Mongodi
Sehlopha sa Amos tlasa boetapele ba Hennie Viljoen
Ditshwantsho
Landi Roux
Phetolelo
Michael Manchu
Frans Sekhoto
Mohlophisi
Frans Sekhoto
Mohlophisi wa leqephe
Sunette Frylinck
Botaki ba leqephe
Utilisoft CC
ISBN 1-919924-03-5 (stel)
ISBN 1-919924-80-9 (vol.2)
(Kgatiso 4 - Mmesa 2008)
1
2
THUPELO YA AMOS
MOTHEO WA LENTSWE LA MODIMO
BUKA 1:
BUKA 2:
BUKA 3:
BUKA 4:
BUKA 5:
BUKA 6:
BUKA 7:
BUKA 8:
BUKA 9:
Modimo ke Morena, mme o o ratile le ha o le moetsadibe.
Ke Jesu feela ya ka o pholosang.
Ithute ho tseba Jesu haholwanyane.
O ka ba le bonnete ba hore o lopollotswe.
Botho le mosebetsi wa Moya o Halalelang.
Bala o utlwisise Bibele.
Thapelo le ho ipolela dibe tsa hao.
Paka mme o hole le bana ba bang ba Modimo.
Ho tla ha Jesu Kreste le mosebetsi wa Hae o moholo.
Hammoho le dibuka tsena tse robong tsa thupello o fumana hape BUKANA E
SENANG MANTSWE le TATAISO KA THUTA BODUMEDI POLASING (Utlwisisa,
Amohela mme o Phele).
Sepheo sa dithuto tsena ke hore batho ba rutwe motheo wa tshepiso ya Lentswe
hodima bonngwe le boitlhakiso ka mokgwa wa ho ithuta ka kutlwisiso e
amohelehang le ho fihlela tlotla ya Modimo.
Thapelo ya ka ke hore ka Moya wa Modimo e se eka ho ka thehwa nnete ya
Lentswe le tla sebediswa le dumellana le 2 Thimothea 3:15-17: "... Mangolo a
Halalelang, a nang le matla a ho o hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho
Jesu Kreste. Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo,
mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya
ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a tle a phethehe, a
kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng."
Ntshetsopele ya moleka ka Amos tlasa boetapele ba Hennie Viljoen.
Kgatiso © Hlakola 1999 AMOS AGRIMIN
3
THUTO - BUKA 2
KE JESU FEELA YA KA O
PHOLOSANG!
PULO:
Palo ya lengolo, thapelo le ditakaletso tsa
hoba mmoho.
KAROLO 1: Boikgopotso ba leqephe la gauta le le ditshila.
LEQEPHE LE LEFUBEDU: JESU
KAROLO 2: Modimo o roma Jesu Mora wa Wona.
KAROLO 3: Mmoho le Jesu tseleng ya Hae ya mahlomola.
KAROLO 4: Mesebetsi ya hlooho: Johanne 3:16.
KAROLO 5: Ke Jesu feela ya ka o pholosang, hobane ha
ho motho ya tshwanang le Yena.
KAROLO 6: Ho sheba taba ka nngwe ka leihlo le ntjhotjho.
KAROLO 7: Jesu feela
-Diketso 4:12
-1 Thimothea 2: 5
KAROLO 8 : Modimo o roma Jesu Mora wa wona, ho tla o
pholosa!
KAROLO 9 : Teko.
KAROLO 10: Mosebetsi o tla etswa hae.
4
KAROLO 1 (50 metsotso)
BOIKGOPOTSO BA LEQEPHE LA GAUTA
LE LE DITSHILA
Lekgetlong le fetileng re ile ra ithuta ho tseba Modimo ka dimelo tse itseng tse
makatsang. Re bile ra ithuta hore Modimo o reng Bibeleng ka dibe.
Mosebetsi wa boikgopotso 1:
(5 metsotso)
Ke mang ho lona ya ileng a ruta dimelo tsa Modimo ho ba lelapa la hae kapa ho
batho ba bang? Bana ba ile ba ikutlwa jwang?
Ke semelo sefe sa Modimo se ileng sa o ama ka ho fetisisa? Hobaneng o rialo?
TSEBISO HO MORUPELLI: Ho bohlokwa hantle hore baithuti ho tlohela
qalehong tsebo eo ba e sibollotseng dithutong tsa bona tlelaseng, ba e arolelane
le ba bang. Ho bohlokwa hape hore baithuti ba rutwe ho fana ka bopaki bo
bokgutshwane. Ka kakaretso ba tla be ba susumetswa ho bua haholo le ho ba le
takatso eo haholo. Moithuti o lokela ho nahana ka tlase ho metsotso e mmedi
potsong ena.
Mosebetsi wa boikgopotso 2:
(5 metsotso)
Dumella moithuti a le mong kapa ba babedi jwale hore ba ke ba hlalose Bukana E
Senang Mantswe ka bokgutshwanyane ho sehlopha sa bona.
TSEBISO HO MORUPELLI: Etsa hore o be le bonnete ba hore ka tatellano
mebala e nepahetse. O seke wa etsa hore kganyetso ya hao e be ngata e le hore
moithuti a fane ka molaetsa ka boyena hore ha a ya o arola ka nepo. Etsa hore
baithuti ba bang e be bona ba tlatselletsang mme o thuse feela moo ho
hlokahalang.
Mosebetsi wa boikgopotso 3:
(3 metsotso)
Ke bomang ba seng ba ile ba ruta ba bang ka Bukana e senang Mantswe?
Batho ba ile ba ikutlwa jwang? Na o teng ya ka fanang ka bopaki ka hona?
TSEBISO HO MORUPELLI: Hopola hang hape ka kutlwisiso hore morutwana o
na le fela metsotso e mmedi ho ka fana ka bopaki.
5
Mosebetsi wa boikgopotso 4:
(30 metsotso)
Mosebetsi wa 2 qetellong ya Buka 1 e ne e le hore moithuti e mong le e mong a
ithute thuto ya 4, 6, le 7 ya thuto ka tataiso ka bodumedi ba polasi ho itokisetsa
thuto ena. A ko dumelle e mong wa baithuti a bolele e le nngwe ya dithuto tseo
kapela tlelase.
TSEBISO HO MORUPELLI: Le ka ikgethela e le lona hore ke efe ya dithuto eo le
batlang ho nehelana ka yona. Hlokomela hore ya nehelang ka thuto a latele
haholoho ketapele ya ditshwantsho le ho etsa boikwetliso. Etsa hore nnete e
bohareng (re bua feela ka N/B) le ditshwantsho di manehwe ka mokgwa oo di tla
totobala ho baithuti. Baithuti ba tla bala karetjana ya N/B hammoho le mofani wa
thuto.
Nakong ya puisano ka sehlopha baithuti ba ka arolwa dihlotshwana mme wena
jwaleka morupelli le mofani wa thuto o tla potoloha dihlopheng tseo o fane ka
thuso le ho hlokomela hore puisano e ntlheng e nepahetseng.
Mosebetsi wa boikgopotso 5:
(7 metsotso)
Na ho na le ntho eo e mabapi le mosebetsi wa Buka1 eo ho wena e sa kang ya
utlwisiseha? Ke nako jwale ya hore o botse. Hopola hore re bua feela ka tsa
mosebetsi wa Buka 1 eo o e rutilweng. Haeba o ena le dipotso tse itseng, o
dumelletswe ho ka tla ho morupelli kapa wa mohato wa hao ka bo wena mme o
bue le yena kahoo.
TSEBISO HO MORUPELLI: Fana ka sebaka ho baithuti ho botsa seo ba sa se
utlwisiseng. O seke wa araba ka bowena potso hang feela. Fana ka monyetla oo
ka ho re baithuti ba bang ba bona taba eo ka ihlo lefe.
6
KAROLO 2
SEHLOOHO:
Modimo o roma Jesu Mora wa wona.
MOKOTABA:
Ke Jesu feela ya ka o pholosang!
SEPHEO:
Hore moithuti e mong le e mong a ithute le ho tseba ka Jesu le lerato le
leholo la hae ho batho bohle, e, hape le ho yena. Ho bitsetsa baithuti ho
dumela ho Jesu, hobane ke Jesu feela ya pholosang.
DITABA TSE TLA RUTWA:
*
Modimo o roma Jesu Mora wa Wona.
*
Jesu ke Modimo le motho.
*
Jesu o ile a phela ka kutlo.
*
Jesu o thakgisitswe.
*
Jesu o epetswe.
*
Jesu o tsohile.
*
Jesu o nyolohetse lehodimong.
*
Moya o Halalelang o romilwe.
7
KAROLO 2 (90 metsotso)
MODIMO O ROMA JESU, MORA WA WONA.
Selelekela:
Na o se o kile wa ikutlwa o nyahame? Na o se o kile wa re: "Ha ho tharollo
bakeng sa bothata ba ka! Ha ke tsebe hore nka etsang!"
Haeba o esoka o eba maemong a jwalo, nahana ka maemo a latelang kahara
oona. Ka letsatsi le letsatsi o ikutlwa o ntse o fokola eka o fokollwa ke pono. O
eba sefofu. Dingaka tsohle tseo o yang ho tsona di o bolella hore ha ho seo ba ka
o etsetsang sona. O ikutlwa o tepella hobane o hlokomela hore otlilo lahlehelwa
ke mosebetsi le hore leha o ka fumana moputso wa boqhwala kapa wa penshene,
o ke ke wa lekana ho thusa lelapa la hao, kapa hape o ipona o le ngwana
kholetjheng. Letsatsi le letsatsi o ikutlwa hore ha o sa kgona ho tswelapele
dithutong - ho ya mafelong a kgwedi .......
Jwale hang ho fihle monna ya itseng ho wena mme a o bolelle hore ho na le
ngaka ya horeng e se e ile ya atleha ho phekola mafu a tshwanang le ao a o
tshwereng. Monna eo a o bolelle hore o seke wa tshwenyeha, hobane le ha
'opereshene' e ka ja diketekete tsa diranta, o tla o lefella. O boetse oo intsha
sehlabelo hore nakong eo o tla beng o le siyo o sa sebetse o tla thusa ka ho
hlokomela lelapa la hao.
Mosebetsi: Otla ikutlwa jwang? O tla etsang ha o bona hore o ne o sa hloke
thuso e jwalo hohang?
Na o sa hopola hore ho na le nako e nngwe tlelaseng moo re ileng ra bua ka
mathata ao nna le wena re sa kang ra kgona ho itharollela oona? Re ile ra
fumana hore ha ho letho leo nna le wena re ka iketsetsang lona hore re pheme
kotlo ya dibe tsa rona le ho ka itokolla ho tsona. Haeba Bibele e ne e fella moo e
hlalosang ka kotlo ya dibe tsa kotlo ya dibe tsa ka le tsa hao eo re tlo e
fumantshwa, re ne re tla ikutlwa re nyahame. Ho ne ho tla bonahala ho se tshepo
le bokamoso bophelong bona. Na ho ne ho tla feteletsa mahlomola ka hore re
emetswe ke kotlo ya Modimo? Ka lehlohonolo re se re ile ra utlwa lekgetlong le
fetileng hore Modimo o ratile nna le wena hakaalo, hoo a bileng a etsa leqheka le
makatsang. Ha re ke re tadime leqheka leo Modimo o le entseng.
