Mongodi Sehlopha sa Amos tlasa boetapele ba Hennie Viljoen Ditshwantsho Landi Roux Phetolelo Michael Manchu Frans Sekhoto Mohlophisi Frans Sekhoto Mohlophisi wa leqephe Sunette Frylinck Botaki ba leqephe Utilisoft (cc) ISBN 1-919924-03-5 (stel) ISBN 1-919924-81-7 (vol.3) (Kgatiso 4 \ Mmesa 2008) 1 2 THUPELO YA AMOS MOTHEO WA LENTSWE LA MODIMO BUKA 1: BUKA 2: BUKA 3: BUKA 4: BUKA 5: BUKA 6: BUKA 7: BUKA 8: BUKA 9: Modimo ke Morena, mme o o ratile le ha o le moetsadibe. Ke Jesu feela ya ka o pholosang. Ithute ho tseba Jesu haholwanyane. O ka ba le bonnete ba hore o lopollotswe. Botho le mosebetsi wa Moya o Halalelang. Bala o utlwisise Bibele. Thapelo le ho ipolela dibe tsa hao. Paka mme o hole le bana ba bang ba Modimo. Ho tla ha Jesu le mosebetsi wa hae o moholo. Hammoho dibukathuto tsena tse robong o fumana BUKANA E SENANG MANTSWE le TATAISO KA THUTABODUMEDI YA POLASI - Utlwisisa, Amohela mme o Phele (Plaasgodsdiensgids) di tla rutwa. Sepheo sa thuto ena ke ho neha batho motheo o tshepahalang ka mokgwa o bobebe o totobetseng haholo ho ka ithuta ka kutlwisiso le ho amohela ho fihlela tlhompho ho Modimo di phelwa. Thapelo ya ka ke hore Modimo ka Moya wa Wona thuto ena eo kahara yona ho be nnete ya Lentswe e tla rerwa, e sebediswe ka ntswe leng le 2 Thimothea 3:1517. " ... Mangolo a Halalelang, a nang le matla a ho hlalefisa, o tle o pholoswe ka ho dumela ho Kreste Jesu. Mangolo wohle a ngotswe ka tshusumetso ya Moya wa Modimo, mme a na le thuso ya ho ruta, ya ho nyatsa, ya ho busetsa batho tseleng ya ho loka le ho ba tsamaisa ho yona, hore motho wa Modimo a phethehe, a kwetlisetswe mesebetsi yohle e lokileng." E hlahiswa ke sehlopha sa Amos ketapeleng ya Hennie Viljoen. Kgatiso © Hlakola 1999 - AMOS AGRIMIN 3 BUKA 3 ITHUTE HO TSEBA JESU HAHOLWANYANE PULO: Palo ya Lentswe. Thapelo le ditakalletso tsa hoba mmoho. ( 20 metsotso) KAROLO 1: Boikgopotso ba Buka 2. ( 50 metsotso) KAROLO 2: Lefatshe leo Jesu a ileng a phela le ho sebetsa ho lona. (110 metsotso) KAROLO 3: Difilimi ka Jesu. (120 metsotso) KAROLO 4: Tlhaloso ya difilimi ka Jesu. (45 metsotso) KAROLO 5: Mabitso a Jesu a bolela hore ke mang. (45 metsotso) KAROLO 6: Temana ya hlooho: Luka 19:10. (25 metsotso) KAROLO 7: Ho sheba taba ka nngwe ka leihlo le ntjhotjho. (40 metsotso) 7.1 Matsatsi a 'kalendara' ao re a sebedisang a tswa kae? 7.2 Tlhaloso ya lesela la tempele le ileng la taboha. KAROLO 8: Teko. (20 metsotso) KAROLO 9: Mosebetsi o tla etswa hae. (5 metsotso) 4 KAROLO 1 (50 metsotso) BOIKGOPOTSO BA BUKA 2 KE JESU FEELA YA KA O PHOLOSANG! Ke tsohle tsa bohlokwa tseo o ithutileng tsona ka lekgetlo le fetileng. A re ke re shebe hape tse ding tsa ditaba tsena. Mosebetsi wa boikgopotso 1: Ke bomang bohle ba ileng ba tshwara ditshebelletso tsa bodumedi le ba malapa a bona ka ditaba tsa buka e fetileng? Ba lelapa la hao ba ile ba ikutlwa jwang haholoholo bana? Na o teng ya ileng a arolelana molaetsa le ba bang nakong ya tshebelletso ya bodumedi ya hoseng polasing ya bona kapa ka kopano ya kereke? Batho ba ile ba ikutlwa jwang? TSEBISO HO MORUPELLI: Ho bohlokwa hore e sa le qalong feela baithuti ba qale ho utlwisisa hore tsebo eo ba e fumaneng tlelaseng ba e sebedise, ka ho ya e arolelana le ba bang. Hape ho bohlokwa ho ruta baithuti hore ba fane ka bopaki hakgutshwanyane mme ba bo lebisitse ntlheng e utlwahalang. Ka kakaretso ba tshwanela ho ikitlaetsa ho bua hatelele le ho bua haholo. Moithuti o tshwanela ho ikitlaetsa ka tlase ho metsotso e mmedi potsong ena. Mosebetsi wa boikgopotso 2: Kopa a le mong kapa ba babedi ba baithuti hore ba ke ba hlalose leqephe le lefubedu feela la Bukana e Senang Mantswe ho baithuti ba bang. Baithuti ba ka hlokomela ka hore ba shebe dibuka tsa bona hore ho se be sa bohlokwa se siellwang. TSEBISO HO MORUPELLI: O seke wa hanyetsana le dibui haholo e le hore a tle a seke a iphumana a inyatsa hore ha a ka a tshwanela ho fana ka molaetsa, ho arolelana le ba bang. O mpe o dumelle sehlopha sa baithuti ho tlatselletsa le ho thusa moo ho hlokahalang. 