salang eba ho jewa ke ya tlisitseng
sehlabelo kapa moprista. Ka ho tlisetsa Morena mahlabelo, batho ba ne ba
bontsha Morena kamoo ba Mo ratang. Ba ne ba etsa hoo hape ha ba bolela hore
ba inyatsa dibe tsa bona. Hobane Jesu a se a ile a jara dibe tsa ka le tsa hao, ha
ho sa hlokahala ho rona ho ka tlisa mahlabelo bakeng tsa dibe tsa rona.
(Baheberu 10:11-18)
Nakong eo Elkana le ba lelapa la hae hoba ba qete ho etsa mahlabelo ba ile ba ja
nama. Ke nakong eo ya dijo tseo hore Pennina a some Anna hampe hobane a ne
sena bana hohang. Anna o ne a le madimabe! Kgele, o ile a lla mme a sa batle
ho ja letho. Elkana o ile a etsa tsohle ho ka mo tshedisa, empa ha ho letho ho
seo a se buileng, se neng se ka mo etsa hoba lehlohonolo hape!
Bala: * 1 Samuele 1:4-8
Kgele, Anna o ne a hlomohile haholo ha Pennina a ntse a mo soma. Mohlomong
le wena hape batho ba bang ba a o soma hobane ho le teng dintho tse itseng tseo
o ke keng wa di etsa jwaleka bona. Mohlomong ba o soma hobane o sa tsebe ho
bala hantle kapa leha e le ho bala seo se ngotsweng botlolong ya moriana o
nowang. Mohlomong o a sonngwa hobane o sa tswelle ho fumana lengolo la ho
kganna. Mohlomong ba a o soma ka bana ba hao ba sa atleheng sehlopheng sa
thuto seo ba leng ho sona. Ha ho monate, a ke re! Kahoo ha o a tshwanela
hohang hape ho ka soma batho ba bang. Hoo ke ho lahlehelwa ke lerato mme ke
ntho e mpe!
Hobaneng o sa bolelle Morena? Mo kope ho ka o thusa ho batho ba o somang
hakaalo "ba kgaotse". Bua le Yena ka bothata boo o nang le bona. Hopola, o ka
bolella Morena ka thapelo, hobane o utlwisisa maikutlo a hao. O a o utlwa mme o
lakatsa ho o thusa! MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO
TSOHLE.
38
Pennina o ile a soma Anna haholo hobane a ne a sa fumane bana.
Kahoo hona ho ile ha etsetsa Anna bobe bo fetisisang le
boimahadi. Anna o ne a hlomohile haholo, hobane a ne a ena le
bothata bo boholo.
1 Samuele 1:7
Anna o ile a etsang? Na o ile a bolella Morena kamoo a ikutlwang?
39
6.3 Anna o rapela ka tempeleng
Ee, Anna o ile a tseba hore a ka bua le Modimo ka thapelo, hobane MODIMO O
ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE. Kgetlong le leng hape,
kamora hore ba qete ho ja dijo tsa sehlabelo. Anna a boela a hlomoha hape
mme a ikutlwa a le madimabe. O ile a ema mme a ya tempeleng. Moo teng o ile
a rapela ka matla mme a bolella Morena se nepahetseng e leng kamoo a
nahanang le ho ikutlwa kateng! Nako yohle, ha a ntse a rapela, o ile a lla a ba a
nna a lla! Anna a re ho Morena: "Ao, Morena ke madimabe hakaalo! A ko mphe
moshanyana hle. Ke tshepisa hore ha o re "Ee" o nkarabela thapelong ya ka,
moshanyana o tla sebelletsa wena bophelo bohle ba hae."
Bala: * 1 Samuele 1:9-11
Hobane Anna a ne a tseba Morena, o ne a ka bua ka mathata ohle a hae le Yena.
Ha o le ngwana wa Modimo, le wena hape oo ka Mo bolella ka mathata ohle a
hao. O ka bua le Yena ka ntho efe kapa efe! Mohlomong wena le mosadi wa
hao le lahlahetswe ke mosebetsi mme ha le tsebe le tla fumana tjhelete ho kae ya
ho reka dijo. Mohlomong bothata ba hao ke hore wena le ramosebetsi wa hao ha
le a tshwarana hantle. Ha o a tshwanela ho ngongoreha ka seo. Bolella Morena
ka seo - MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE.
