Kgetha tshireletso ya bongaka e nepahetseng bakeng sa ditlhoko tsa hao Maikemisetso a thuso ya bongaka ke ho netefatsa hore o kgona ho lefella pheko eo o e fumantshwang matsohong a ngaka, sepeshelisteng kapa nakong eo o leng sepetlele. Tshireletso ya bongaka e ka arolwa ka mekgahlelo e mmedi 1 Ditjeo tse Kgolo tsa Bongaka: Ditjeo tse kgolo tsa bongaka ke pheko eo o e fumantshwang ha o le sepetlele mme e ka kenyelletsa opereishene kapa ho amohelwa sepetlele nakong ya temalo kapa ho kula. Motho o lokela ho fumantshwa tumello pele tsena di etsahala. 2 Dikuno tsa Letsatsi ka Leng: Hona ke tshireletso ya pheko e fumantshwang ka ntle ho sepetlele. Ke seo o ka se lefang ha o ilo bona Ngaka, tekolo ya meno e tlwaelehileng, ho lo bona ngaka ya mahlo kapa meriana khemisting. Ho ba setho le ditefello Mohiri wa hao o ikarabella bakeng sa tefello ya ditjeo tsa hao tsa ho ba setho moralong wa bongaka. Maano a mangata a meralo ya bongaka a fana ka tshebeletso tse kopantsweng tse kgolo tsa bongaka, tsa letsatsi ka leng le tse ding tse ekeditsweng tse jwaloka mananeo a meriana a mafu a kotsi, phumantsho ya tshwanyetso ya bongaka le dikuno tsa boleng bo ekeditsweng. Ho kgetha leano le nepahetseng ho qala ka ho lekodisisa ditlhoko tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle tsa motho ka mong. Haeba lelapa la hao etela ngaka kgafetsa, ka hoo o tla hloka tshireletso ya letsatsi ka leng e mahareng kapa ho feta mme o lokela ho nahana hape ka ho kenyelletsa ditjeo tse kgolo tsa bongaka. Ha eba o le motho ya phetseng hantle mmeleng ya sa atiseng ho ya ngakeng empa o batla phomolo maikutlong ya hore ditjeo tse kgolo tsa bongaka di tla lefellwa, o lokela ho ba le leano le fanang ka dikuno tse nyane tsa letsatsi ka leng le nang le tjhelete e lekaneng ya ditjeo tse kgolo tsa tshireletso ya bongaka. Ha o na le lefu le kotsi (le batlang pheko e tswellang ya meriana) kapa o tseba hore o ka nna wa tshwarwa ke lefu le jwalo nakong e tlang, ho bohlokwa hore o tsebe ke mofuta ofe wa tshireletso ya tlhokomelo ya mafu a kotsi eo leano leo o ikgethetseng lona le fanang ka yona. Lekola dintho tse ke keng tsa tshireletswa mme o netefatse hore o ikemiseditse ho lefella ho tswa mokotleng wa hao dintho tsena tse sa kenyelletswang, ha maemo a o qobella. Moralo wa bongaka o ka fedisa kapa wa emisa nakwana boemo ba hao ba ho ba setho tlasa diketsahalo tse latelang: • Ha ho sa fumanwa tefello ho tswa ho setho kapa mohiri nakong e dumelletsweng ho ya ka melao ya meralo. • Ha tefello e sa lefella ka ho phethahala kgwedi le kgwedi. • Ha molato o kolotwang moralo o sa lefellwe. • Ha diketso tsa boqhekanyetsi di se nkgelletswe. • Ha setho se hlolehile ho fana ka dintlha tsa sona tse nepahetseng Ha o ile wa emiswa nakwana ho ba setho, bua le mohiri wa hao ho fumana hore lebakabaka la sena ke eng mme le hore ntho di ka lokiswa jwang. Ho lokisetsa bokamoso bo phethahetseng Ho kgetha tshireletso ya thuso ya bongaka ke qeto ya bohlokwa e batlang ho nahaniswa ka hloko. Ho kgetha tshireletso e theko e tlase ka ho fetisisa e ka se be kgetho e ntle ka mehla. Sa bohlokwa ke ho netefatsa hore dintho tseo o di hlokang di tshireleditswe mme dikuno tseo ho fanwang ka tsona di ipapisitse le ditefello tseo o di lefang. Etsa nako ya ho kopana le moemedi wa SAMWUMED, e seng feela ho tla bua ka