5 Mosebetsi wa boikgopotso 3: Batho ba ile ba ikutlwa jwang hoba o bue ka tlhaloso ya bokgethwa ba Sontaha? TSEBISO HO MORUPELLI: Baithuti ba tshwanela ho fana ka bopaki bo bokgutshwane. Mosebetsi wa boikgopotso 4: Kopa moithuti a le mong ya esoka a fumana monyetla wa ho ka bua hore a fane ka thuto ya 9 le 10 ya Tataiso ka thutabodumedi ya Polasi kapela sehlopha. E tshwanela hoba moithuti ya entseng boitokisetso hantle. Nehelano ya thuto eo e se fete metsotso e 10-15 hore ho tle ho be le nako e lekaneng ho ka boela ho qoqwa dipotso hape ka ho dipheta, ka bonngwe. TSEBISO HO MORUPELLI: Ka baka la nako le tekanyetso ya yona ha ho sa hlokahale hore ho qoqwe dipotso hape tlelaseng kaofela. Haeba baithuti hamorao ba lokela ho fana ka thuto ho batho ba bang, ba lokela ho pheta dipotso tseo kaofela pele ba ka ruta. 6 KAROLO 2 SEHLOOHO: Lefatshe leo Jesu a ileng a phela le ho sebetsa ho lona. SEPHEO: Hore seo Jesu a ileng a se etsa, re se utlwisise haholwanyane ho bile ho le bohlokwa ho ka tseba letho ka batho, nako le maemo ao Jesu a neng a phela le ho sebetsa ho oona. Sepheo sa KAROLO 2 ke hore jwale ka moithuti re o fe tshehetso ya motheo wohle. DITABA TSE TLA RUTWA: A: Bophelo ba matsatsi wohle nakong tsa Jesu. 1. 2. 3. 4. 5. Ntlo Dijo Diaparo Sekolo le mosebetsi Dipuo tse fapaneng B: Bophelo ba tshebelletso tsa bodumedi nakong tsa Jesu. 1. 2. 3. 4. Tempele Sinagoge Baprista le baLevi Ditsebi tsa Mangolo C: Bophelo ba boahi nakong tsa Jesu 1. Iseraele ka tlasa puso ya Roma 2. Sanhedrine 3. Mokgatlo wa Bajode 7 KAROLO 2 (1 hora 50 metsotso) LEFATSHE LEO JESU A ILENG A PHELA LE HO SEBETSA HO LONA. TSEBISO HO MORUPELLI: KAROLO 2 e fana ka bohlokwa le tshehetso ya Filimi ka Jesu hore baithuti ba tle ba utlwisise molaetsa wa yona ka ho o bapisa le bophelo ba bona. Ha ho hlokahale hore o kene ka botebo karolong ena yohle. O ka etsa hore boholo e be maitsebelo a baithuti. Seka itshwenya ka ho etsa seo ba seng ba ema le tseba ya hona kapa haeba nako e se e sa o dumelle. Buka ena e bile ke bukathuto eo baithuti ba tla e sebedisa hamorarao haeba ka mohlomong a batla ho tadima ho hong ho itseng. Kahoo ho na le dikarolwana tsa ditemana tse ngata seratswaneng ka tseo o ka fanang ka tsona. Seke wa leka ho ka bala dintho tsohle tlelaseng hle, ho ke ke haeba le nako e lekaneng. E mong wa metswalle ya ka o ye a re ka nako tsohle : "O tla tseba motho hang ha o se o ile wa moetela lapeng la hae." Ee ho jwalo, kaha o batla ho ithuta Jesu haholwanyane, ho a hlokahala hore nna le wena re ke re ye pota "ha Hae." Re lokela ho ya sheba sebaka, batho bao le maemo ao Jesu a neng a phela ho oona. Jesu o tswetswe dilemo tse ka bang 2000 tse fetileng motsaneng wa Betlehema profensing ya Judea naheng ya Iseraele. Ka tsela eo Jesu e ne e se Mozulu,Mosotho, Moxhosa, Moafrikanere kapa lenyesemane. Jesu e ne e le Mojode ka tswalo, empa o sa hopola hore le jwale e ntse e le Modimo. Hobane Jesu a phetse dilemo tse telelele tse fetileng mme a tswalletswe naheng hole hakaalo, mme ho tsohle hape a amana le setjhaba se seng, re tshwanela hore, ha re ithuta Yena haholwanyane, hape ho tseba ka batho ba setjhaba seo dilemo tse 2000 tse fetileng ka moo ba neng phela kateng. Kahoo Jesu o tswalletswe Betlehema wa Judea, a holela motsaneng wa Nasareta profensing ya Galelia. Nasaretha e ne e le motsana o monyenyane o senang bohlokwa. Batswadi ba hae, Josefa le Maria, e ne e le batho ba sebetsang ka thata. Ntatae e ne e le mmetli, ke a kgolwa o ne a sebetsa dihora tse ngata ho ka tshwanela ho ka lokisa thepa ya ba lelapa. Maria le yena o ne a sebetsa ka thata, a kga metsi, a ya mmarakeng, a sila koro, a pheha, a hlwekisa, a loha, a phootha le ho roka..... jwale feela ka diketekete tsa basadi ha di etsa ba sa etse hoo dinaheng disele tsa lefatshe. 