Mohlomong ha se ka nako tsohle tseo Modimo a tlang ho araba hantle jwaleka ha
o ne o lebelletse, empa Mo tshepe. O o ratile haholo mme ke Yena ya
hlokomelang bana ba hae, ee, MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA
NAKO TSOHLE.
Haeba o esobe ngwana wa Modimo mme ka nnete o swabile ke tseo tsa dintho
tseo o di entseng, o ka nna wa bolella Morena kapelong ya hao. Mo kope ho o
tshwarela dibe tsa hao mme a o etse ngwana wa hae. Thapelong e jwalo,
Modimo o arabela kamehla e le "ee".
Bala: * Baroma 10:13
TSEBISO HO MORUPELLI: Mona ho ka etswa memo ya baithuti ba sa
pholoswang. Baithuti jwale ba tla tshwanela ho fana ka pontsho ha ba batla ho
amohela Kreste, empa hlophisa le bona hore le tla kopana nakong ya dijo tsa
motsheare kapa kamora dithuto.
40
Hobane Anna a ile a tseba Modimo, o ile a ya ka mahlomola le ka
mathata a hae ho Yena. Le wena hape o ka ya ho Morena ka
mahlomola le mathata ohle a hao ka thapelo.
MODIMO O
ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE.
1 Samuele 1:10-11
Kgele, Anna o ile a tshepa hore Morena o tla arabela thapelo ya hae ka "ee"!
41
6.4 Puisano ya Anna le Eli
Nakong eo a neng a le mane Silo ka tempeleng a rapela, moprista, Eli, o ne a
ntse a mmeile leihlo (a tadimile seo a se etsang). Anna o ne a rapela ka kgutso.
Ke dipounama tsa hae feela tseo tse neng di ntse di sisinyeha. Eli o ile a nahana
hore e se be o tahilwe. Ha a ka a tseba hore o ne a le maphataphate ka thapelo
ya mathata a hae.
Eli o ile a re ho yena: "O tla tahwa ho le hokae? A ko tsamaye pele, mme ha o se
o sa tahwa, o ka boela wa kgutla hape. "Anna o ile a mo araba:" Tjhe, monghadi,
ha ke a tahwa. Ke rapetse Morena ha telele mme ka mmolella ka moo pelo yaka
e leng bohloko kateng. Ke ile ka Mo bolella seo ke se hlokang."
Bala: * 1 Samuele 1:12-18
A re ke re shebeng mokgwa oo Morena a arabelang dithapelo tsa rona ka ona.
Hopola, MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE Ka
nako e nngwe Morena o re "ee" (jwaleka lebone le letala). Mohlomong o bile
bodutu haholo kamora ho ba oo tlohele ho nwa. Mohlomong o ile wa lahlehelwa
ke metswalle yohle ya hao. Yaba o rapela Morena hore a o nehe motswalle ya
lokileng hape eo ya sa nweng. Morena o ile a fela a o neha motswalle e motjha
kapele. Karabo thapelong ya hao ka tsela eo e bile "ee".
Kgetlong le leng karabo ya Morena thapelong ya hao "eba butle hanyenyane"
(lebone le lesehla). Mohlomong wena ka bowena kapa e mong wa bana ba hao
mosebetsi wa lahleha/fela. Ngwana eo o ne a ikemiseditse ho etsa ntho efe kapa
efe, hafela a ka fumana mosebetsi. Yaba le utlwela ka mosebetsi wa nakwana oo
ngwana wa hao a ka o fumanang mme yaba o rapela ka matla hore Morena a tle
a thuse ngwana wa hao ho fumana mosebetsi oo. Yaba o a o fumana. Kamora
beke yaba o fumana mosebetsi o motle wa nako tsohle. O a bona, Morena o
arabetse thapelo ya hao, empa o ile a re: "butle hanyenyane", hobane A batlile
ho o fumanela mosebetsi o motle bakeng sa ngwana wa hao ho feta mosebetsi
oo wena o ileng wa o kopa.