8
Ha ho letho leo o ka iketsetsang lona hore o pheme kotlo ya dibe
tsa hao. Empa hobane Modimo o o ratile, o ile wa etsa leqheka le
makatsang.
9
2.1 Modimo o roma Jesu, Mora wa Wona
Modimo o a halalela, ha a na sebe. O hloile sebe. Hape Modimo o lokile, o ke ke
wa tlohella dibe tsa ka le tsa hao feela tjena. O tshwanetse ho otla sebe. Ka
tsela eo, o teng ya tshwanetseng ho tla jara dibe tsa ka le tsa hao.
Hobane Modimo o re ratile hakaalo, ha o batle ho re otla. Lerato la Hae le
leholohadi hoo a bileng a etsa qeto ya hore ka Bowona o jare dibe tsa rona. Hore
a ka etsa hoo, o ile a tshwanela ho romela Mora wa Wona lefatsheng lena. Lena
ke leqheka le makatsang leo Modimo o ileng wa le etsa: O romela MORA wa
wona, Jesu! KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG. Ke Jesu feela ya ka
tlosang dibe tsa hao.
Kaha Modimo o ratile batho bohle lefatsheng le wena hape a o ratile, ho ngodilwe
jwalo Bibeleng. Ho Johanne 3:16 re bala:
"Modimo o ratile lefatshe hoo a le nehileng Mora wa hae ya tswetsweng a
inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a
mpe a be le bophelo bo safeleng."
Ho a makatsa! Modimo o lerato! O ntse o hopola a ke re se seng sa semelo sa
Modimo.
Ha Johanne 3:16 a re Modimo o ratile lefatshe, o tshwanela ho tseba hore
Modimo o ratile Motho e mong le e mong. Ho bolelang hore Modimo o entse
leqheka lena hobane a ratile wena. Ha ho kgathalletsehe hore o mang le hore o
eng. Ha ho kgathalletsehe hore o entse dintho tse tshosang ka bobe ho le hokae
nakong e fetileng. Ha ho kgathalletsehe hore o rutehile kapa ha o a ruteha. Ha
ho kgathalletsehe hore o mohlekefetsi wa bana kapa ha o yena. Ha ho
kgathalletsehe hore o mosweu kapa o mosootho kapa o motsho. Modimo o o
ratile! Ke ka hoo a ileng a roma Mora wa Hae, Jesu.
O romme Jesu jwalo hore a tlo o lokolla dibeng tsohle tsa hao mme a o etse
motho e motjha. KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG. O lokelwa ke ho
dumela!
Hamorao re tla ithuta temana ena e makatsang ho Johanne 3:16.
10
Jesu
Hobane Modimo o o ratile hakaalo, o ile wa o romella Mora wa
Wona, Jesu, ka ho ikgetha bakeng sa hao.
Johanne 3:16
Ke a kgolwa o a ipotsa hore hantlentle Jesu enwa ke mang?
11
2.2 Jesu ke Modimo le motho
Jesu ha se Mora wa Modimo fela, hape ke Modimo ka boYena. Leha ho le boima
ho wena hore o utlwisise, o lokelwa ke ho kgolwa, hobane kahara Bibele Modimo
o rialo ka boWona. Hape o hopole hore, Modimo ha o leshano! Ho Johanne 1:13 teng ho ngodilwe: "Tshimolohong Lentswe le ne le le teng. Lentswe le ne le le
ho Modimo, Lentswe e ne ele Modimo. Dintho tsohle di entswe ka Yena..."
Lentswe leo ho buuwang ka lona, ke Jesu.
Ho teng dikarolwana tse ngata Bibeleng tse bolelang hore Jesu ke Modimo. Ke
ka hoo Jesu a neng a fapane le batho ba bang. Ke Modimo.
Bala:
*
*
*
*
Mattheu 1:23
Johanne 10:30
Johanne 20:28
Baheberu 1:3-5
Hobane Jesu hape e le Modimo, KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG. Ha
ho motho ofe kapa ofe ya ka o pholosang. Ho teng batho ba bangata ba
dumelang hore baruti,baprista,baprofeta kapa badimo ba ka re isa ho Modimo.
Hase nnete. Ke Jesu feela, hobane ke Jesu feela eo e leng Modimo.
Jesu ha se Modimo feela, ebile ke motho. Modimo o entse mosebetsi o
makatsang. Ntle le hore Maria, mma Jesu, a sa ka a kopana hohang le monna,
Modimo wa etsa wa hore a emole. Yaba Jesu o tswalwa e le ngwana e
monyenyane lefatsheng, motseng wa Betlehema. Kahoo Jesu ke Modimo hantle,
hape ke motho ya phethahetseng. Na ha se dimakatso! Karolong ya 5 re tla bala
(Luka 1:26-38) e hlalosang taba tsena ka botlalo, mme re tla ithuta tsona.
Na o bona kamoo Jesu a ratang nna le wena ka teng? O ile a hlophisetswa ho
siya tulo e babatsehang ya lehodimo hore a tle ho batho ba baetsadibe lefatsheng
(Johanne 17:5 /Bafilipi 2:5-8). O ile a tla sebakeng sa e mong le e mong wa rona
- hape le sa hao, ho tla o lokolla dibeng tsa hao.
Hopola, KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG, hobane ke Yena feela Modimo
wa nnete le motho wa nnete.
12
Ke Jesu feela ya ka o pholosang, hobane Jesu ke
Modimo le motho.
Johanne 1:1-3 le 1 Thimothea 2:5
Jesu ha a ka a dula feela e le lesea.
Jwaleka motho hape o ile a hola le ho phela lefatsheng.
13
2.3 Jesu o phetse ka kutlo:
Jesu o phetse lefatsheng ka ho mamela Modimo. Hohang ha a ka a etsa sebe.
Sebe, o ithutile jwalo lekgetlong la pele le fetileng, hore ke ho hloka kutlo ho
Modimo. Jesu e bile motho wa pele ho etsa sohle seo Modimo o neng o mmolella
sona. Kahoo ke Yena feela ya ka tlosang dibe tsa hao le ho o thusa hore o utlwe
Modimo.
Ha Jesu a sa ntse a phela mona lefatsheng, satane o ile a mo etela ka makgetlo a
mangatanyana. Ho bolela hore satane o ne a batla hore a etse sebe. Jesu ha a
ka a mo mamela le ho etsa sebe. Jesu o ne a tlile kahoo lefatsheng ho tla lokolla
batho dibeng tsa bona. Nakong eo a ntseng a le lefatsheng ka yona, o ile a
tshwarela (tlosa) dibe tsa batho ba bangata. Ke Jesu feela ya ka etsang hoo.
Nakong eo a ntseng a le lefatsheng ka yona, o ile a tshwarela (tlosa) dibe tsa
batho ba bangata. Ke Jesu feela ya ka etsang hoo. E, KE JESU FEELA YA KA
O PHOLOSANG, le ho tlosa dibe tsohle tsa hao.
Ke sebe sefe seo o batlang hore Jesu a se tlose? Mokope e sa le kajeno hore a
tlose dibe tsa hao, mme kannete o tla etsa jwalo.
TSEBISO HO MORUPELLI: A ko re baithuti ka bo bona ba bolele mehlala ya
dintho tse mpe le tse fosahetseng. Leha ba sa ntse ba le ditlhong ba sa
phutholloha , o tshwanela ho ba botsa: Ke mang ho lona ya batlang hore .......
...... Jesu a mo tshwarele leshano lohle leo a ileng a le bua?
...... Jesu a mo tshwarele kaha a ile a seke a hlokomela bana ba hae ka
makgetlo a itseng? jwalojwalo.
A ko fane ka sebaka sa kgutso e le hore baithuti ba tle ba tlise dibe tsa bona
ho Jesu.
Hobane Jesu ka boyena hape e le Modimo, e ile ya re a sa le lefatsheng, a ruta
batho hore Modimo ke mang. Hantle-ntle o ile a dumela hore ke mang (Johanne
1:18 le 14:7-9.) Ba bang ba batho ba ile ba dumela ho Yena, empa ho bile teng
ba bangata ba sa kang ba dumela seo a se bolelang. Wena o lokela ho dumela
seo Jesu a tlileng ho re bolella sona ho tswa ho Modimo. Di ngotswe Bibeleng
mme ke nnete.
Re se re ile ra ithuta hore Modimo o matla ohle, o etsa tsohle tseo a ratang ho di
etsa. Jesu le Yena ke Modimo mme o na le matla ohle. Nakong eo a sa ntse a le
lefatsheng, o ile a etsa mesebetsi e mengata e makatsang. O ile a fodisa ba
kulang mme a tsosa ba shweleng bafung. O bile a leleka le meya e ditshila ka ho
14
e laela hore e tswe bathong. Meya e ditshila e ne e lokela ho etsa seo a e laelang
ho se etsa, e ratang kapa e sa rate. Ka le leng ho kile ha eba le mahobe a
mahlano le tlhatswana tse pedi,mme a rapela tsa eba ngata. Yaba ho eba le dijo
tse ka anelang batho ba dikete tse hlano. Ha ho makatse! Ka mesebetsi e
makatsang ya Hae o bile a bontsha hore ke Jesu Kreste ka sebele, Mora wa
Modimo. Ka tsela e jwalo o tlile ho bontsha ho hong ka hore ho tla ba jwang ka
letsatsi le leng ha Modimo a ne a leleka satane ho mo dihela diheleng le
ditlamorao tsa dibe tsa dibe tseo a ileng a di tlosa.
Hobaneng ha Jesu a ile a etsa tseo tsohle? Hobaneng a ile ba motho le ho utlwa
Modimo bophelong ba hae lefatsheng lena? O entse tseo tsohle hobane a o ratile.
O o utlwisisa jwalo haholo hakaakang hobane Yena ka boYena a ile a dula
lefatsheng. Lebaka le bohlokwahadi la hore hobaneng a ile a qetella a tlile, ke
hore a tle a o pholose dibeng tsa hao. E, KE JESU FEELA YA KA O
PHOLOSANG.
.
Ke Jesu feela ya sa kang a etsa sebe hohang. O ne a utlwa
Modimo ka nako tsohle. Kahoo ke Jesu feela ya ka tlosang dibe
tsa hao le ho o thusa hore o utlwe Modimo.
Johanne 4:34 le Baheberu 4:15
Jesu o tlositse dibe jwang?
15
2.4 Jesu o ile a hlokofatswa le ho thakgiswa
A nke ke o nonye maikuto .... E mong wa batho ba polasi o ne tahilwe haholo
Moqebelong o mong . Ntle le ho kopa tumello, a nka lori e ntjha e turang haholo
ho ya etela feela metswalle ya hae. A hlahelwa ke kotsi ka lori eo mme ha hlaha
tshenyehelo ya diketekete tsa diranta. Hobane a bile a ile a tlola le melawana e
mengata ya polasi le hodima moo a qoswa ka boshodu, ha a tlo fumana kotlo
feela, o bile o tlilo lahlehelwa ke mosebetsi wa hao. Na o ka ikemisetsa ho jara
kotlo ya hae, o be o boele o lefe molato wa hae mme wena o lahlehelwe ke
mosebetsi wa hao bakeng sa hae?