8 AFRIKA BORWA Ka dilemo tse ka bang 2000 tse fetileng, ho feta dikilometara tse 6300 ho tloha mona, Jesu e le moshanyana wa Mojode Betlehema, lefatsheng la Iseraele. Mattheu 2:1 9 2.1 Bophelo ba matsatsi ohle nakong tsa Jesu. 1. Ntlo Jesu le ba lelapa labo ba ne ba phela ntlong ya mofuta o monyenyane, o phaposi e le nngwe, o marulelo a sephara wa ditene tsa mobu/letsopa. Marulelo a sephara e ne e le sebaka sa ho aneha peo hore e ome kapa ho ya rapela moo ho kgutsitseng (Diketso 10:9). Marulelo a ne a se bophahamong ba ho feta dimetara tse 3 ho tloha fatshe. Matlo a mang a ne a ena le phaposi tse pedi kapa phaposi e ka hodimo, empa di sa arolwa. Jesu le barutuwa ba hae ba ile ba jella paseka ya ho qetela kahara ntlo e nang le phaposi e kahodimo ( Luka 22:12). Ntlo e ka hodimo e ne e le ntlo e hahilweng marulelong a sephara a ntlo. Ho ne ho hlwellwa ka 'ditepisi' tse hahelletsweng leboteng kantle. Hamorao batho ba ruileng ba ile ba haha matlo a bona a le kgutlo-nne. Ho ne ho ena le marulelo a mangata ho tloha kahare. Bokahare ba ntlo bo ne bo le lefifi e bile bo phodile. Ntlo e ne e ena le monyako o le mong mme ho se difesetere tse ngata. Marulelo a le mang a ne a arotswe dikarolo tse pedi. Karolo e nngwe e ne e phahame ho feta tse ding. Bosiu diphoofolo di ne di robala karolong e ka tlase. Motsheare bana ba ne ba bapalla teng kapa batho ba baholo ba etsetsa mesebetsi ya bona kamoo. Karolo e ka hodimo e ne e sebediswa ke ba lelapa. Ba ne ba jela le ho robala kamoo. Ba ne ba robala hodima mealo e bonolo eo motsheare ba neng ba e phutha mme ba e behe. Matlo a bao e leng batho feela a ne a batla a sena thepa. Maboteng ho ne ho entswe methati (diraka) le mehahelletso e ikgethileng moo ba neng na ka boloka dintho kapa thepa. Batho ba ruileng ba ne ba atisa hoba le bethe, tafole le setulo. Lekase la patsi e ne e le la bohlokwa ho boloke la dintho tsa bohlokwa tsa ba lelapa. Ka phaposing tse lefifi ho ne ho kgantshwa ka mabone. Mabone ana a ne a bopehile jwaleka 'piring' a entswe ka letsopa mme ka nqenngwe a ena le mohwele. Ha etswa lesela la line le ohlilweng le paqamisitswe mohweleng mme ntlha ya karolo e nngwe e le kahara oli/mafura. Mabone a ne a kgantshwa ka oli e bitswang "olyfolie" (mafura a mehlwaare). Mabonenyana a hlakileng a neng a sebediswa mehleng ya Jesu. 10 Matlo a tlwaelehileng nakong tsa Jesu a ne a le manyenyane a bile a entswe marulelo a sephara. Matlo a mang a ne a ena le moaho kahodimo. Diketso 10:9 11 2. Dijo Bajode ba ne ba eja dijo tse kwenneng. Phepo ya mantlha ya bona e ne e le bohobe bo neng bo entswe ka koro e sitsweng kapa harese e hadikilweng. Haholoholo bo be bo hadikilwe ka sebopeho sa dikuku ( rooster koeke). Koro le harese di ne di sebetswa ke basadi ho fihlela e eba phofo ka ho sebedisa dikutu tsa difate ho sila kapa majwe a lelwala. Oli ya ho pheha e ne e etswa ka mohlwaare. E ne e bile e sebedisetswa mabone. Ho boramapolasi e ne e le meroho haholoholo mangangajane le bohobe. Ditholwana tse neng di sebediswa haholo, e ne e le mehlwaare e neng di fumaneha ka nako tsohle. Morara, feiye le teitse ke tse ding tse neng di jewa di le ntjha, kapa di le mangangajane. Mangangajane a ditholwana a ne a kenngwa dikukung mme e be di a bolodwa. Kgaranate, amandels, le ditholwana tsa okare di ne di jewa. Ka ho fetisisa ho ne ho jewa peo e dithollo jwaleka lensile le dinawa. Lebese le dihlahiswa tsa lebese e ne e le dijo tse kwenneng haholo mmoho le bohobe. Dikgomo, dinku, dipodi, dikamele le diesele di ne di hanngwa. Bao e leng batho feela ba ne ba tshwaella nama mohla mekete e le boithabiso. Batho ba neng ba dula haufi le lewatle la Galelia, ba be ba eja nama ya tlhapi. Moshanyana wa ho fa Jesu dijo tsa hae hore a arolele