dikuno tseo leano la tlhokomelo leo o le batlang le fanang ka tsona, empa hape le ka meedi e teng le ntho tse sa kenyelletswang. Maikarabelo a ditho ke afe ho meralo ya bona ya bongaka? Le ha kwana ho bonahala eka meralo ya bongaka e jara morwalo wa melawana e beilweng ke Molao wa Meralo ya Bongaka, ditho le tsona di lokela ho ela hloko tse ba tlamang. • Botshepehi ke pholisi e nepahetseng ho di feta ha o etsa kopo ya ho ba setho sa moralo wa bongaka. Ha setho se fana ka dintlha se fosahetseng, se ka lahlehelwa ke maemo a ho ba setho. • Setho se tlameha ho netefatsa hore ditefello tsa sona di a lefshwa ho moralo wa bongaka e sa le ka nako kgwedi le kgwedi. • Setho se tlameha ho laola dikuno tsa sona ka boikarabelo, hore se tsebe ho tshireletseha selemo ho pota. • Ditseko tsohle di lokela ho lefshwa mme setho se itefella moo eleng hore mekitlane ya sona ha e a tshireletswa ka ho phethahala ka leano la sona la kuno kapa ditjeo tsa moralo. • Ditho di lokela ho beha bopaki ba mekitlane ya bona le ho sala morao moralo wa bona wa bongaka mabapi le tefello. Moo bafani ba ditshebeletso ba nehang setho mekitlane ka ho otloloha, ke boikarabelo ba setho ho netefatsa hore mekitlane e lebiswa ho moralo nakong ya dikgwedi tse nne ho tloha tsatsing la tshebeletso. Ha ebe o hloka lesedi le fetang mona ka dikuno tse fapaneng tsa SAMWUMED kapa o batla ho bua le moemedi, ka kopo ikopanye le rona ho 021 697 9500 kapa etela weposaete ya rona ho www.samwumed.org Thuso ya Bongaka: Tataiso ya SAMWUMED ya ho kgetha morero o hlwahlwa ka ho fetisisa wa tlhokomelo ya bophelo bo botle ba lelapa la hao Bohlokwa ba thuso ya bongaka Thuso ya bongaka e ka hlaloswa e le ho tsetela bophelong ba hao bo botle: maikemisetso a yona ke ho netefatsa hore o na le tshireletso ya bongaka nakong eo o e hlokang. Mona Afrika Borwa, tlhokomelo ya bophelo bo botle e fapana ho ya ka ya motheo, e fumantshwang ntle le tefo ke mmuso, ho ya ho e ikgethileng haholo e fumanehang dipetleleng tsa mmuso le tsa poraefete. Sekethara ya mmuso e fana ka ditshebeletso ho maAfrika Borwa ohle ka phumantsho ya mmuso ya bophelo bo botle, e kenyelletsang dipetlele tsa mmuso, ditleliniki le dibaka tse ding tsa bophelo bo botle. Sekethara ena e fumantshwa tjhelete ke mmuso e bile e lekolwa ke Lefapha la Bophelo bo Botle la Naha. Sebopeho sa moralo wa bongaka Meralo ya bongaka le Molao Moralo wa bongaka ha se mokgahlo o etsang tswala ebile o tsamaiswa ke Batsamaisi ba Letlole ba Boto ba kgethilweng ke ditho tse neuweng boikarabelo ba ho tsamaisa moralo ka tsela e bolokehileng hore o tle o lefelle dikuno tsa ditho tsa ona hang hang. Meralo ya bongaka e fumana meputso ya yona ho tswa ditefellong tse etswang ke ditho tsa tsona kgwedi le kgwedi. Tjhelete yohle e bokelleditsweng e sebedisetswa ho lefella ntho tse etswang ke moralo. Ditjhelete tsena di sebedisetswa ho lefella ditefello tsa bongaka tsa ditho tsa tsona, ho ipapisitse le merero ya ditho ya kuno, le ho ya ka melao ya moralo. Karolo ya tefello ya setho ka seng e ajwa ho thusa ho lefella ditjeo tse ding tse hlokehang ho tsamaisa moralo ka ho phethahala. E meng ya meralo ya bongaka e sebedisa peresente e phahameng ha kwana SAMWUMED e kgonne ho etsa hore ditjeo di dule di le tlasa diperesente tse 7. Sekethara ya poraefete e na le bafani ba tshebeletso ba