Tjhe, le kgale! O lokela ho jara kotlo ya hae. Leha ho le jwalo, ka baka la dibe tsa
rona, nna le wena re lokelwa ke kotlo. Re lokelwa ke dihele tse sa feleng. Empa
..... ke ho feng hoo Jesu a ileng a ho etsa ho neng ho lokela hore nna le wena ebe
re ikemiseditse ho ho etsa?
Bala:
*
Baroma 5:6-8 le 1 Petrose 3:18
Mosebetsi: Qoqang ka dipotso tse latelang:
*
*
Na Jesu o ile a re shwela hobane re rateha mme re lokile?
Na ho na le mokgwa o mong kapa o molemo oo Jesu a neng a ka
bontsha kamoo a ratang nna le wena?
Tlhokofatso ya Jesu ya ho qala ha e a qala pele ka thakgiso. Seriti sa sefapano
se ne se se se ile sa wela sejelong sa diphoofolo. Tlhokofatso ya Jesu ene e se e
ile ya qala kgale ho tlohela tswalong ya hae, empa e ile ya eba e boimahadi
nakong ya qetellong ya bophelo ba Hae. Batho ba ile ba mo hlokofatsa. Ba ile ba
mo shapa, ba mo soma. Ba ile ba batla leshano la ho mo kgannela thajaneng e
kantle haufi le Jerusalema. Ke moo ba ileng ba mo thakgisa! Ba ile ba mo
kgokgothella sefapanong ka dipekere mme ba mo lesela moo hore a leketle ho
fihlela a eshwa. Nakong eo ba ile ba tlisa disinyi tse neng di entse bobe bohle, ho
ba bolaya ka mokgwa o jwalo. Empa hopola hore ha ho letho le lebe leo Jesu a
neng a le entse. Ha a ka a etsa sebe. Ka tsela eo, ha se hore o thakgisitswe
hobane a ile a etsa sebe.
O thakgisitswe bakeng sa hao hore a tle a o pholose dibeng tsa hao. KE JESU
FEELA YA KA O PHOLOSANG. Na o a bona kamoo ho bileng boima kateng ka
Jesu? O ile a leketla dihora tse tsheletseng sefapanong ho fihlela a eshwa. Ha a
ne a rata, o ne a ka theoha sefapanong, empa o ne a mamela Modimo mme ka
hoo o ne a ikemiseditse ho jara dibe tsa batho bohle lefatsheng - hape ho jara, le
tsa hao. Ho 1 Johanne 1:7 ho ngodilwe hore madi a Hae a ileng a tsholoha
sefapanong, a hlatswitse dibe tsohle tsa hao. E, KE JESU FEELA YA KA O
ntshang dibeng le ho ka o PHOLOSA.
16
Hohang Jesu ha a a etsa sebe, o ne a se molato. Hape ho moo o
ne a ikemiseditse ho jara kotlo ya dibe bakeng sa ka le wena.
Kahoo madi a Hae a ile a tsholoha sefapanong le ho shwa bakeng
sa ka le wena.
1 Petrose 3:18 le 1 Johanne 1:7
Hantlentle Jesu o ile a shwa, hobane .......
17
2.5 Jesu o epetswe
Lentswe la ho qetela la Jesu sefapanong e bile le reng: Ntate, matsohong a Hao,
ke nehela moya wa ka (Luka 23:46). Yaba o a shwa. Kamora moo Josefa wa
Arimathia, eo e neng e le molatedi wa Jesu, a fumana tumello ya ho theola setopo
sa Jesu sefapanong mme a mo pata. Ka mokgwa oo Jesu o ne a shwele. Lebitla
leo Josefa a ileng a pata Jesu ho lona, e ne e le mokoti o entsweng lefikeng. O ile
a thethela lejwe le leholo ho kwala lebitla.
Ka mokgwa oo Jesu o ne a shwele!
Bangodi le Bafarisi ba ile ba kopa hore lebitla la Jesu le tshwanetse ho lebelwa.
Bala jwale hore lebaka e ne e le lefe la kopo eo.
Bala:
*
Mattheu 27:62-67
Ho etsa bonnete ba hore ho se be le a mong ya tla tlo utswa setopo sa Jesu ebe
ho thwe o tsohile, ka tsela eo ba dila lebitla mme ba beha balebedi moo. Ho dila
lebitla ho ne ho bolela hore le kwetswe ka thata hore ho se be le mang ya ka le
bulang feela tjena.
Empa, leha ba ile ba etsa tsohle tseo, ha ba a ka ba thibela mosebetsi o
makatsang! Feela seo ba ileng ba se etsa, ke hore ba reke balebedi ka ditjhelete
tse ngatangata hore ba bue leshano (Mattheu 28:11-15).
18
Hohang Jesu o ne a shwele. A patwa lebitleng le ileng la dilwa.
Ho ne ho le teng balebedi moo ho lebela hore ho se be le a mong
ya ka utswang setopo sa Jesu.
Mattheu 27:59-60 le 66.
Yaba ho etsahala dimakatso tse kgolohadi ho tsohle tse kileng
tsa etsahala!
19
2.6 Jesu o ile a tsoha
A ko inahanele. Eba o fumana molaetsa wa potlako hore o a bitswa, hobane
mora wa hao wa matsibolo o kula hampe - o bile o makgatheng a lefu. Ha o le
tseleng o be o ntse o rapela ka tshepo ya hore o mpe o fihle ka nako, ngwana wa
hao a eso hlokahale. Ha o fihla sepetlelle, o dikadike hanyane pele o ka kena. O
lebelletse tse bohloko. Jwale - ha o ntse o dikadika jwalo ho botsa 'materon 'hore
ngwana wa hao robetse ho kae, ebe o re: "Ha a yo mona. Re mo lokollotse.
Bosiung bo fetileng o ile a boela a phela hantle hape. O ile mosebetsing."
Mosebetsi: O nahana jwang, o tla etsang?
Na o ka utlwisisa hore basadi bale ba ile ba etsang ka Sontaha
hoseng? Ba ile ba mpa ba ya lebitleng le ditsweng, empa jwale, ho
hang ba kopana le seo neng ba sa se lebella e le molaetsa ka
lengeloi: Ha a yo mona, hobane o tsohile bafung, jwaleka ha a
boletse."
Bala mme le qoqe Mattheu 28:1-10
Kamora matsatsi a mararo Modimo o ile wa tsosa Jesu lebitleng. Ee, mesong ya
letsatsi la Sontaha Jesu o ile a tsoha! Lebitla le ile la sala le le feela! Jesu o
tsohile! Jesu o tsohile! O a phela! A re tjong hammoho : Jesu o tsohile! O a
phela! Jesu o ne a le matla ho feta satane mme a le matla ho feta lefu. O hlotse
lefu! A ko ipalle dikgaolo tse latelang o le hae:
*
*
Baroma 1:2-4
Baheberu 2:14-15
*
*
1 Bakorinthe 15
Tshenolo 1:17-18
Tsoho ya Jesu hase tshomo. Ha se feela motho kapa ba babedi ba pakang ka
hoo. Kamora hoba Jesu a tsohe bafung, o ile a iponahatsa ho batho ba
fapafapaneng. Batho ba bangata ba ile ba mmona, ba ile ba ba ba mo ama, ba
bua le Yena le ho ja le Yena.
Bala:
*
*
Johanne 20:19-20
Johanne 21:1
* Johanne 20:26-29
* 1 Bakorinthe 15:3-8
Ee, kannete Jesu o a phela! KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG, hobane
ke Yena a le mong ya matla ho feta lefu le kajeno o ntse a le matla ho feta lefu.
20
.
Jesu o tsohile! Jesu o a phela! Ke Jesu feela ya ka o pholosang,
hobane ke Yena feela ya bileng matla ho feta lefu esitana le
mehleng ya jwale.
Mattheu 28:6-7
Jwale Jesu o ho kae?
21
2.7 Jesu o nyolohetse lehodimong
Matsatsi a mashome a mane ka mora hoba Jesu a ile a tsoha bafung,o ile a
nyolohela lehodimong. Ho ile ha etsahala nakong eo Jesu a neng a bua le
barutuwa ba Hae. Ke moo Jesu a ileng a nyolosetswa lehodimong mahlong a
barutuwa ba Hae. Leru le ile la mo nka ka pela mahlo a bona hore ba se mo
tadime nako e telele. Hona re ho bitsa Nyolohelo. Hona ho bolela hore Jesu o
tlohile lefatsheng, o kgutletse ho Modimo Ntate lehodimong.
Bala:
*
*
Mattheu 28:16-20
Diketso 1:9-11
Jesu ke Kgosi le Morena ya phelang ka mehla, lehodimong o dutse letsohong le
letona la Modimo Ntate. Moo teng o rapella bana bohle ba Modimo. O a o tseba
mme o a o utlwisisa. A ka o thusa. A ka o tswarela dibe. E, KE JESU FEELA YA
KA O PHOLOSANG.
Hobane Jesu ka mmele oo a neng a ena le wona jwaleka motho oo ka wona a
ileng a tsoha bafung, jwale a le lehodimong, nna le wena re ka ba le bonnete ba
hore rona ba dumelang ho Yena, o tla kgutla ho re nkela lehodimong ho Yena.
22
Jesu o ile a kgutlela ho Modimo Ntate lehodimong. Moo teng o
bua le Modimo ka bohle ba dumelang ho Yena.
Diketso 1:9
le Baheberu 7:25
Na Jesu jwale o re siile re le bang?
23
2.8 Moya o Halalelang o romilwe
Pele hoba Jesu a thakgiswe, o ile a re ho barutuwa ba Hae o tla tloswa ho bona
ha nakwana, empa o tla boela a kgutla kapele. Kahoo Jesu o ne a bolela dintho
tse pedi:
1)
Ya pele ke hore ka botho ba Moya o Halalelang, Moya wa Modimo, o tla
boela a etla ho bona. Taba tsena re tla ithuta haholo ka tsona ha re ithuta ka
leqephe le hlwekileng le mabapi le ha re bua ka botho le mesebetsi ya Moya
o Halalelang.
2)
Ya bobedi kaha a bontsha ho tla ha Hae labobedi. O ile a tshepisa hore o tla
boela a etla ka boYena. Ha a tlela ho tla shwela dibe tsa batho. O tla hape
ho tla lata bana ba Hae. Taba tsena re tla ithuta haholo ka tsona ha re ithuta
ka leqephe le bolou.
Feela ho bohlokwa hore o tsebe hore kamora hoba Jesu a nyolohele lehodimong
o ile a kopa Ntate, mme Yena le Ntate ba ile ba romela Moya o Halalelang ho
rona. O ile a romela Moya o Halalelang ho tla o thusa.
Bala: Johanne 14:15-17
Moya o Halalelang o o thusa jwang? Ke Moya o Halalelang o etsang hore wena,
o dumele jwale seo ke o rutang sona. Moya o Halalelang o o ruta hore o bone
sebe sa hao ka nepo. Ke Moya o Halalelang o o thusang hore o dumele hore
Jesu o ile a shwela dibe tsa hao sefapanong. E, Moya o Halalelang o o thusa
hore o dumele: KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG.