batho ba bang,o ne a ena le mahobe a mahlano a harese le ditlhatswana tse pedi (Johanne 6:9). Nakong tsa Jesu ka kakaretso ho ne ho fepjwa habedi feela ka letsatsi. Hoseng ka nako ya dijo ho ne ho jewa feela haholo. Dijo tsa hoseng ka tlwaelo di ne sa jewe pele ho hora ya 10 hoseng e ne e ka mpa ya eba ho tloha ka hora eo ho fihlela horeng ya 12 ( bapisa le Diketso 10:9-10). Dijo tsa mantsiboya di ne di jewa ka tlwaelo pele ho eba bosiu mme e ne e eba dijo tse phepo. Batho ba ne baenwa haholoholo metsi. Tshebediso ya veine, e ne e eba nakong tse ikgethang, tsa meketjana ka kakaretso. Hona ho ile ha lebisa botahweng bo ileng ba tla kgafetsa. Bibeleng ho bolelwa kaha botahwa e le sebe, se nang le ditlamorao tse tshosang, di ngodilwe ho (I Bakorinthe 6:9-10 le Bagalata 5:1921). Haeba ka tsela eo o sa tlwaela ho nwa veine leha e le hanyenyane, o seke wa hlola o e e nwa. Ho rapela le ho kopa tlhohonolofatso ho Morena pele ho ka jewa, ho ile ha etswa nakong tsa testamente e Ntjha haholo (Mattheu 15:36/26:26-27). O etse hore le wena pele o eja o kope ka thapelo hore Morena a hlohonolofatse dijo hore wena le ba lelapa la hao le fumantshwe matla, sefutho le bophelo bo botle ka tsona. 12 Dijo tse neng di jewa nakong tsa Jesu. Ho tsohle, Bajode ba ne ba eja bohobe, empa hape le mohlwaare, merara, feiye, teitse le ditholwana tse ding le meroho. Ba ne ba sa je tlhapi letsatsi le letsatsi. Ba ne ba enwa lebese, metsi le veine. Ka tlwaelo ba ne ba eja habedi ka letsatsi mme ba ne ba rapela pele ho dijo. Mattheu 15:36 13 3. Diaparo Diaparo di ne di etswa ka lesela la linne, khotono kapa boya. Ha masela a ne a sa etswa/kgabiswa ka mebala, a ne a bitsa tjhelete e ngata (tura). Bangodi ba Testamente e Ntjha ba ile ba sebedisa mantswe a fapaneng ho hlalosa meaparo e neng e aparwa, le ha ho le jwalo ha e a hlaka hantle taba ena puong ya Sesotho. Ho Johanne 19:23 ho buuwa ka kobo e neng e sena moroko. E ne e le kobo ya kahare mme e entswe ka karolo e le nngwe e sephara mme e teane ka mahohle. Leha e ne e lohilwe ka mokgwa o mong e ne e lokela ho kopanngwa hammoho. Ho ne ho bile ho le kobo ya kahodimo eo ho buuweng ka yona. Ka mohlala ho bolelwa hore Jesu o ne a ikgurumeditse ka kobo ya ka hodimo ha diaparo tsa hae di tla fetoha di eba tshweu thabeng (Mattheu 17:2). E ne e le lesela le le lelele le lohilweng le neng le aparwa motsheare e le manele mme bosiu a sebediswa jwaleka kobo. Manele kapa seaparo se selelele se jwale ka seo ntata mora ya lahlehileng a kileng a se tlisetsa mora wa hae ( Luka 15:22 ), se ne se ena le moo ho kenang matsoho. E ne e le seaparo se setlesetle se neng se aparwa feela ke batho ba bohlokwa. Senyepa seo ho neng ho itlanngwa ka sona, e ne e le lesela le phothilweng hore le tshwane le lebanta. Ka lebanta lena ho ne ho tlanngwa diaparo tse sa manamang hantle mmeleng, tse telele di tlanngwa hore motho a kgone ho tsamaya hantle le ha bobebe. Ho dinyepa tsa masole ho ne ho tlammellwa selatana sa sabole hore se leketle lethekeng. Tjhelete le yona e ne e bolokwa moo dinyepeng. Ka tlung batho ba ne ba tsamaya ba sa rwala dieta. Ka hobane mobu wa Iseraele o le lehlohlojane, ba ne ba ke ke ba tsamaya nako tsohle kantle ho matlo ba sa rwala dieta. Dieta tseo ho buuwang ka tsona Bibeleng, hantlentle ke meqathatso. Bohato ba tsona bo ne bo entswe ka letlalo kapa patsi ( lepolanka ) ebe ho tlamellwa leotong ka maqhwele ( Mareka 1:7). Hobane maoto a ne a le pepeneneng ka tsela eo, a ne a eba ditshila mme a tlala lerole ha motho a ile a tsamaya tsela e telele. Ke le leng la mabaka a neng a etse hore maoto a batho a hlatsuwe pele ho ka jewa (Johanne 13:5). Diaparo tsa basadi di ne di sa fapana haholo le tsa banna. Di ne di shebahala feela di le teletsana ho tsa banna. Basadi ba ne ba bile ba rwala dituku dihloohong ho kwahela meriri ya bona ( 1 Bakorinthe 11:5 ). Banna le bona ba ne ba atisa ho rwala dituku ho sirelletsa dihlooho tsa bona letsatsing le tjhesang. 