Empa ho teng dinakong tseo Morena a ka arabang ka "tjhe" dithapelong tsa hao
(lebone le lefubedu). Ntatao kapa ntatamolao ya seng a tsofetse haholo,
mohlomong o ile a kula haholo mme o ile wa kopa Morena hore a mo fodise.
Ntatao kapa ntatamolao o ntse a sa fole a ba a shwa. Ha ho utlwisisehe hore
hobaneng Morena a re "tjhe", o ka ba le bonnete hore ho tseba Yena ka ho
fetisisa. Hopola MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO
TSOHLE.
42
MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE.
Hobane a o ratile, ha a re feela kamehla "e". Ka nako e nngwe o re
"e", ka nako e nngwe o re "tjhe" ka nako e nngwe o re "butle
hanyenyane". Kahoo o ka rapela ka bolokolohi.
1 Samuele 1:15-17
A re ke re fumane kamoo Morena a ileng a arabela Anna. O ile a re "e", kapa
"butle hanyenyane"? Na Anna o tla fumana lesea kapa tjhe?
43
6.5 Anna o fumana lesea
Elkana le basadi ba hae ba babedi, Anna le Pennina yaba ba tloha Silo mme ba
kgutlela ha bona.
Mamela feela seo se ileng sa etsahala selemong se latelang .....
TSEBISO HO MORUPELLI: Emisa ha nakwana - hona ho tlisa tebello. Haeba ho
ka etsahala, o ka bapala modumo wa lesea le llang lebanteng (kassete). Hona ho
fana ka tjhesehelo e makatsang ho feta ya pele. Kapa o ikgethele e mong ho lla a
etsisa lesea le lang.
Anna o ile a fumana moshanyana eo a tla mo sika! O ile a mo reha Samuele.
Hona ho bolela hore: "ke hobane ke mo kopile ho Morena!' Kgele, Anna o ne a
thabile a tiile hore Morena o mo arabile le hore O arabile ka "ee"! Yaba Anna oo
se a tseba: MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA KA KA NAKO TSOHLE.
O seke wa tshaba ho bua le Modimo ka ntho efe kapa efe. Bua le Modimo ka
lenyalo la hao, ka ramosebetsi wa hao, bana, lefu la hao kapa ditaba tsa ditjhelete
tsa hao. Bua le Yena ka mosebetsi oo o o etsang letsatsi le leng le le leng. Kopa
Morena ho o fa tharollo ya mathata ohle a hao. Bua le Morena ka dintho tseo tse
o ferekanyang mme di o etsa pelobohloko. O tshwanetse ho di etsa, hobane o ka
ba le bonnete MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA NAKO TSOHLE.
44
Morena o ile a arabela thapelo ya Anna. O ile a re "e" mme a
fumantshwa lesea. O ka ba le bonnete hore Morena a ka arabela
hape ha o rapela. MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO KA
DINAKO TSOHLE.
1 Samuele 1:20
45
Qetello:
Anna ha a ka a lebala ditshepiso tseo a ileng a di etsetsa Morena. Re bala
Bibeleng seo a ileng a se etsa ha Samuele a ne a ka ba dilemo tse 4. "O ile a mo
tlisa e le moshanyana Silo, tlung ya Morena."
Bala: * 1 Samuele 1:24
Moo teng o ile a sebetsa mmoho le moprista Eli ka tempeleng. Samuele o ne a
rata Morena mme o ile a Mo sebelletsa.
Paleng ya Anna re ile ra ithuta: MODIMO O ARABELA DITHAPELO TSA HAO
KA NAKO TSOHLE. Ka nako e nngwe o re "butle hanyenyane".
TSEBISO HO MORUPELLI: Fana ka sebaka sa ho paka ho baithuti ba mmalwa.
E mong le e mong a bue feela ka mela e mmedi seo a ileng a se kopa, le seo
Morena a ileng a Mo arabela ho sona.