24
o
o romilwe
hore o
o
s
Ka letsatsi la Pentakonta Jesu le Ntate ba ile ba romela Moya o
Halalelang ho rona hore e mong le e mong ya dumelang ho Jesu, o
mo thuse.
Diketso 2:1-4
25
Qetello:
Jwale o se o utlwile ka leqheka le makatsang leo Modimo o le entseng. O utlwile
tseo tsohle Jesu a o etseditseng tsona. Jwale ke batla ho o botsa: Na o a di
kgolwa tseo? Na o a dumela hore Jesu o o ratile mme o o etseditse tseo tsohle
hore a o pholose dibeng tsa hao? O tshwanetse ho dumela!
?
TSEBISO HO MORUPELLI: Haeba ho hlokeha, o ka etsa memo ya baithuti hore
ba batlang ho amohela Jesu Kreste e le Mopholosi wa bona. O ka etsa jwalo ho
fihlela KAROLONG 3. Mona o se ke wa re baithuti ba thuse ba bang. Hlophisa le
bona hore ba ka o bona moo tlelaseng ka ho toba kapa ka nako ya dijo ba tle ho
wena.
26
KAROLO 3 (60 metsotso)
HAMMOHO LE JESU TSELENG YA HAE
YA MAHLOMOLA.
Ke ka makgetlo o utlwa molaetsa wa mahlomola, lefu le tsoho ya Jesu ka
diqonwana-qonwana. Hona ho etsa hore tse kgolohadi le tsebo di o fete. Jwale
re tla sebedisa nako ya rona hore ka lekgetlo karolo yohle jwalekaha Mareka a re
ngolletse yona, re e bale kaofela mme re nahane kahoo. Nakong ena o hopole:
JESU O O ETSEDITSE TSONA!
MOSEBETSI O TLA ETSWA KE MORUPELLI: E re bohle ba batle Mareka 14.
Rapela hore Moya o Halalelang eka o ka thusa moithuti ka mong hore a tle a
phele seo a tla se fumana diketsahalong tseo Mareka a ngotseng ka tsona mona.
Bala jwale Mareka 14 ho fihlela ho 16 kapela baithuti. Ha o ntse o bala o nne o
bue mantswe ana kgafetsa: Hopola, JESU O O ETSEDITSE TSONA!
Ha o se o qetile, o tla tshwanela ho arola baithuti dihlotshwana tse hlano tsa batho
ba 5 sehlopha ka seng. Etsa bonnete ba hore sehlopheng ka seng ho na le
motho ya tsebang ho bala hantle.
Mosebetsi: Balang hape dikgaolo tseo ka dihlopha. Rapela Modimo hore ka
Mosebetsi wa Moya le Lentswe la Wona o bue le wena.
*
A ko ipehe maemong a Jesu. Nahana kamoo a neng a
tshwanela ho phela tseo tsohle. O ne o tla ikutlwa jwang haeba e ne e
le wena ya neng a tla tshwarwa jwalo - ke metswalle, baetapele ba
kereke, masole a heno le baetsadibe ba babe?
*
A ko nahane hore ha ka nako tsohle a sa ka a etsa sebe le ho se
nahana hohang.
*
O ne o tla ikutlwa jwang ha a ne a ka theoha sefapanong, empa o ne a
ke ke a ho etsa ka baka la lerato la Hae ho wena?
*
O ne a ikutlwa jwang ho siya Modimo?
*
Arolelang tsebo ya lona dihlopheng tsa lona mme le ntse le hopola,
JESU O O ETSEDITSE TSEO TSOHLE!
27
28
29
KAROLO 4 (20 Metsotso)
MOSEBETSI WA HLOOHO: JOHANNE 3:16
Selelekela:
Ho na le mekgwa e mengata eo ka yona o ka bontshang e mong kamoo o mo
ratang. Ho tea ka mohlala, ha re re o batla ho bontsha lerato ho ngwana wa hao,
monna kapa mosadi wa hao, na o bontsha jwang? (E re baithuti ba bontshe).
Lerato ho mong a hao kapa ho e mong wa basebetsi, teng o tla bontsha jwang?
(E re hape baithuti ba bontshe)
E, ho na le mekgwa e fapaneng eo o ka bontshang e mong hore o a mo rata. O
ka mo phapha-phaphatha, wa mo ngolla lengolo hore o a mo rata. Hape ka ho
thusa motho e mong o bontsha hore o a mo rata. Ka ho etsa mesebetsi e metle
le e makgethe o bontsha ramosebetsi wa hao hore o a mo rata. Le ha bana ba
utlwa batswadi ba bona, ba bontsha hore ba rata batswadi ba bona.
E, ho teng mekgwa e mengata ho bontsha e mong hore o a mo rata. Kajeno re
tla bala Bibeleng ho bontsha hore Modimo o rata nna le wena haholo.
Bala temana ena:
Johanne 3:16 Bibeleng.
TSEBISO HO MORUPELLI: E re baithuti ba e batle Bibeleng mme ba e tshwaye.
Ha temana e ntse e ithutwa, ba ka ithuta yona ka ho sebedisa selelekela
setshwantshong se leqepheng la 33.
Tlhaloso ya temana:
Modimo o ratile lefatshe hakaalo: Lefatshe ke batho bohle ba lefatsheng.
Modimo ha o a rata batho ba itseng feela haholo ho feta ba bang. Batho bohle
lefatsheng o ba ratile haholo - ha ho kgathalletsehe hore ba phela naheng efe, ba
bua puo efe, ke ba mmala ofe.
30
hoo o bileng wa le neha Mora wa wona a inotshi: Hobane Modimo o ratile e
mong le e mong wa rona hore a tle a re lokolle sebeng, o ile a roma Mora wa
Wona, Jesu, lefatsheng, Jesu o ile a itela ho shwa sefapanong bakeng sa hao,
hore o tle o seke wa tshwanelwa ke kotlo ya dibe tsa hao.
hore ba dumelang ho Yena: O lokela ho dumela hore seo Jesu a o etseditseng
sona o se etse sa hao. O lokela ho dumela le ho amohela hore Jesu o se
etseditse wena.
ba mpe ba be le bophelo bo safeleng: Ho makatsang ke hore o tla ba le
Modimo nako tsohle. O tla be o le lehlohonolo!
Tebisetso - Temana ena e bolelang ho wena?
Na o a dumela hore ehlile Jesu o tlile ka baka la hao lefatsheng? O ka ba morui
kapa mofutsana, o rutehile ka ha o tseba ho bala le ho ngola, o monna kapa
mosadi, o rapolasi kapa molaodi (voorman) kapa mosebelletsi fela - Jesu e hlile o
tlile ka baka la hao. Ha o a tshwanela ho iketsisa kapa ho iketsa eka o lokile, pele
Modimo a ka o rata. O o ratile nako yohle, ke ka hoo a rometseng Jesu. Kahoo
Jesu o tletse baetsadibe.
Na o a dumela hore Jesu o shwetse dibe tsa hao sefapanong? Ha eba o eso be
ngwana wa Modimo, bolella Jesu hore o dumela ho Yena mme o inyatsa ka baka
la dibe tsa hao (di bolele) tseo o di etseng, o tla o tshwarela. Ee, o tla tlosa dibe
tsohle tsa hao mme a o etse ngwana wa hae.
Haeba o se o le ngwana wa Modimo, e re ho Jesu o a leboha ka tsohle tseo a o
etseditseng tsona. E re ho Yena o a leboha ka ho dumela ho Yena. Mmolelle
kamoo o mo ratang! Eya o phetele ba bang ka hona!
31
Pheto ya temana:
*
Temana ena e ka bontshwa ka ditshupiso; mohl.
Modimo o: Bontsha ka ho lelatsa letsoho le le leng hodimo moyeng.
ratile: Fapanya matsoho a mabedi hodima sefuba.
lefatshe hakaalo: Bontsha ka matsoho a otlollotsweng bakeng sa
lefatshe (ho batho).
hoo o le nehileng Mora wa Wona a inotshi: Bontsha ka monwana o
le mong (wa bosupa) ho ka hlalosa inotshi.
hore ba dumelang ho Yena: Bontsha ka yona menwana ya bosupa o e
bapisitse mmoho.
ba seke ba timela: Sothela matsoho a mabedi kahare mme o a fokele
kantle/pele o ntse o sisinya hlooho.
ba mpe ba be le bophelo bo safeleng: Phahamisa matsoho ho tswa kantle
mme o a otlollele hodimo.
TSEBISO HO MORUPELLI: Jwale kaha baithuti ba fihlelletse temana, ba lokela
hore ba etelletswe hore ba etse ditshwantsho (ka buka feela, rula kapa sekotwana
sa pampiri) mme ba bolela mantswe ka hlooho. Kamora ho pheta habedi kapa
hararo, o ka kope e mong wa baithuti ho bua hakgutshwane hore temana ena e
bolelang ka ho yena. Ha o se o qetela kopa moithuti kapa bababedi ho pheta
temana ena ka bo mong.
32
Johanne 3:16
Hobane Modimo
o ratile
hakalo,
o bile wa le nea
Mora
hore e mong le e mong
ya dumelang ho
wa wona ya
tswetsweng a
innotshi
YENA
a se ke a
tim
la,
e
a mpe a be
le
bophelo
bo sa feleng
Johanne 3:16
33
KAROLO 5 (50 metsotso)
KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG,
HOBANE HA HO MOTHO YA TSHWANANG LE YENA.
Kajeno ho na le ditshebelletso tsa bodumedi tse ngata. Batho ba bangata
balatola hore ha ho na phapang pakeng tsa ditshebelletso tseo tsa bodumedi. Ba
re o ka nna wa ba Momosleme, Mohindu, Mokreste, Mobodise, Otodoko wa
Bajode. Ba re hoo ha ho etse letho. O ka ba wa fihlella Tumelo ya Afrika - le moo
ba re ho ntse ho lokile. Ba fuwa tjantjello ke hore, leha o ka rata ho latela tumelo
eitseng. Ba re ditshebelletso tsa bodumedi le tumelo di jwaleka tselana tse pedi
tsehlwang thaba. Ha ho kgathalletsehe hore o tla hlwa ka e lehlakoreng lefe,
hobane kahodimodimo tselana tseo di a kopana.
Mosebetsi: O ikutlwa jwang ka tlhahiso ena? O dumellana le yona? Haeba o
sa dumellane le yona, hlalosa hore hobaneng.
Hore ditshebelelletso tsohle di a tshwana, hoo hase letho ha e se le tswang
diheleng. Ho tobane le kganyetso eo Modimo ka boYena a e bolelang Bibeleng.
Bala:
*
Johanne 14:6
Hobaneng ha nna le wena re tla pholoswa ke Jesu feela, ka Yena feela re ka
yang ho Ntate? Ho na le mabaka a mmalwa ao o ka fanang ka ona. A re ke re
shebe mabaka ao. O tla fumana ka Tataiso ka thutabodumedi ya Polasi
(Godsdiensgids) leqephe 28. Ka nomoro ya thuto 9.