14 Diaparo le meqathatso eo batho ba neng ba di sebedisa nakong ya Testamente e Ntjha Diaparo di ne di entswe e le kobo ya kahare, kobo ya kahodimo, manele(seaparo se selelele), senyepa, tuku le meqathatso. Ho ne ho se phapang e kaalo mahareng a diaparo tsa banna le tsa basadi. Johanne 19:23-24 15 4. Sekolo le mosebetsi Nakong tsa Testamente ya Kgale bao e neng e le batho feela ba ne ba sena dikolo bakeng sa bana ba bona. E ne e le mosebetsi wa ntate kapa mmê ho ruta bana ba bona ho ka etsa mesebetsi ya matsatsi ohle. Ba ne ba hlalosetsa bana ba bona, ka bobona molao wa Modimo le tlhaloso ya mekete ya tshebetso tsa bodumedi. Nakong tsa Jesu baradi ba ne ba ntse ba rupellwa ka botlao le ho tseba tsohle ke bo mma bona. Bashemane bohle ha ba le dilemong tsa botshelela ba ne ba qala ho tsamaya sekolo. Dithupelo di ne di tshwarelwa masinagogeng. Bashemane ba ne ba tshwanela ho ithuta ho bala le ho bolela molao wa Moshe ka hlooho. Ba ne ba dula fatshe ho potoloha mosuwe wa bona. Ho fihlela ha ba le dilemo tse leshome ba ithutile Testamente ya Kgale feela, jwalekaha le rona re e tseba, ka ho ithuta yona. Kamora moo ba ne ba qala ho ithuta ho ngola ka mongolo wa bohlokwa wa Sejode. Mosebetsi: Na jwaleka motswadi o ka nka boikarabelo ba ho ruta bana ba hao, feela ha ba se sekolong? Bala Dipolelo / Deutoronoma 6:4-7 le Pesalema 78:3-8. Kajeno ho bohlokwa hore bana ba hao ba ye sekolong mme ka hoo ba tla fumana monyetla wa ho ithuta ho bala le ho ngola. O tshwanetse ho hopola hore e sa le boikarabelo ba hao hore o rute bana ba hao ho phela bophelo bo lokileng. O rute bana ba hao kamoo ba ka sebetsang ka thata, ka moo ba ka bang mohau, kamoo ba ka hlomphang batho ba bang, kamoo ba ka rapelang le kamoo ba ka bang molemo ho thaka tseo ba phelang le tsona ha e se e le bommê le bontate, banna kapa basadi. O tshwanetse ho ruta bana ba hao ho tshepahala le ho ema lentsweng la bona. Tsena hase dintho tseo ba ithutang tsona sekolong. Ba tshwanela ho ithuta le ho di bona ka wena. Jesu nakong tsa hae o ile a tshwanela hore le Yena jwaleka bashanyana a kene dithutong tsa molao ka ho hlophisetswa hona bophelong ba hae bohle, hape a ithute le ho sebetsa ka matsoho. Paulose ke mohlala o motle bakeng sa hona, hobane le yena e ne e le moetsi wa ditente ka tshebetso ( Diketso 18:3 ). Moshanyana o lokela ho fetoha morutwana wa ntatae le ho ikwetlisetsa mosebetsi ka yena. Jesu e bile mohlala wa hoba morutwana ya jwalo ha a ne a eba mosebetsing wa ntatae, a sebedisa seo yena a kileng a se bolela "Mora a ke ke a etsa letho ka boyena, haese seo a bonang ntatae a se etsa, hobane eng le eng eo ntatae a e etsang, le Mora o a e etsa." (Johanne 5:19) Mareka o bitsa Jesu 'mmetli': ( Mareka 6:3 ) mme Mattheu o mo hlalosa e le 'mora wa mmetli' ( Mattheu 13:55 ). Ka tsela eo ho ka etsahala ha bobebe hore 16 Jesu o ile a ithuta mosebetsi wa matsoho ho ntatae. Mmetli ke motho ya sebetsang ka lehong (mapolanka), empa a bile a bapala karolo ya bohlokwa kahong ya matlo. Mmetli o na le disebediswa tse ngata tseo a iketsetsang tsona. Nakong ya kajeno re tshwanela hore hape mmoho: Hase mahlabisa-dihlong ho sebetsa ka matsoho a hao kapa ho bitswa mosebelletsi. Batho ba bangata ba nahana hore ke tlontlollo ho sebetsa ka matsoho a hao. Hoo hase nnete. Jesu hape o sebeditse ka matsoho a hae. O ile a qala ho phatlallatsa tshebelletso ya bodumedi ha a le dilemo tse 30. Ha o sebediswa mosebetsi wa matsoho, o tla ikutlwa o thabile ka hona. Mosebetsi wa matsoho ha o bohlokwanyana feela ho mosebetsi e meng. Mmetli o maphathephathe ka mosebetsi wa hae. 17 5. Dipuo tse fapaneng. Pilato o ile a hloma mantswe a latelang kahodima hlooho ya Jesu sefapanong: "Jesu wa Nazaretha , Morena wa Bajode." ( Johanne 19:19-20). Mantswe