ikemetseng, basebeletsi ba bongaka le dipetlele tse ka sebediswang ke mang kapa mang ya ka kgonang ho lefella tlhokomelo ya poraefete. Ntho ya bohlokwa ke ho iphumanela tshireletso ya thuso ya bongaka hang feela ha motho a kgona ho e lefella, mme o se ke wa emela mohlang o lemetseng kapa o kulang pele o ka iphumanela keletso. Ho bohlokwa ho hopola hore ditjhelete tsa thuso ya bongaka di na le moedi empa ho entswe hore di thuse ditho ka ditefello tsa bongaka ha tlhokeho ya bophelo bo botle e eba teng Ho na le mefuta e mmedi ya meralo ya bongaka: 1 Meralo e bulehileng Mofuta ona wa moralo wa bongaka o buletswe mang kapa mang ya ratang ho ka ba setho mme a bile a kgona ho lefella ditefello. 2 Meralo e Sehetsweng Moedi Meralo ena e buletswe feela dihlopha tse itseng tsa batho. Molao wa Meralo ya Bongaka (Molao wa 131 wa 1998) ke molao o laolang meralo yohle ya thuso ya bongaka Afrika Borwa. O entswe hore o nehe baahi phumantsho ya tshireletso ya bongaka, o netefatsa hore meralo ya bongaka e boemong ba ho lefa ditseko mme e neha ditho tsa yona kuno ya tlhokomelo ya bophelo bo botle e lekaneng. Ntho tse tharo tsa bohlokwa tsa molao wa Meralo ya Bongaka ke: 1. Ho fumantsha ditho moralo wa thuso ya bongaka Meralo ya bongaka e bulehileng ekeke ya hanela mang kapa mang ho ba setho, ho sa natse dilemo tsa bona kapa boemo ba bophelo. Meralo e sehetsweng moedi e ka lekanyetsa palo ya ditho ho batho ba sebeletsang mohiri ya itseng kapa indastering e itseng, empa ka hara sehlopha seo ba keke ba hanela motho ho ba setho. Ho tshireletsa meralo ya bongaka bathong ba emelang mohlang ba kulang pele e ka ba ditho, e ba le tumello ya ho beha nako e itseng pele ditshebeletso di fumantshwa. Le ha ho le jwalo, ho na le diketsahalo moo meralo e ke keng ya fana ka nako ya ho emela ditshebeletso ho kenyelletsa tse latelang: • Ha setho se fetola kgetho tsa kuno ka hara moralo. • Ha ngwana ya hlokomelwang ke motswadi a hlaha mme a ngodiswa nakong ya matsatsi a 30 ha a sa tswa hlaha. • Ha mohatsa kapa molekane a ngodiswa nakong ya matsatsi a 30 a lenyalo. • Ha setho se tsamaiswa moralong o mong ho ya ho o mong e se ka boikgethelo ka lebaka la phetoho ya mosebetsi kapa mohiri a fetola moralo. Meralo e dumelletswe ho nehelana ka kotlo ho ditho bakeng sa hoba ditho nakong eo ditshiu tsa bona di seng di ile – hangata ha ba se ba fetile dilemo tse 35. Kotlo ho bao e bang ditho nako e se e ile e ye e be ditefello tse phahameng. SAMWUMED e kgethile ho se fane ka kotlo ho bao e bang ditho morao ho nako. 2. Bonyanye ba dikuno tse kgothaleditsweng Meralo ya bongaka e tlanngwe ke melawana ya tshebetso ya Molao wa Meralo ya Bongaka ho neha ditho tsa yona bonyane ba dikuno tse itseng. Ha jwale ke mafu a 26 a kotsi a bileng a tlwaelehileng, ao hape a bitswang “mafu a PMB”, ao meralo e tlamehang ho a tshireletsa. Ho matsohong a moralo ho etsa qeto ya hore ebe tlhokomelo ya mafu ana e ka fumantshwa sekethareng ya tlhokomelo ya bophelo bo botle ya mmuso kapa ya poraefete. 3. Ditlhoko tse behelletsweng ka thoko Molao o hlalosa hore meralo e lokela ho behella ka thoko tjhelete e itseng ho netefatsa polokeho ya yona. SAMWUMED ha e sale e behelletse ka thoko tjhelete ena e bileng e fetang 25% tse hlokahalang ho bileng ho bontsha hore Moralo o tsamaiswa ka nepo ebile o ikemetse ka tjhelete.