TSEBISO HO MORUPELLI: Fana ka thuto 9 leqephe 28-29 tsa Tataiso ka
Thutabodumedi ya Polasi ho baithuti. Etsa bonnete ba hore bohle ba nka karolo
puisanong. Haeba sehlopha se le seholo haholo, o ka etsa dihlotswana mme o
botse dipotso ho tsona ka ho qolleha. Wena o lokela ho ithuta e sa le pele
leqephe 6-11 hape ho Tataiso ka Thutabodumedi ya Polasi ka hloko.
Hopola hore, baithuti ba tla o latela ho seo o se etsang jwaleka sebapadi-sadiketso (rolmodel) kapela bona. Mokgwa oo o tla nehelana thuto ka ona o tla be o
ruta baithuti hore ba etse jwalo le bona. Kahoo o etse boitokisetso ka hloko mme
o ntshe molaetsa ka tjhesehello.
34
KAROLO 6 (90 metsotso)
HO SHEBA TABA KA NNGWE KA LEIHLO LE NTJHOTJHO.
6.1 Se bolelwang ke tsoho ya Jesu!
Tsoho ya Jesu ke motheho oo rona Bakreste re hahileng bohle tumelo ho ona.
Mosebetsi: Bala pele 1 Bakorinthe 15:12-19 kaofela. Paulose kgaolong eo o re
haeba Kreste a sa tsoha, ho bolela dintho tse mmalwa. Ke dife?
Temana 14: ......................................................................
Temana 14: ........................................................................
Temana 15: ......................................................................
Temana 17: .......................................................................
Temana 17: .......................................................................
Temana 18: .......................................................................
Na o a bona jwale hore ke ka baka lefe ke re tsoho ya Kreste ke motheho, ke moo
tumelo yohle ya boKreste ahilweng hodima yona? Ha eba Kreste o ne a sa tsoha,
tsohle di ne di ne di tla heleha! Empa jwale , Kreste o tsohile! Ke ka baka leo e
leng potso: Tsoho ya Hae e bolelang ho bohle ba dumelang?
1.
Tsoho ya Jesu e bolela hore HAO SA TSHWANELA HO TSHABA - leha e
le satane kapa matla a meya efe kapa efe e ditshila. Ka tsoho ya Hae o
robile matla a satane. Ha o a tshwanela ho ka thothomella meya e ditshila
ka tsela eo, hobane ha ho matla a fetang matla a Kreste (Baefese 1:20-22).
A ka o sirelletsa maemong ohle le kgahlanong le meya e ditshila le matleng
kgatello tsohle.
35
2.
Tsoho ya Jesu hape e bolela hore HA O SA TSHWANELA HO KA
TSHABA- kotlo ya Modimo. Modimo ha o sa tla hlola o ka o lahla le ho o
otla, hobane Jesu o tsohile hore nna le wena re be le tokoloho puisanong.
Ka ho tsoha Jesu o re tliseditse poelano e phethahetseng hape ho Modimo.
O tlisa kgotso hape mahareng a Modimo le motho. Bala Baroma 4:25, ho
fihlela ho 5:1. Ha o dumela ho Jesu Kreste, Modimo o a o bona mme ha a
sa bona dibe tsa hao hantle, empa o bona hantle Morena Jesu ya phelang Yena eo a seng a ile a shwa e le tefello ya dibe tsa hao. Ka hoo Modimo o
entse qeto hore bohle ba dumelang ho Kreste, E, hape le wena, o lokafatswe.
3.
Tsoho ya Jesu e bolela hape hore HA O A TSHWANELA HO TSHABA o ka
iphumana jwang o phela jwaleka ngwana wa Modimo. Batho ba bangata ba
dumela hore o o lokollotse mme wena o se o tla sala o itokisa ho feta moo ka
bowena. Kahoo ba na le tshabo hore ba amohele Jesu jwaleka Mopholosi
wa bona. Ba tshaba hore ba ke ke ba iphumana ba phela jwaleka bana ba
Modimo. Ke hantle, ka hobane Jesu a ile a tsoha, ha O SA TSHWANELA
HO NNA O TSHABA, hobane ha o a tshwanela hore ka matla a hao o leke
ho phela jwaleka ngwana wa Modimo. Ka matla ao Modimo o ileng wa tsosa
Jesu bafung ka oona, o o thusa jwalo hore o phele jwaleka ngwana wa
Modimo. Ka matla a Hae, o o tsosa jwalo hore o phele bophelo bo botjha.
Ka matla a hae a tsoho, Jesu o hlokomela hore ka tsela eo o phele jwaleka
ngwana wa Modimo (Baroma 6:4/Bagalata 2:19-20 le Baefese 1:19-20). Ka
hobane Jesu a ile a tsoha, o ka hlola dibe ka ho di tlohela.
4.
HA O A TSHWANELA hape HORE O SE TSHABE lefu (Baheberu 2:14-15).
Hoba Jesu a tsohe bafung, o hlotse lefu (Diketso 2:24). Nna le wena ha re sa
tshwanela ho tshaba lefu, hobane ke ka tumelo e mong le e mong a ka
kenang ho fihlela bophelo bo botjha le Kreste (Bafilipi 1:23).
5.
Tsoho ya Jesu hape e bolela hore HA O SA TSHWANELA HO TSHABA
lebitla. Ha ho le a mong wa bana ba Modimo ya tla ya lebitleng ka nako
tsohle. Tsoho ya Jesu ke tiiselletso ya hore ngwana e mong le e mong wa
Modimo o tla tsoha bafung (1 Bakorinte 15:35-58). Ha ho sa tla ba le a
holofetseng kapa ya nang le mahlaba, ho kula le matetetso. Hape le
bofokodi ba boqheku bo tla be bo tlositswe.
36
Ntlo e eme hodima motheho - ntle le ona e ka heleha. Tsoho ya
Jesu ke motheho oo hodima ona tumelo yohle e thehilweng
hodima ona - ntle le moo boKreste ba rona bo ka qhalana ka
bonngwe.
Ha o le ngwana wa Modimo, o ka ba le bonnete: Ha o sa tswanela
ho tshaba mme wa phela matswalong, hobane .........
* Satane le matla a meya e mebe ba hlotswe;
* Modimo o ke ke wa hlola o sa o otla bakeng sa dibe;
* Jesu ka bo Yena o o fa matla a hore o phele jwaleka
ngwana wa Modimo;
* Lefu le hlotswe;
* Mme o tla tsoha bafung.
1 Bakorinthe 15:20
37
6.2 Sontaha ke letsatsi le makatsang la mokete!
Ha ke bolele hore ena ke nyalano e felletseng ya Sabatha le Sontaha. Hantle ntle
ke mpa ke batla hore feela Sontaha se kgethehile jwang. Empa hle, ho a
hlokahala hore nke ke bolele ho hong ka Sabata.
Sabata ya Bajode:
Sabata ya Bajode ke letsatsi la bosupa la beke. Ho bolelang hore ke Moqebelo.
Ho bonahala hore Bajode ba bala nako ho qala ka hora ya botshelela mantsiboya
ho fihlela hora ya botshelela mantsiboya a le hlahlamang, Sabata ya Bajode ho
latela nako ya rona ka tsela eo, ke hantlentle hora ya botshelela ka Labohlano ho
fihlela hora ya botshelela ka Moqebelo mantsiboya. Sabata e kile ya tshwenya
batho ba boholoholo ba Iseraele ka hore ke Modimo ya hlodileng letsatsi leo, hore
ke yena ya tsosang le ho hlokomela mmopo ohle. Setjhaba se ne se tshwanela
ho hopola Sabata kahoo hore Modimo o ba ntshitse Egepeta ka diketso tsa matla,
moo e neng e le makgoba, a ba lokolla. Ka tsela eo Sabata e ne e le letsatsi la ho
keteka, empa ho salang e ne e le hore Modimo o ile wa phomola ka lona letsatsi
leo (Tshimoloho/Genese 2:2-3; Eksoda 20:8-11 le Dipolelo/Deutoronoma 5:15).
Nakong ya Testamente e Ntjha le ya Kgale Bajode ba ne ba batla hore ho tsohle
baetapele ba ditshebelletso tsa bodumedi ba sirelletse tshebelletso ya bodumedi
ba bona kgahlanong le kgahlamelo ya baheteng yaba ba etsa ka nqenngwe
melawana eo boholo ba yona e neng e le tshwanelo le thibelo.
Sontaha:
Batho ba bangata ba nahana hore Sabata ke Sontaha ke letsatsi la pele la beke.
Mosebetsi: Hobaneng re se re sa tshware Sabata, ka Moqebelo empa jwaleka
bakreste re keteka letsatsi la Sontaha?
Batho ba bangata ba re Sontaha se itshwanela le matsatsi a mang a beke.
Kahoo motho kajeno o batla a sa bone phaphang mahareng a Sontaha le
matsatsi a mang. Empa ho rona jwaleka bakreste Sontaha ke letsatsi le
ikgethang la keteko. Ka Sontaha dintho tsohle tsa bohlokwa tsa tumelo ya rona di
a etsahala.
38
1.
Jesu o ile a tsoha bafung:
*
Mattheu 28:1-6
*
Luka 24:1-7
2.
Jesu o ile a iponahatsa ho barutuwa:
*
Johanne 20:19 le 26 Matsatsi a robedi hamorao e ne e boletse e le
Sontaha sheba hapemosebetsi ho temana ya 21 oo Jesu a ileng a o fa
barutuwa ba Hae Sontaheng seo.
*
Luka 24:13-16 Ho latela temana ya 13 e ne e botetse e le Sontaha
(sheba temana 1.)
39
3.
Moya o Halalelang o ile wa theoha ka Sontaha:
*
4.
Diketso 2:1 Haeba o ena le kgatiso e Ntjha ya Bibele ya Sesotho (1989)
o ka sheba maqepheng a ka moraorao ho Tlhaloso ya Mantswe kapa le
ho Tshupane o shebe ka tlasa lentswe mekete.
O ka bala
haholwanyane tlasa sehlooho sena Pentakonta (le mohlomong hape ho
Sabatha.) O ka bona hore Pentakonta ke mokete o neng o etswa
kamora Sabata, ka tsela e jwalo ho bolela Sontaha.
Johanne o amohetse "Tshenolo" e le ka Sontaha:
*
Tshenolo 1:9-11 Letsatsi la Morena leo ho buuwang ka lona mona, e ne
e le hape Sontaha.
40
5.
Bakreste ba pele ba ile ba kopana hammoho e le Sontaha:
*
Diketso 20:7
6.
Ka
Sontaha dikabelo di ne di behelwa ka thoko:
*
1 Bakorinthe 16:1-2
Ho tswa karolwaneng ena ya Mangolo ka ho qolleha eo ho fannweng ka yona, ho
tshwaneleha hore Sontaha e ebe hantle letsatsi le kgethehang. Ke letsatsi leo ka
lona le tshwanelang ho thaba ka lona le ho etsa mekete hobane Jesu a ile a tsoha
ka lona le Moya O Halalelang re o filwe ka lona.
41
Mokreste o lokela ho sebedisa letsatsi la Sontaha jwang?