ao a ne a ngotswe ka dipuo tse tharo tse fapaneng, ke hore Seheberu, Selatine le Segerike. Nakong eo ho ne ho sebediswa dipuo tse nne tse fapaneng moo Iseraeleng. O Seheberu: Puo eo Testamente ya Kgale e ngotsweng ka yona. Ena e bile puo ya kamahanyo Iseraeleng ho fihlela feela pele Bajode ba iswa kgolehong. Karolo e kgolo ya Testamente ya Kgale e ngotswe ka Seheberu. (Testamente ya Kgale ke karolo ya pele ya Bibele e mabapi le thuto ka tlholeho ho fihlela nakong ya tswalo ya Jesu). Ka hobane mangolo ao ho Bajode a ne a halalela, yaba Seheberu hamorao se nkwa e le puo e halalelang. Mora e mong le e mong wa Mojode o ne a ithuta ho bala le ho ngola Seheberu, empa nakong ya Jesu ho ne ho le feela bo "rabbi" le baruti ba Mangolo ba neng ba ena le tsebo e ntle ya Seheberu. Seheberu se ne se balwa hape le Masinagogeng kamoo ho neng ho sebediswa puo ya molomo ho fetolela hore batho feela ba tle ba utlwisise. Mantswe a mabedi a Seheberu a tsebahalang Bibeleng ao a bileng a ntseng a sebediswa kgafetsa kajeno ke batho, ke: Halleluya Amen = = Rorisa Morena! Ho jwalo! / Ha ho be jwalo! Motho a ka bala buka ya Seheberu a e qala morao a eya kapele, mme a qala letsohong le letona ho ya ho le letshehadi. Ka tsela eo ho fapane le kamoo wena o tlwaetseng. Seheberu ke puo eo Testamente ya Kgale e ngotsweng ka yona. Dipolelo (Deutoronoma) 6:4-5 temana ena e tsebahala e shebahala tjena ka Seheberu: 18 O Searame: Puo eo e neng e buuwa ke Bajode. Setjhaba sa Iseraele se ne se le boemong ba ho utlwa Morena. Ka baka la ho swabela puo ya tlhokomediso yaba setjhaba ha se sa ikgathatsa ka Morena. Yaba Morena o otla setjhaba sa Hae. Setjhaba se seng se matla, sa ba Babilona, se ile sa futuhela Baiseraele, sa senya naha, tempele ya heletswa mme batho ba bangata ba hapjwa mme ba iswa ditlamong. Ka dilemo tse ka bang 70 Baiseraele ba le Babilona ba dutse e le makgoba. Ba ne ba hapjwe selemong sa bo 586 pele ho Kreste mme sehlopha sa pele sa kgutlela naheng ya sona ka 539 pele ho Kreste. Hona re ho tseba e le kgoleho ya Baiseraele. Nakong ena eo Bajode ba neng ba le kgolehong ka yona Babilona ke ha ba ithuta puo e bitswang Searame. Ho kgutleng ha Bajode kgolehong ke ha Nehemia a tletleba ka hore bana ba Bajode ha ba sa tseba puo ya Juda, ka mantswe a mang, ho thwe Seheberu, (Nehemia 13:24). Nakong tsa Jesu ke ha Searame e le puo ya letswele ho Bajode ba bangata Iseraeleng. Jesu ka boyena o ne a bua Searame. Testamenteng e Ntjha ke moo le teng ho hlaha mantswe hape a Searame. A bohlokwa mme o lokela ho a tseba, ke ana: Abba Golgotha Maranatha Messia Paseka Eloi, Eloi, lama sabakthani = = = = = = Ntate (Mareka 14:36 /Baroma 8:15 ) Sebaka sa lehata (Mattheu 27:33 ) Morena, tloo! (1 Bakorinthe 16:22) Kreste (Johanne 1:41) Mokete wa Paseka (Mattheu 26:17) Modimo wa ka, Modimo wa ka, o ntahletseng na? (Mareka 15:34) Karolwana tse mmalwa tsa Testamente ya Kgale, jwaloka Daniele 2:4b - 7:28 e ngotse ho Searame. Searame ke puo eo Bajode ba neng ba e bua, le ha e ngolwa, e tshwana feela le Seheberu. Daniele 6:17 e shebahala tjena ka Searame: 19 O Segerike: Puo ya lefatshe nakong tsa Jesu. Ha ho batlile hoba dilemo tse 330 ho isa ho 320 pele ho Kreste, Bagerike tlasa boetapele ba Aleksandere e Moholo ba ile ba fumana sebaka sa ho busa lefatshe lohle. Yena le marenana a neng a mosala morao, ba ile ba etsa ka matla hore ba hasanye puo le botjhaba ba Segerike ka ho phatlalla le lefatshe. Metse ya Segerike e hahilwe dinaheng tse ngata, hape le Galelia, profinsing ya Iseraele. Batho ba Galelia ke ka hoo ba tsebang puo ya Segerike haholo. Ho a itlhalosa hore ke hobaneng Bagerike ba ileng ba batla Jesu, ba ile ba ya pele ho Filipi, hobane Filipi o ne a etswa Galelia ( Johanne 12:20-21). Jesu a etsa qeto ya ho bua Segerike. Segerike se neng se buuwa ke batho feela, ke "Koine" - ka Segerike. E ne e