Mosebetsi: *
*
Pakang kamoo Morena a ileng a arabela dithapelo tsa lona
kateng. Bolela makgetlo moo a ileng a re "e", le makgetlo moo
a ileng a re hape "tjhe" kapa "butle hanyenyane".
Hobaneng ka nako tse ding Morena a re "butle hanyenyane.
46
*
Hobaneng ka nako tse ding Morena a re "tjhe"?
47
KAROLO 7 (30 metsotso)
HO RAPELA O LE MONG LE HO RAPELA LE BA BANG
7.1 Feela jwaleka Jesu o tshwanela ho ba le nako ya ho rapela o le mong
Jesu o ne a le maphataphate haholo. Ho ne ho le teng batho ba neng ba etla ho
Yena. Bohle ba ne ba batla ho thuswa ke Yena. Ho tseo tsohle, Jesu o ne a ipha
nako ka nako tsohle ya ho rapela.
Bala:
* Mareka 1:35
* Luka 5:15-16
Mosebetsi: Hobaneng le nahana ho ba inotshi ho hlokahala mme o rapela o le
mong?
Yaba Jesu o ruta barutuwa ba hae kamoo ho rapelwang kateng, o ile a ba
kgothalletsa ho rapela boinotshing.
Bala: * Mattheu 6:5-6
48
Hape Jesu o ile a ya rapela a le mong nako tsohle sebakeng se
kgutsitseng le se kgethehileng. Hape le wena o tshwanela ho etsa
nako ya ho rapela, kapa o ka ya kaekae moo polasing eo o dulang
ho yona moo ho se mang ya ka o bonang kapa ho o kgathatsa.
Mattheu 6:5-6
Empa ha o a lokela ho rapela o le mong feela, o tshwanela hape ho
rapela le ba bang.
49
7.2 Hape Morena o rata hore o rapele le ba bang
Ho teng mabaka a fapaneng hape a hobaneng badumedi ba tshwanela ho rapela
ba le mmoho:
* Jesu o tshepisa hore Ntate o tla re arabela ha re rapela mmoho. "Hape
ke re ho lona: Haeba ba babedi ba lona ba eba ntsweleng nthong e nngwe le
e nngwe eo ba e kopang lefatshe, ba tla e etsetswa ke Ntate ya mahodimong,
hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka Lebitso la
ka, ke teng hara bona." (Mattheu 18:19-20)
* Dikereke tsa mehleng ya pele di ne di rapela mmoho kgafetsa.
... tebellong ka Pentakonta: (Diketso 1:14)
... pele ho hore ba kgethe e mong bakeng sa Judase; (Diketso 1:24)
... nakong tsa mahlomola; (Diketso 4:24/Diketso 12:12)
... pele ho hore boPaulose ba ronngwe. (Diketso 13:3)
*
Paulose o laela ka hoo.
"Ke lakatsa hore dibakeng tsohle banna ba rapele ba phahamisitse matsoho a
senang molato, ho se kgalefo kapa ngangisano." (1 Timothea 2:8)
Ho teng mekgwa e fapaneng eo ka yona badumedi ba ka rapelang mmoho
* Ho ka bina thapelo mmoho.
Ho dithapelo tsohle tse tsebahalang tseo badumedi ka mengwahakgolo ba
neng ba di bina mmoho, ke "Ntata rona". Ho teng hape dithapelo tse ngata
tseo le ka di binang mmoho.
* Ho ka rapelwa mmoho ka bonngwe dihlotshwaneng tse nyenyane.
Ho bohlokwa hore monna le mosadi ba tlo rapela mmoho letsatsi le letsatsi.
Ho ntse ho le bohlokwa jwalo ho rapela feela le le lapa. Lelapeng bana ba
ithuta ho rapela ka ho mamela dithapelo tse etswang ke batswadi ba bona.
Lelapeng bana ba ithuta hape tokolloho ya ho rapela ba phahamisitse
mantswe ka bo bona. Ha le le batho ba bangata mmoho, le ka ikarola
dihlotswana tse nyenyane ho rapela mmoho eseng le rapele ka nako e le
nngwe le hweletsa kaofela ha lona.