Haeba ka tsela eo o etsa qeto hore Sontaha o tla se sebedisa, o tshwanela hore
sebakeng sa pele o nahane ka tsohle tseo ho latela Lentswe le re bolelletseng tse
ileng tsa etsahala ka Sontaha. O lokela le ho hopola hore Sabata e entswe ke
eng hore e be letsatsi le ikgethileng. O ka etsa jwalo ka Sontaha o tshwanela hore
ho tsohle o nahane hore ke ka lona Modimo o ileng wa o lokolla - kahoo o
tshwanela ho kgaotsa ho etsa dintho tseo e leng dibe ka mefuta ya tsona, ho sa
kgathatsehe hore ke letsatsi lefe la beke. Ka lena la Sontaha Modimo o batla ho
o bolella hore o tshwanela ho phomola mesebetsing yohle e ditshila, ka mantswe
a mang, o tshwanela ho kgaotsa ka yona. Ha ho sa hlokahala hore o latele
melawana yohle ya ho etsa le ho thibela ya Bajode eo ba ileng ba e amahanya le
Sabata, hore o se e phethe ka Sontaha. Ha o a lokela ke ho iketsetsa melawana
le melao e sehlopha bakeng sa Sontaha.
Mosebetsi : *
Na nna le wena re ka boela ra etsa Sontaha letsatsi le
ikgethileng jwang - letsatsi la ho keteka le la menyaka?
*
Na nna le wena, re ka pakela lefatshe jwang hore Jesu o tsohile
ka Sontaha?
*
Na nna le wena, hore ka letsatsi la Sontaha re ka pakela
lefatshe jwang hore Moya o Halalelang o phela ho rona le hore
tokoloho eo e leng mpho ya ba bakreste e a makatsa?
42
6.3 Paseka ke letsatsi leo o tshwanelang ho bolella bana ba hao seo
Modimo o ileng wa se etsa!
TSEBISO HO MORUPELLI: E re baithuti ba qoqe pele ka mokete wa Paseka.
Fumana hore ba tseba ho le hokae ka yona. Hobaneng re bua ka mokete wa
Paseka? Mokete wa Paseka o tswa kae? Re keteka mokete wa paseka jwang,
hobaneng? Hobaneng re bua ka Labohlano le Molemo le Sontaha sa Paseka?
Ho tseba ha bona haholo, e tla ba ba o boloketse nako yaho tshwanela ho etsa
karolo ena. Etsa bonnete bo fetisang hore mokete wa paseka e be seo Modimo o
se etseditseng setjhaba sa Wona ka bo batsi, a ho beha. Mokete wa paseka ha o
a tshwanela ho sala o le meyeng jwaleka ketsahalo e arohileng.
Jwaleka sekapuo sena: "Modimo wa bo ntata rona Abrahama, Isaka le Jakobo."
mona feela ho tla mpe ho sebediswe, hobane ho bohlokwa ho baithuti ba ntseng
ba itshwarelletse boikanong ba bo ntata bona hore le Bibeleng ho buuwa ka
Modimo wa bontata bona, eseng ka bontata bona.
O se o ile wa utlwa le ho bala ka makgetlo moo ho buuwang ka "Modimo wa
Abraham, Isaka le Jakobo." Ho Tshimoloho/Genese 12 re bala kamoo Morena a
ileng a bitsa Abrahama mme wa hloma selekane le yena kateng. O ile a re o tla
ba Modimo wa Abrahama le ho mo hlohonolofatsa. Morena o ile a tshepisa
Abrahama hore o tla mo etsa setjhaba se seholo. Morena o ile a tshepisa
Abrahama hore o tla mo etsa setjhaba se seholo. Morena a tiisa hoo hape ka
hore: "ditjhaba tsohle di tla hlohonolofalla ho wena." Isaka ke mora wa
Abrahama. Jakobo ya eba mora wa Isaka. Lebitso la Jakobo hamorao le ile la
fetolelwa ho Iseraele. Ke ka bara ba leshome le metso e mmedi ba Jakobo
(Iseraele) bao hamorao e bileng meloko e 12 ya Iseraele (O ka ipalla ho
Tshimoloho/Genese 49 le Joshua 13 ho fihlela ho 19.)
Bara ba Jakobo ba ile ba honohela Josefa, e mong wa bana ba bo bona. Ba ile
ba re ntatabona o mmehile kapele. Ba ile ba mo rekisa jwaleka lekgoba mme ba
bolella ntata bona hore sebata se mo harotse. Kahoo ha etsahala hore Josefa a
be a fihle Egepeta. Hobane Modimo a mo hlohonolofatse, hamorao e bile
mmusisi wa Egepeta. O ne a bile a le molaodi wa pokelletso ya mediko ya koro.
Nakong eo ha eba komello e kgolo naheng eo Jakobo le bara ba hae ba phelang
ho yona,Jakobo a roma bara ba hae Egepeta ho ya reka koro. Ka mokgwa oo
bona le ntata bona ba boela ha teana le Josefa mme qetellong ba ba ba dula
Egepeta. Ba ile ba nna ba ata ho fihlela e eba setjhaba se seholo sefelletseng.
Ba ile ba fetoha makgoba a Baegepeta.
43
Mokete wa Paseka:
Setjhaba sa Iseraele se ile sa phela dilemo tse 430 Egepeta. Yaba Morena o
batla ho ba isa naheng ya bona. O ile a kgetha Moshe ho etella setjhaba pele ho
tswa Egepeta. Morena o ile a otla Baegepeta ha boima hobane Faro (morena wa
Egepeta) a ne a sa batle ha Baiseraele ba ka falla. Dintho tse mpe tseo Modimo
o ileng wa etsa hore di etsahale, di bitswa dikotlo (Eksoda 7-10.)
Kamora hoba Morena a otle Baegepeta ka dikotlo tse leshome, o ile a re ho
Moshe hore lapa le leng le le leng Iseraeleng ka letsatsi leo la tlokotsi hore
malapa a bona a tle a totobale ho lokelwa hore ba hlabe konyana e selemo se le
seng mme ba tlotse dikosene tsa mamati ka madi a yona. Setjhaba se boele se
bese nama ya yona mme ba e jelelle ka mahobe a senang ditomoso hammoho le
dinoko tse babang. E bile letsatsi la Paseka kapa mokete wa Paseka. Tsatsing
leo Morena o ile a tlohella matsibolo a Baegepeta ho shwa, empa matlong a
BaIseraele moo ho tlotsitweng madi dikoseneng, a feta feela. Bana ba bona ha
ba a ka ba shwa. Yaba Faro o tlohela setjhaba hore se falle. Setjhaba jwale sa
tshwanela hore selemo le selemo ba keteke mokete wa Paseka e le sehopotso sa
seo Modimo o ba etseditseng sona, kamoo a ileng a ba ntsha Egepeta moo e
neng e le makgoba. Ba ne ba tshwanela ho sebedisa monyetla ona ho bolella
bana ba bona ka seo Modimo o ba etseditseng sona.
O TSHWANELA HORE LE WENA O BOLELLE BANA BA HAO hore Modimo
ha o a ka wa lokolla setjhaba sa Wona sa Iseraele bokgobeng feela, ka matla a
Wona, empa o ntse a ena le matla a ho lokolla wena le bana ba hao sebeng.
Mosebetsi: Bala Eksoda 12:1-3 hape, le temana 24-30 le temana 40-51.
Madi a konyana ya Paseka, eo masapo a yona a sa kang a kgaoha, a ile a tlosa
dibe tsa bona.
44
Jesu o ile a thakgiswa nakong ya Mokete wa Paseka:
Ka dilemo tse ngata Mokete wa Paseka o ntse o tshwarwa Jerusalema. Jesu le
barutuwa ba Hae ba ile ba ya Moketeng wa Paseka Jerusalema le bona.
Nakong eo ba ile ba bala nako e le hora ya botshelela mantsiboya ho isa nakong
ya botshelela mantsiboyeng a le hlahlamang. Jesu le barutuwa ba hae le bona ba
ile ba tshwara mokete wa paseka ka mokgwa o sa tlwaelehang le bona
mantsiboya e le Labone. Nakong eo Jesu o ile a hloma selallo (Luka 22:7-2).
Kamora moo ba ile ba ya serapeng sa Gethesemane moo Jesu a ileng a
tshwarwa teng. O ile a qobokiswa bosiu bohle mme a thakgiswa ka Labohlano
hoseng. Tsohle di ile tsa etsahala ka Mokete wa Paseka, ka ho swabela hona
Baetapele ba Bajode ba etsa hore hona ho se etswe kahara Mokete wa Paseka
(Mareka 14:1-2) Modimo o ile wa etsa qeto ya hore Jesu a shwe ka letsatsi la
Mokete wa Paseka! Johanne o hlalosa hantle ha a re Jesu e bile Konyana ya
Paseka. Ka ho totobala ho Johanne 1:29. Jesu o bitswa Konyana e tlosang dibe
tsa lefatshe. Ho Johanne 19:30-37 ho ngotswe tlhaloso e felletseng e mahareng
a Jesu le konyana ya paseka ka hore masapo a yona ha a ka a robjwa (Johanne
19:33 le 36 hape le Eksoda 12:46).
O TSHWANELA HORE LE WENA O BOLELLE BANA BA HAO Jesu o ile a
thakgiswa Jerusalema nakong ya Mokete wa Paseka hore ke mokgwa oo hore a
ba jarele kotlo ya dibe.
Keteko ya Mokete wa Paseka:
Ka Jesu Kreste, Konyana ya Modimo madi a yona a pholositse bophelo ba ka le
ba hao. Ka madi a Hae o re pholositse, bao re neng re le makgoba a sebe, ra
tswa ka matla a hae. Ha nna le wena re keteka Mokete wa Paseka, ha re sa
nahana ka tokoloho ya Baiseraele bokgobeng Egepeta. Ha ho sa hlokahala hore
re hlabe diphoofolo hore re tle re tlotse matlo a rona ka madi a tsona. Tjhe,
nakong ya Mokete wa Paseka re hopola topollo ya rona dibeng ka madi a Jesu
Kreste. Ke konyana ya rona ya Paseka. Ke Yena eo ka madi a Hae a ileng a
pholosa maphelo a rona le ho re ntsha matleng a sebe. Ha re sa ja dijo tsa
Paseka jwaleka Bajode, re keteka Selallo.
Ha o nka bohobe, o tshwanela ho hopola hore mmele wa Jesu o ile wa "robjwa"
ho fedisa dibe tsa hao ka ho phethahala. O tshwanela hore ka nnete o dumele.
Hape ha o nka veine o enwa, kahoo o lokela ho hopola madi a theko e thata a
ileng a phalla ho fumantshwa tshwarelo ya dibe tsa hao. Le ka hoo kannete o
lokela ho dumela. Ha ho sa na sehlabelo se seng bakeng sa dibe tsa ka le tsa
hao (Baheberu 10:11-18).
45
O TSHWANETSE HO BOLELLA BANA BA HAO hore Jesu o hlomme Selallo
bakeng sa letsatsi la paseka. O tshwanetse ho ba bolella hore bohobe le veine di
re bolella/bontsha mmele le madi a Morena Jesu Kreste.