bitswa jwalo hobane e ne e le Segerike se bobebe ebile se totobetse ho feta Segerike sa mathomo se neng se sebediswa naheng ya Gerike ka ho buuwa le ho ngolwa. Segerike e ne e le puo ya lefatshe nakong eo, jwale feela ka Senyesemane seo e leng puo ya lefatshe nakong tsena tsa rona. Kahoo Testamente e Ntjha hape e ngotswe ka Koine - Gerike hape. Modimo o ile wa etsa jwalo hore evangedi ya pholoso ka Jesu Kreste e phatlalle kapelepele lefatsheng lohle. A ke re, o sa hopola hore Modimo o ratile lefatshe hakaalo, hoo a bileng a le neha Mora wa Hae ( Johanne 3:16 ). Modimo o batla hore le kajeno batho ba ithute ho tseba ka ha Jesu e le Mopholosi wa bona. Kahoo o tshwanetse hape hore seo o ithutileng o se fetisetse ho batho ba bang. Alfa (hlooho - le tlhaku e nyenyane ka Segerike = A le " ) ebile ke tlhaku ya pele ya alfabeta ya segerike. Omega (hlooho - le tlhaku e nyenyane ya Segerike = S kapa o ) ke tlhaku ya ho qetela ya alfabeta ya Segerike (Tshenolo1:8). Segerike e ne e le puo ya lefatshe nakong tsa Jesu. Kahoo Testamente e Ntjha e ngotswe ka Segerike. Ka Segerike Johanne 3:16 e shebahala tjena: 20 Ka tsela eo Bibele eo nna le wena re e balang, e tswa ho Bagerike, Baheberu le Maaramese mme ya fetolelwa Sesothong. Ke lona lebaka le etsang hore diphetolelo tse fapafapaneng di be le phapano, hobane a ke re motho a ke ke a bolela ntho e tshwanang le ya emong ka makgetlo a fetang bonngwe. O tshwanela hoba le botiyo ba hore Bibele ke Lentswe la Modimo mme molaetsa wa yona o nepahetse, ke nnete e tshepahalang. O Selatine: Puo ya Baroma ya semmuso. Selatine ke puo e neng e buuwa ke Baroma. Ditsebiso tsohle tsa semmuso di ngotswe ka Selatine, hobane Selatine e ne e le tsamaiso ya semmuso ya naha ya Roma mme dipuisanong tsa toka/tsamaiso di ne di sebediswa. Bajode ba tlwaelehileng Iseraeleng ba bile ba mpa ba utlwisisa feela mantswe ka kakaretso ka Selatine. Kahoo ditsebiso ke a kgolwa di ne di ngolwa ka Selatine. E ne e re Jesu ha a qoswa nakong tsa puso ya Baroma Judea, Ponsi Pilato hore a tle a ahlole o ne a hloka sebuedi (toloko). Pilato o ile a etsa ditsebiso ka puo-tse tharo lengolong le neng le manehuwe kahodima hlooho ya Jesu; ke hore Seheberu, Selatine le Segerike (Johanne 19 :19 - 20). Selatine e ne e le puo ya Baroma ya semmuso mme mongolo wa yona o ntse o tshwana le mongolo o sebediswang naheng ena ya rona. Ke ona mohlala wa mongolo wa Selatine: "Nisi eum admodeuris servari nullo modo poterit." (Ho bolella hore: Ha o sa mohlokomedisi, a ke ke a pholoswa). Bokgoni ba hore Jesu a tsebe dipuo tseo tse nne, hakaalo. Le kgolwa hore ke ha a ile a bua haholo le Maarame le Bagerike ka kakaretso, a bala le ho ngola Seheberu mme a bua Selatine hanyenyane. Kajeno ho ntse ho ena le dinaha tse bolaileng tlhaho ya batho ka ho utlwisisa le ho bua dipuo tse nne kapa ho feta. Boholo ba batho ba Batsho mona Afrika Borwa; ho tea ka mohlala ba bua puo ya Senyesemane, Seafrikanase le hape puo tse ding tse ka bang tharo kapa nne tsa batho ba bang ba Batsho, ntle le puo ya bo bona. 21 2.2 Bophelo ba tshebelletso tsa bodumedi nakong tsa Jesu. 1. Tempele O Moaho wa tempele E ne e se e le kgale morena Davida a ne a batla ho hahela Morena tempele. Morena ha a ka a mo dumella mme o ne a tshwanela ho kgotsofalla feela hore a mpe a etse ditokisetso tsa kgaho ya tempele. Ke Salomone, mora Davida, ya ileng a hlahlama boreneng, ya ileng a haha tempele pele Jerusalema (1Diketsahalo/Dikronike 22:1-10 le 1Dikgosi/Marena 6:1). E ne e le dilemo tse 950 pele ho tswalo ya Jesu. Mosebetsi: Eya o bale 2 Dipolelo/Dikronike 2:1-6 le 5:1-14 kaofela ha yona ha o fihla hae. Ho qaleng tempele hantle e ne e tlo ba botsitso ba tshebelletso tsa bodumedi ba Bajode ka tsela e jwalo. Modimo o ne o tla ba moo ka mekgwa e mengata, empa hodima moo Salomone o ne a se a ile a bolela hore Morena o Moholo ho feta