* Ho rapela ka bonngwe sehlopheng o phahamisitse le lentswe.
Motho a le mong o rapela feela haholo a phahamisitse Lentswe le hore ba
bang bohle ba ka mo utlwa. Ba bang ba mametse seo motho eo a se
rapellang, mme eba ba dumellana mmoho. Le bona hape ka thapelo ya
bona. Ha le rapela bohle, le se ke la hweletsa empa le rapele ka matla.
Hopola: Ha le rapela mmoho, ha le a tshwanela hore e mong le e mong a rapelle
ntho e tshwanang le ya e mong. Haeba e mong ho tseo ka mohlala, a ile a
rapella pula, ba bang ba dumellane mmoho le yena.
50
Hape le wena o tshwanela ho rapela mmoho le badumedi ba bang,
empa ebe o tshwanela ho rapela ka bonngwe ka lekgetlo le leng e
le hore e mong le e mong a ka utlwa seo ba bang ba se rapellang
mme ba ka dumellang mmoho eba e mong ha a lokela ho boela a
rapella tsohle hape tse seng di rapelletswe. Monna le mosadi le
bona ba tshwanela ho rapela mmoho le bana ba tshwanela ho
rapela mmoho le batswadi ba bona.
Mattheu 18:19-20
51
KAROLO 8 (40 metsotso)
HO SHEBA TABA KANG KA LEIHLO LE NTJHOTJHO
8.1 Morena ha a re "e" bakeng sa dithapelo tsa boikgopolelo
Mosebetsi: Hobaneng Modimo a sa etse tsohle tseo batho ba di kopang ka
nako tsohle?
Haeba thapelong ya hao o ithapella wena ka nako tsohle ho ka fumantshwa ka
nqenngwe tse molemo, o rapela hampe. Ha o a tshwanela thapelong ya hao ho
ka kgotsofatsa boikgopolelo ba ditakatso tsa hao le boikgotsofatso.
Bala:
* Jakobo 4:1-3
* Johanne 2:15-17
52
8.2 Ha o a lokela ho sebedisa letoto la mantswe kapa wa "hweletsa"
Morena.
Bala: * Mattheu 6:7-8
Mosebetsi: Ke sefe seo le se nahanang ha Jesu a re ha le a tshwanela ho
sebedisa letoto la mantswe nakong eo le rapelang?
Temana ena e bolela hore ha o a lokela kapa ha o a tshwanela ho hweletsa empa
o rapele ka matla. Jesu hape ka nako e nngwe a ne a rapela kgafetsa bosiu
bohle. Temana e re feela ha o a lokela ho phetapheta ntho e le nngwe thapelong
hobane Ntate eo o Mo rapelang o a utlwa mme ka hoo o tseba seo o se hlokang.
Ke hantle ha o rapela ka matla le ka dineo, empa ha o a lokela ho "hweletsa"
Morena. Modimo ha o setholo mme o a utlwa, ho bona le ho tseba tsohle.
Bala: * Pesaleme 139:2 le 4
Mosebetsi: Hobaneng batho ha ba "hweletsa" Morena ka nako tse ding ha ba
rapela?
53
8.3 Seke wa phetapheta Lebitso la Morena thapelong ya hao
A ko shebe tshwantshiso e leqhepheng le latelang. Bala seo Ramosebetsi a se
bolellang Piet.
Mosebetsi: *
Ke sefe se o tenang puisanong ya ramosebetsi le Piet? Na
motho o bua jwalo? Na ho a hlokahala ho bua jwalo?
*
Ho teng batho ba sebedisang Lebitso la Morena kgafetsa
nakong eo ba rapelang. Na ho a hlokahala?
*
Bala thapelo ya Ntata rona ho Mattheu 6:9-13.
Lebitso la Morena le sebedisitswe makgetlo a makae, thapelong ena?