Kahoo re se re bua ka Mafelobeke a Paseka bakeng sa Mokete wa Paseka oo re
balang ka oona Testamenteng ya Kgale. Labohlano leo Jesu a ileng a
thakgiswa ka lona, re le bitsa Labohlano le Molemo, hobane ka baka la seo
Modimo a ileng a se etsa, ka ho fa nna le wena ditaba tse makatsang. Jesu o
jarile dibe tsa ka le tsa hao. Sontaha sa Paseka, ke Sontaha seo Jesu a ileng a
tsoha ka sona, bafung. Hobaneng ho le bohlokwa hakaalo, o ile wa ithuta pejana
ha re ne re bua ka letsatsi la Sontaha.
Mosebetsi: *
Qoqang ka diketsahalo tse latelang: Mokete wa Paseka o ama
bana ba Modimo ha bohlokwa, feela jwaleka bohlokwa ba
letsatsi la Kresemese. O ikutlwa jwang?
*
Mafelobeke a Paseka a ile a eba ho batho ba bangata
mafelobeke a malelele a menyaka. Na nna le wena re ka
keteka Mokete wa Paseka jwang hore ba sa dumelang ba tle
ba fumane letho la molaetsa wa topollo ho Kreste ka
kutlwisiso?
*
Bajode ba tshwanela nakong tsena ba sebedise monyetla wa
Mokete wa Paseka e le pontsho ho ba ba bona ka ho hlalosa
seo Modimo o ba etseditseng sona. Na o se o ile wa hlalosetsa
bana ba hao ka seo Modimo a se etseditseng wena le bona?
*
Dikereke tse ding le dihlopha tsa ditshebelletso tsa bodumedi di
tshwara Mafelobeke a Paseka e le mokete o moholo. Ho ntse
ho tswelwapele ka ho jewa hamonate le hoba mmoho tulong e
ikgethang bakeng sa ho etsa ka molaetsa wa Paseka.
-Kerekeng ya hao, ho bohlokwa ka mefelobeke a paseka ke
eng?
*
Le dumellana mmoho ka molaetsa wa Bibele, ka ho qolleha o
motho feela o pholositswe ke Jesu?
46
reng
*
Hobaneng o sa thibele batho ba kereke ya heno ho hlaba dikgomo,
dipodi le dinku bakeng sa tshebelletso eo nakong eo?
*
(O tla ithuta ho thuto 10 ya Tataiso ka Thutabodumedi ya Polasi e
tla o thusa ho fana ka karabo e nepahetseng tsa hona.)
Qalehong ke ile ka o bontsha hore Modimo o ile wa re ho Abrahama ho yena ho
tla tswa ditjhaba tsohle tse tla hlohonolofalla ho yena. Ba leloko la Abrahama ke
Baiseraele. Setjhabeng sena ke moo ho ileng ha tswalwa Jesu Kreste. Ditjhaba
tsohle di hlohonolofalla ho Jesu, hobane ka lefu la hae le tsoho ya hae ho tlile
phethoho e kgolohadi. Jwale ha ho sa le bao ho ka thweng ke moloko wa
Abrahama bao e leng setjhaba sa Modimo. Jwale bohle ba dumelang ho Jesu
Kreste ba bitswa bana ba Abrahama mme jwale ke setjhaba se setjha sa Modimo
(Bagalata 3:7-9 le Tite 2:14).
Ka tsela eo ha o dumela ho Jesu, o na le kabelo lehlohonolong leo Abrahama a
seng a ile a le fuwa. Ebe ha ho etse taba hore o wa setjhaba sefe, morabe ofe,
kapa wa mofuta ofe. Ha ho kgathalletsehe hore o bua puo efe. Ha o dumela, o
nka seabo ho setjhaba se setjha sa Modimo se ileng sa bitswa ho tla bolela ka
diketso tse makatsang tsa Modimo - ho ba dumelang ho se ileng sa etswa ho
Yena. Moketeng wa Paseka wane wa Jerusalema (1 Petrose 2:9). Ha o dumela
o na le tokoloho ya ho sebedisa Selallo le bana ba bang ba Modimo le ho ka
bolela ka mokgwa o pepenene oo Modimo o ileng wa o sebedisa diketsong tsa
tokoloho.
O TSHWANELA HO BOLELLA BANA BA HAO ha ba dumela ho Jesu, le bona
ke karolo ya setjhaba se setjha sa Modimo. Jwale ba tshwanela ho ya bolella ba
bang ka molaetsa ona o makatsang wa Mokete wa Paseka hore Jesu o se a re
lefelletse dibe tsa rona sefapanong.
47
KAROLO 7 (40 metsotso)
JESU FEELA
Leqhephe le lefubedu la Bukana e Senang Mantswe le o ruta hore wena o le
mong o pholositswe ke Jesu.
Kahoo Johanne 14:6; Diketso 4:12 le
1Thimothea 2:5 e eng bohlokwa hakaalo. Ka tsela e jwalo ho a hlokahala hore o
di tshwaye Bibeleng ya hao le hore o tla di fumana kae ha o di batla. Kahoo re tla
etsa papadinyana ena kapelenyana.
TSEBISO HO MORUPELLI:
*
Mmoho ha re batleng le ho tshwaya Johanne 14:6 Bibeleng tsa rona.
Bala temana habedi kapa hararo mmoho mme le e bale le
phahamisitse mantswe.
-Botsa hore bohle ba utlwisisa temana mme ha ho hlokahala ba sa
utlwisise e hlalose.
A ko re a le mong a bolele hore temana eo e reng ho yena.
*
*
Etsa jwalo le ka Diketso 4:12 le ho 1 Timothea 2:5.
Jwale arola sehlopha dihlopha tse pedi mme bohle ba kwetse Bibele tsa
bona. Ha ba a tshwanela ho kenya matshwaong a ditemana tsa bona letho.
Molemo ke hore ba ntshe matshwao a dibuka ka Bibeleng haeba a kentswe.
Ho sebe letho leo ba le kentseng Bibeleng ho tshwaya hore e se kwalehe.
Jwale ho ka qalwa papadi:
-O bolela temana (mohl. Diketso 4:12). Baithuti jwale ba ka phetla mme
ba e batle ka potlako. Moithuti ya e fumanang pele, o tshwanela ho
ema. Ebe o bala temana eo Bibeleng. Haeba a ile a e batla le ho e bala
ka nepo, sehlopha sa habo se fumana ntlha. Efa ba bang sebaka sa ho
nna ba e batla ba be ba e fumane ba ka boela ba e bala hape haholo.
-Phetapheta ho fihlela temana ka nngwe e batlwa makgetlo a ka bang
mabedi e bile e balwa.
-Bala hape e nngwe ya ditemana Bibeleng, ntle le hore na e ngodilwe
ho kae. Jwale eba baithuti ba tla nka qeto hore e ngodilwe ho kae le ho
e batla. Dintlha di fanwa jwalekaha ho boletswe hodimo mona.
Hona moo o ka boela wa botsa e mong hore temana eo e bolelang.
Tlhaloso ka mohlala o motle ho tla fuwa ntlha ya tlatsetso (bonus)
-Sehlopha se nang le dintlha tse ngata ke bahlodi, empa ha re bolele ka
hore se hlotse kapa se hlotswe. Empa e be taba ya hore se utlwisitse,
se bapetse karolo, se batlile temana le pheto ya tsona.
*
48
KAROLO 8 (40 metsotso)
MODIMO O ROMA JESU MORA WA WONA,
HO TLA O PHOLOSA.
O se o ithutile dintho tse ngata ka Jesu. Jwale re tla boela re di pheta mmoho
hakgutshwanyane mme re qoqe ka tsona hamonate. Hopola, diphetapheto tsena
di a hlokahala hore o tle o hopole tsohle hantle. Di thusa le baithuti bao e bang
ha ba tsebe ho bala hantle . Ho molemo ka ho fetisisa ha ba ithuta ka tlelaseng.
Kakaretso ka Jesu re tla e fumana thutong ya bo - 8 ya Tataiso ka Thutabodumedi
ya Polasi (leqephe 26-27). Karolo e tshwanang le eo e tla tla leqepheng la 8-9 la
bukaneng eo e leng Bukana E Senang Mantswe e le tlhaloso.
TSEBISO HO MORUPELLI: Fana jwale ka thuto 8 leqepheng la 26-27 la Tataiso
ka Thutabodumedi ya Polasi ho baithuti. Etsa bonnete ba hore bohle ba nka
karolo. Haeba sehlopha se le seholo haholo, o ka ba arola dihlotshwana tse
nyenyane mme o qale ka ho botsa dipotso. E ba le bonnete ba hore o ile wa
ithuta ho leqephe 6-11 la Tataiso ka Thutabodumedi ya Polasi hantle. Haeba o se
o ile wa etsa jwalo lekgetlong le fetileng, ho ka ba molemo hore o ke o le phete
hape. Pheto eo e tla etsa hore thuto ya hao e be e hlwahlwa ka ho fetisisa.
Hopola, baithuti ba tla latela seo o se etsang jwaleka sebapadi-sa-diketso
(rolmodel) kapela bona. Mokgwa oo o tla ruta ka ona, ke ona mokgwa oo ba tla
etsisa ka ona. Etsa boitokisetso ba thuto hantle mme o fetisetse molaetsa wa
thuto hantle e le o phelang ka tjhesehelo, ho baithuti. Hopola, mekgwa ya thuto
ya utlwa, bona bua mme o etse.
49
KAROLO 9 (30 metsotso)
PAPADI YA HO FUPUTSA.
Kgopolo yohle ka papadi ena ke hang hape ho hatella nnete e bohareng hore
Jesu a ka o pholosa. Kahoo sefapano se entsweng ka dikarete se na le se
ngodilweng ka nnete e bohareng e leng ka bofubedu, mme nnete e hanyetsang e
ngodilwe ka botsho. Papadi ena e ka 'domino' ho tloha qalong ka ho hlophiswa.
Sefapano seo dikarete di tla bokellwa hodima sona, se mahareng a buka ena ya
thuto. E mong le e mong o tla fumana leqephe le sa kgomaretswang moo ho tla
ntshwa dikarete ho lona. Boloka dikaretjana se sehilweng kahara mokotlana wa
banka (o entsweng ka polasitiki) wa tjhelete.
TSEBISO HO MORUPELLI: Itokisetse mme o etse tse latelang:
*
Etsa hore sekere kapa tse pedi di be teng tlelaseng ka kopo hle mme o
hlophise hore baithuti ba hle ba sehe dikaretjana tsa bona pele ho nako.
*
Arola baithuti ka dihlotshwana tsa 7 ho isa ho 9 tsa batho sehlopheng ka
seng. Sehlopha ka seng se leka lekane ka palo ya batho, hore sehlopha ka
seng se be le mohlahlobii se tla mo hlahisa pele. Kamora moo ebe sehlopha
se arolwa dihlopha tse pedi - sehlopha 1 le sehlopha 2.
*
Sehlopha ka seng jwale se be le dikaretjana tse seng di sehilwe.
Tshwakanya dikaretjana tse sehilweng mme o di etse qubu e le hore
mongolo wa tsona o shebe ka tlase. Nako le nako dihlopha di tla nka karete
ho qala e kahodimo.