*
Ha o sebedisa Lebitso la Morena (Modimo/Jesu/Kreste/Ntate)
feela tjena ntle le ha ho hlokeha, kapa ntle le ho nahana ka
hobaneng o le sebedisa, ke phoso hape. Eba o etsa Lebitso la
Morena lentswe le sa reng letho, mme ha o a lokelwa ho le
sebedisa jwalo. (Eksoda/Phallo 20:7)
Ha o tlwaetse hoo hwa ho sebedisa Lebitso la Morena hangata thapelong ya hao,
o tla ke o sokole ho ka ithuta hona. Seke wa ngongoreha ka hoo. Tswelapele o
nne o rapele mme o kope Morena hore a tle a o thuse ho se etse hoo hape.
54
55
KAROLO 9 (10 metsotso)
SEBEDISA KARETE YA HAO YA THAPELO MME O BE
MORAPELLI
Thapelo ya hao e na le matla a tshebetso! Ntate o mamela ka tjantjello dithapelo
tsa bana ba hae. Kahoo ke rata ho o kgothalletsa le ho o thusa ho qala ho ka
etsa borapelli. Karete ya dithapelo e tla o thusa.
Bala: * Jakobo 5:16. Tshwaya temana ena Bibeleng ya hao.
TSEBISO HO MORUPELLI: E re baithuti kaofela ba ntshe dikarete tsa bona tsa
thapelo. Etsa karolo 1 le 2 mmoho le bona mme o ba hlalosetse kamoo karolo 4,
5 le 6 di sebetsang kateng. Etsa bonnete ba hore bohle ba tsebe kamoo karete
ya thapelo e sebetsang kateng.
Mosebetsi: *
Phetla ka kalendareng ya kgwedi. Nahana kapa ho teng
mabitso a batho kapa dintho tseo le ka di ngolang moo.
Nahana ka batho ba dulang le wena polasing. Nahana ka
mesebetsi le tshebetso tseo tse fumanehang moo polasing.
Nahana hape ka mesebetsi ya phutheho ya heno. O ka di
kenyelletsa tsohle kalendareng ya kgwedi.
*
Phetla karolo ya 5 leqhepheng la 16 le 17. O ka rapela
dithapelo tsena bakeng sa batho ba fapaneng bakeng sa hao,
metswalle ya hao, barupelli ba hao, kapa badisa ba phutheho,
ramosebetsi wa hao, bakeng sa borumuwa jwalojwalo. O ka
rapella hape batho bao mabitso a bona a ileng a kenyelletswa
kalendareng ya kgwedi.
*
Haeba o rata, o ka tadima le ditaba tsa letsatsi le letsatsi la
beke tseo o tshwanelang ho di rapella, mmoho le ditaba tse
ding tse kenyelleditsweng. O ka iketsetsa leha e le kalendara
ya beke ka bowena.
56
Mosebetsi:
*
Jwale ikaroleng dihlopha tse nyenyane bakeng sa thapelo.
*
Phetla jwale kalendara ya kgwedi. Sheba ka hara
dikwerenyana moo letsatsi la kajeno le ngotseng. Kopa
motho e mong sehlopheng ho etsa thapelo bakeng sa
tabanyana eo e itseng.
*
Phetla jwale karolo ya 5. Ha e mong le e mong a ikgethele e
nngwe ya dithapelo tse leshome le metso e mmedi eo a ka
ratang ho rapela ka yona. Etsang qeto hammoho bakeng sa eo
le batlang ho mo etsetsa thapelo mme le fane sebaka ho e
mong le e mong sehlopheng ho ka rapella taba e le 1. Ha ho
etse taba ha le sa rapella tsohle.
*
Phetla karolo ya 6. E tadime hantle seo satane a se etsang ka
maphello a batho. Rapelang hore Morena atle a timetse dintho
tseo polasing ya lona le hore thato ya hae e etswe. E mong le
e mong a rapelle hang hape taba e le nngwe kapa tse pedi
feela.
*
Phetla karolo ya 7. Moo teng o tla bona hore ho teng dithapelo
tse babatsehang ho Baefese 3:14-21 le Bakolose 1:9-14 tse
ngolweng. Batla dikarolo mme o bale seo Paulose a ileng a di
rapella diphutheho
tseo. Ebe o sebedisa mantswe le
mohopolo eo Moya o Halalelang a di fileng Paulose, ho rapela
ka yona bakeng sa batho ba kereke ya heno le phutheho ya
heno.
Mosebetsi: *
*
Na e bile thabo ho wena ho etsa borapelli ka thuso ya Bibele?
Hlalosang hobaneng ho le molemo ho sebedisa karete ya
thapelo.
57
KAROLO 10 (30 metsotso)
KE ENG SE ETSAHALANG HA O IPOLELA DIBE TSA HAO?
Boipolelo ba dibe letsatsi le letsatsi ke karolo e kgolo ya Semoya. Ha o sa ipolele
dibe tsa hao kgafetsa letsatsi le letsatsi, o ke ke wa hola Semoyeng.
Leha o le ngwana wa Modimo mme leha o hloile sebe hakaalo, ha o hlole dibe
tsohle hanghang ka nako tsohle. Hape le wena o ntse o etsa dibe. Eba hoo ha
ho etse ho qala o belaela hore ebe o pholositswe na. Na ha se toka ho ka pheta
ho etsa seo. O tshwanela ho ipolela dibe tseo ka nako tsohle mme o kope hore
Modimo a tle a o tshwarele mme a tle a o thuse ho se se etse hape.
Lebakeng lena ha o a tshwanela hape ho ipolela dibe ka kakaretso, hobane ha o
tlo tseba kamoo o ka kgaotsang ka tsona. Ha Moya o Halalelang a o hlokomedisa
ntho e fosahetseng, o tshwanela ho di bolela ka ho di kgetholla ka mabito e le
hore le wena o tle o ka di tlohela. Hopola, ho ka etsahala o hlole dibe hobane
wena jwaleka ngwana wa Modimo o shwele mme wa tsoha hape le Jesu.
(Tadima hape Buka 4, leqephe 6.3 le 6.7)
O seke wa leka wa pata dibe tsa hao. Modimo o tseba tsohle. Eo ya lekang ho
pata sebe sa hae, a seke a lebella hore o tla tsamaelwa ke tsohle hantle.
Bala: * Pesaleme 32:1-7
* Diprovebia/Maele 28:13
A re ke re tadimeng jwale seo Morena ka boyena Lentsweng la hae seo a se
bolelang ka tjhefu ya sebe.
Bala ditemana tse latelang!
1.
Pontsho eo molato wa hao o tlositsweng.
Bakolose 2:14. Ka tsela eo satane ha a sa na
sesupo sa hore wena o molato.
58
2.
Jesu o ile a o neha setlankana e le bopaki hore
Yena o lefile SETLANKANA dibe tsohle tsa hao
sefapanong le hore ha ho sa le sehlabelo.
Johanne 19:30 le Baheberu 10:18
3.
Ha o a lokela ho tshaba ho ya ho Modimo ka dibe
tsa hao, hobane Morena ha a tlo kgesa pelo e
tletseng maswabi le mahlomola. Morena a ke ke
a o furalla ha o ipolela dibe tsa hao ka
botshepehi. Pesaleme 51:19
4.
Madi a Jesu a o hlatswa sebe se seng le se
seng, ho sa kgathallatsehe kamoo di leng kgolo le
ho ba mpe kateng. 1 Johanne 1:7
59
5.
O o tshwarela dibe tsa hao le ho hlwekisa bobe
bohle ba hao ka ho bo tlosa ho wena.
1 Johanne 1:9
6.
Morena o etsa dibe tsa hao lefeela. O di hatakela
ka tlasa maoto a hae. Mikea 7:9
7.
O lahlela dibe tsa hao botebong ba lewatle - moo
di ke keng tsa boela tsa fumanwa hape.
Mikea 7:19
60
8.
Modimo ha o sa hopola dibe tsa hao hohang, o
lebala hohang ka tsona, Kahoo ha o a lokela ho
boela o nahana ka dibe tsa hao tsa pele.
Baheberu 10:17
9.