*
Sehlopha ka seng se tla sebedisa buka ya moithuti a le mong wa sona mme
ba e butse bohareng moo ho takilweng sefapano.
*
Sehlopheng se seholo jwale ho se ho ena le dihlotshwana tse tla bapala
kgahlanong le se seng. Leha dihlotshwana di ka bapala ka nako e le nngwe.
*
Wena jwaleka morupelli o tla botsa dipotso (tse leqhepheng la 52)
dihlotshwaneng tse fapaneng. Kamora hoba sehlotshwana se arabe potso
ka nepo, jwale moetapele wa sehlopha o fumantshwa monyetla wa ho nka
karetjana (nako le nako ba nke e ka hodimodimo).
50
*
Mohlahlobi wa sehlopha ka seng o lokela ho hlahloba dikarabo tsa dihlopha
tsa bona ka ho sheba karabo kamora buka ena ya thuto (leqepheng 54).
Haeba ho hlokahala a ka nna a ba thusa baithuti bao hore ba fumane karabo
e nepahetseng ka botlalo kapa ho ba atametsa e le hore ba mpe ba nke
karolo le bona papading ena.
*
Karetjana e tla behwa pele, e tshwanela ho kgubedu ka hlakoreng le leng,
hore e bape le bokgubedu ba sefapano ka tlase ho sona. Sebaka moo
karetjana ya pele moo e tla behwa, se bontshitswe hantle hodima sefapano.
*
Leano ke hore bofubedu pela bofubedu, botsho pela botsho mme bohlweki
pela bohlweki ka ho behwa. Haeba karetjana ya pele mohl.
bofubedu/botsho(mohlomong mantswe a mang a fetotswe hore bofubedu
bolebane le bofubedu), hobolelang hore motho ya tla nka karetjana e latelang
e be e ntsho.
*
Mahareng a sefapano ho tshwaneleha hore dikaretjana tsohle tse tlang
hammoho moo, ka tsela ya bofubedu, kapa botsho, kapa bohlweki di
nyallane.
*
Haeba sehlotswana se nka karetjana eo ba ke keng ba e beha e loketse, o
tshwanela ho tshwara karetjana eo bakeng sa e tla latela ho ka bapala ka
yona. O tshwanela ho dula jwalo a e tshwere hofihlela a ka e beha. Kamora
moo ho tla latela potso sehlotshwaneng se seng.
*
Sehlotshwana ha se a tshwanela ho ka beha karetjana ya sona (eo se e
tshwereng) ha feela ho ntse ho ena le dikaretjana qubung e entsweng. Hang
haeba ho se ho se dikaretjana qubung, sehlotshwana se ka qala sa sebedisa
karetjana eo se e tshwereng, ka ho e kgetha ho e beha moo e lokelang
sefapanong.
*
Haeba ho se ho se dikaretjana qubung, mme sehlotshwana se se se sena
dikarete tseo di se tshwereng, sehlotshwana se seng se ka ba bapalla ka tsa
sona.
*
Kamora potso e nngwe le e ngwe ka tsela eo, ho lokelwa hore ho behwe
karetjana, ka hore sefapano se tle se tlatswe ka dikaretjana ka dipotso tse
robedi.
*
Sehlotshwana se tshwereng dikaretjana tse nyenyane kapa se sa di
tshwarang ho hang, ke sona bahlodi. Empa hopola, mahlong a Jesu re
bahlodi kaofela.
51
*
Baithuti ba seke ba bala dikarabo kapa dipotso dibukeng tsa bona pele.
Dibuka tsohle di tshwanelwa ho kwalwa, ntle ho eo e butsweng karolong ya
sefapano moo dihlopha di tla bapalla teng. Ha e le mohlahlobil sehlopheng
ka seng yena a bule buka ya hae leqepheng la 54 moo e leng dikarabo.
*
Ha potso e botswa ba sehlotswana sa 1, bohle ba dihlotshwana tsa 1 ba
lokela ho sebetsa mmoho ho fana ka karabo. Jwalo feela le ha potso e
lebisitswe sehlotshwaneng sa 2. Sehlotshwana sa 2 sa sehlopha se seng le
se seng se lokela ho sebetsa mmoho ka nako e le nngwe.
POTSO 1 (Sehlopha 1):
Modimo o ile a etsa leqheka le makatsang ka ho
romela Jesu lefatsheng. Hobaneng e le Jesu feela ya
ka o pholosang.
POTSO 2 (Sehlopha 2):
Jesu o ile a etsang tsohle nakong eo a ntseng a le
lefatsheng a phela?
POTSO 3 (Sehlopha 1):
Hobaneng ha Jesu a ile a thakgiswa?
POTSO 4 (Sehlopha 2):
Ke mang ya etsang hore o dumele hore Jesu o shwele
bakeng sa hao?
POTSO 5 (Sehlopha 1):
Tsoho ya Jesu e bolelang ho wena?
POTSO 6 (Sehlopha 2):
Hobaneng o tla tshwanela ho keteka letsatsi la
Sontaha e le le kgethehang?
POTSO 7 (Sehlopha 1):
Ke bomang bohle ba lokelwang ke ho amohela Selallo
mme ke bafe ba sa lokelang?
POTSO 8 (Sehlopha 2): A ko bolele temana efe kapa efe e bolelang hore
motho a ka pholoswa ke Jesu feela.
(Dikarabo tsa dipotso tsena di kamorao bukeng ena
leqepheng la 54.)
52
KAROLO 10 (10 metsotso)
MOSEBETSI O TLA ETSWA LAPENG.
Mosebetsi 1
Eya ikwetlisa hape hore molaetsa wa Bibele mmoho le Bukana e Senang
Mantswe o ka o fetisa jwang ho bolella ba bang ka bokgutshwane.
Hopola, o ka iphumanela Bukana e Senang Mantswe ho Amos ka ho e romella.
Dibukana di tla ka dipuo tse fapaneng mme o ka di reka ka R6 e le nngwe.
Haeba o reka kgatiso tse 100 kapa ho feta, e tla ba R5 kgatiso kang. Le le
sehlopha le ka buisana hore le romelle tse ngata hore le tle le lefe hanyenyane.
Mosebetsi 2
Moithuti e mong le e mong a bale thuto 8, 9 le 10 ya Tataiso ka Thutabodumedi
ya Polasi bakeng sa boitokisetso ba thuto e tla latela. Baithuti ba dulang nqa e le
nngwe, ba ka kopana mmoho mme ba etsa thuto 10. Ho tla ba hantle ha le ka
arolelana le batho ba bang.
Mosebetsi 3
Tsamaya o ye tshwara Thutabodumedi le ba lelapa la hao. Ba bolelle ka leqheka
le makaatsang leo Modimo o ileng wa le etsa (sebedisa ditshwantsho tse ho
KAROLO 2). Ba bolelle hore ke ka baka lang Sontaha e le letsatsi le kgethehang
(sebedisa dintlhakgolo tse 6 le setshwantsho se ka leqepheng 39-41). Ruta nako
eitseng leqephe le le leng feela kapa setshwantsho.
Mosebetsi 4
A ko ye o botse batho ba mmalwa hore na ebe letsatsi la Sontaha ba a tseba hore
le kgethehile. A ko shebisise tsohle tseo batho ba di etsang ka Sontaha. Na o ka
tiisa hore letsatsi la Sontaha le kgethehile haholo ho bona?
Sebedisa dipotso e le monyetla wa hore o ye ho paka kgahlanong le batho ba
tikoloho ya heno. Seke wa fana ka tshwanelo le thibelo tse ngata letsatsi la
Sontaha haholo. Paka kase seholo le se makatsang seo Modimo o ileng wa se
etsa ka Sontaha. O tla tla o re bolella hore batho ba ile ba etsang hoba ba utlwe
seo o ba bolellang.
53
DIKARABO TSA DIPOTSO TSE HO PAPADI YA HO FUPUTSA
1.
Ke Jesu feela eo e leng motho le Modimo. Ke Jesu feela ya senang sebe
mme ka tsela eo a ka tseba ho (batho ba tletseng dibe) pholosa. Jesu o a
phela, o ile a tsoha bafung.
2. Jesu o ne a utlwa Modimo mme o entse tsohle tseo Modimo o neng o di
batla. O ile a ruta batho hore Modimo ke mang le hobaneng a ile a romela
Mora wa Wona lefatsheng. O bile a etsa mesebetsi e makatsang. O bile a
tshwarela dibe tsa batho jwalojwalo.
3.
O ile a jara dibe tsa batho bohle. Jwale ha ho sa hlokahala hore mang kapa
mang a jare dibe tsa hae, hobane Jesu o se a entse.
4.
Moya o Halalelang.
5.
Jesu o a phela - Ke mohlodi! Ha o sa tshwanela ho tshoha/tshaba.
*
Jesu o hlotse satane!
*
Jesu o hlotse lefu.
*
Ha o dumela ho Jesu, ha o sa lokela ho tshaba hore Modimo o tlo o otla
- o se a o buelletse ka topollo.
*
Morena Jesu ya tsohileng o neha nna le wena matla a hore re be bana
ba Modimo ka ho mo phelela.
*
Ngwana e mong le e mong wa Modimo o tla tsoha lebitleng ka mmele o
halaleditweng.
(Moithuti a ka bolela tse tharo feela - ba bang ba tla tlatselletsa.)
6.
*
*
*
*
*
*
7.
Ke feela batho ba dumelang ho Jesu Kreste le bao e leng bana ba Modimo,
ba ka sebedisang Selallo - bao feela ba amohelang hore Yena o shwele ka
baka la bona ebile o tsohile. Ba sa dumelang le batho ba sa kgathalleng ho
tlohela dibe ho di etsa, ba seke ba sebedisa selallo. Ha bana kabelo
mmeleng le mading a Jesu.
Johanne 14:6 kapa Diketso 4:12 kapa 1 Timothea 2:5.
8.
Jesu o tsohile bafung.
Jesu o ile a itlhahisa ho barutuwa ba hae.
Moya o Halalelang o ile wa tsholloha ka Sontaha.
Johanne o ile a ba a amohela "Tshenolo" e le ka Sontaha.
Bakreste ba pele ba ile ba tla mmoho e le Sontaha.
Ka Sontaha dikabelo di ne di behelwa ka nqa e le nngwe.
(Moithuti a ka bolela tse ka bang tharo feela - tse setseng di ka bolelwa
ke ba bang.)
54
TSEBISO - YA BOHLOKWA
DIFILIMI TSA JESU
Difilimi tsa Jesu di bopa karolo ya monyetla thupelong e latelang. Haeba ho se
moo le ka fumanang difilimi teng, le ka di kadima ho Amos. Ikopanye le rona ka
potlako haeba le batla 'vidio' le difilimi. Mohlomong le ka ithekela 'vidio' ka bolona.
Ke tsena di aterese tse pedi moo o ka botsisisang ho tsona:
*
*
Bybel Media: Kerkstraat 54
Wellington
7655
Tel. (021) 873 3851
Jesus Projek: Privaatsak x 74
Halfway House
1685
Tel.: (011) 315 2342
55
Scarica

Book 2 - amosafrica.net