Leha mang a rata ho ka bua ka tsona hape dibe
tseo tsa hao, hoo ha ho tlo thusa letho le ha a ka
bua ka tsona, hobane Modimo o o leballetse
tsohle. Jeremia 5:20
10. `
Ha Modimo o se o ile wa o tshwarela, ha a sa
halefile. Eba o bontsha hape Lerato la Hae ho
wena mme a o hauhele.
Mikea 7:18-19
61
TSEBISO HO MORUPELLI: Ho bohlokwa hore bana ba Modimo ba seke ba
utlwisisa feela ka kutlwisiso ya bona seo Modimo a se entseng ka dibe tsa bona,
ba tshwanela hape ho inyatsa ka tsona. Ba tshwanela ka ho kgodiseha hore O
tlositse dibe tsa bona le hore ba lokollotse ka ho phethahala. Kahoo o ka
sebedisa dintlha tsena tse 10 e le metheo ya mehlala.
Iketsetse sefapano sa mapolanka e sa le pele - se seka sa eba seholo haholo.
Bolella baithuti ho ngola dibe tsa bona hodima sekgetjhana sa pampiri.
Kgomaretsa dipampiri tseo kaofela hodima sefapano. Lahlella leselanyana le
lekgubedu hodima tsona - eba o timetsa dipampiri ka ho di tjhesa mme o di lahlele
kahara letamo la metsi jwalojwalo. Baithuti ba kgodisehe hore dibe tsa bona di se
di tlositswe ho hang. Ebe o ba netefalletsa hore Modimo ha a sa tla hlola a
nahana ka tsona le hore Yena o tla ba fa lerato la hae. Hape o tla ba neha
bophelo bosafeleng e le mpho ya bona.
Wa horeng o kile a mpolella ntho e ntle ka le leng. O ile a re:
"Ha satane a o hopotsa tse fetileng, o tshwanetse wena o mo hopotse ka
bokamoso ba hae."
Ha Modimo a se a ile a o tshwarela - a tla ho etsa ha o dumela ho Kreste - o ka
etsa phetho ka tse fetileng. Ha o sa lokela ho jara sekgobo seo hape. O tla kapa
wa tshwanela ho phela jwaleka motho ya lokollotswe mme o hlole sebe ka matla a
Jesu.
Bala: * Baroma 8:33-34
Hopola, hobane Modimo a o tshwaretse dibe, le wena hape o tshwanela ho
tshwarela batho ba bang. Ha o sa etse hoo, Modimo ha a tlo o tshwarela le wena.
Ha o latola ho tshwarela batho ba bang ba o halefisitseng ka diketso tsa bona, o
mpa o iketsetsa feela bophelo bo bobe bo babang.
Bala:
* Baefese 4:32
* Mattheu 6:14-15
* Mattheu 18:21-35
62
KAROLO 11 (10 Metsotso)
MESEBETSI E TLA ETSWA HAE.
Mosebetsi 1
Seha karete ya hao ya dithapelo kahara Bibele mme o e sebedise kgafetsa ho
rapella Amos le batho ba polasi ya heno ho fihlella sepheo sa bona. Hopola,
thapelo ya hao jwaleka ngwana wa Modimo e na le matla a tshebetso. Modimo o
arabela thapelo ya hao.
Mosebetsi 3
Le haeba monna wa hao kapa mosadi wa hao e le ngwana wa Morena, le
tshwanetse ho rapela mmoho ka boikemisetso. Ha le eso etse jwalo, le
tshwanela ho qala ka hoo. Rapela hape ka maikemisetso le bana ba hao.
Mosebetsi 4
Itlhopheng ka dihlotshwana tsa dithapelo. Qoqang hammoho le baithuti ba bang.
Ha ho se sehlopha sa boikemelo ha ho hlokahale hore le etse sehlopha, seo se
tla kopana beke le beke ho ka rapela mmoho na? Le ka nna la ba batho ba bane
kapa ba bahlano.
Mosebetsi 5
Bolela pale ya Anna baneng ba hao kapa ho mang kapa mang.
63
Scarica

KAROLO 6 - amosafrica.net