tempele mme batho ba ke ke ba mo lekanya le moaho o entsweng, leha moaho oo o ka ba moholo le ho tsoteha ho le hokae. Tempele ena ya Salomone ka dilemo tse 586 pele ho tswalo ya Jesu, morena Nebukadnesare wa Babilona o ile a e senya. Yaba o isa setjhaba bokgobeng naheng ya hae. Hamorao Bababilona ba ile ba hapjwa ke morena Siruse wa Peresia dilemong tse 539 pele ho Kreste mme a dumella Bajode ho kgutlela naheng ya bona. Tlasa boetapele ba Sorobabele ba fihla ba tsosa tempele ka ho boela ba e haha hape. Ha ba e phetha e ne e ka ba dilemo tse 515 pele ho Kreste (Esera/Esdrase 6). Morena Heroda e Moholo mehleng ya hae o ile a atolla tempele le ho e kgabisa. Ka ho etsa jwalo o ne a batla ho hapa maikutlo a Bajode, empa ntle le moo o ne a iketsetsa tlhompho hore ho tle ho dulwe a hopolwa ka tlhompho. O ile a qala ka mosebetsi ona dilemong tse ka bang 19 pele ho Kreste mme a o phetha ka mora nako e telele, selemong sa bo 64 kamora Kreste, ho dumellana ho re le Johanne 2:20 moo Bajode ba reng hore tempele e phethwe ho nkile dilemo tse 46. Tempele e ne e le moaho o tsotehang. Selemong sa 70 kamora Kreste tempele ya boela ya senngwa ka ntwa ya Bajode le Maroma. Ha etsahala ho ya ka polelo ya Jesu ha a itse tempele e tla senngwa (Luka 21:5-6). 22 O Tempele e ne e le botsitso ba bophelo ba tshebelletso ya bodumedi ba Bajode. Tempele ke moaho o lokisitsweng ka ho ikgetha bakeng sa Modimo. Ke sebaka seo Modimo a bileng teng ka mekgwa e mengata e ikgethang le moo batho ba Wona ba neng ba bokana ho tla mo sebeletsa. E ne e le botsitso ba bophelo ba tshebeletso ya Bajode. Matlapa a majwe moo ho neng ho ngodilwe Melao e Shome, a ne a bolokilwe kahara lekase la patsi/polanka, le neng le bitswa Areka ya Selekane. Areka ya Selekane e ne e behilwe ka karolong e halalelang ya tempele. E neng e bitswa Sehalaledisiso. Ho ne ho se motho ya neng a dumelletswe ho kena karolong eo ya tempele, haese Moprista Moholo feela ya neng a dumelletswe ho kena teng, leha ha e le yena, o ne a kena hanngwe ka selemo. Matsatsi ohle, a selemo ho pota ke Baprista le Balevi ba neng ba tlisa tlhompho ho Modimo ka dinyehelo tsa mahlabelo, ba tjhesa dibano hape ba bina dipina. Setjhaba se ne se etla feela ho tla kenya tjhelete lekeseng la dinyehelo le ho lefa lekgetho la selemo la tempele. Tempele e ne e bile e le sebaka moo batho ba neng ba rutwa le ho ithuta ka melao le tshebelletso tsa bodumedi ba Bajode. Ka tsela eo, ka Sabata e nngwe le e nngwe ka nako tseo, Bajode ba ne ba etsa mekete tempeleng. Ho ne ho ena le mekete e meng e meholo e neng e ketekwa tempeleng selemo le selemo. Ke a kgolwa o tsebahalang ke mokete wa Paseka oo o neng o le sehopotso sa mokete o neng o etswe haba etswa Egepeta. Ka hobane ho ne ho etla batho ba bangata tempeleng, ho ne ho bile ho le bakopi ba neng ba bonwa kgafetsa kgorong tsa tempele, ba dutse mme ba kopa (Diketso 3:1-3). Ke Baprista feela ba neng ba dumelletswe ho kena meahong e halalelang ya tempele, empa tempele e ne e dikanyeditswe ke mathule kapa mabala. Testamente e Ntjha e hlalosa lentswe tempele haholwanyane ka hore mabaleng kapa tikolohong ho potoloha tempele. 23 24 25 O Jesu le tempele. Ho Jesu le balatedi ba hae tempele e ne e le botsitso ba bophelo ba tshebelletso ya bodumedi ba bona. Ka nqenngwe Jesu o ne a hlompha tempele. O bitsa tempele hore ke "ntlo ya Modimo" kapa hape hore ke "ntlo ya Ntate" (Mattheu 12:4 le Johanne 2:16). Hape Jesu o ile a halefa ha bajode ba ne ba ithuisa ka ho bapatsa le batho ba neng ba tlile tempeleng, ka ho ananya. Kahoo o ile a ba leleka tempeleng (Johanne 26:55 le Johanne 10:23). Ho tlohela bongwaneng Jesu ase a ntse a ithuta ka tempele (Luka 2:41-46). Hamorao a itokisetsa ho ya ruta batho tempeleng (Mattheu 26:55 le Johanne 10:23). Jesu o ne a sa amahane le tempele feela. O kile a bua phatlalatsa hore o moholo ho feta tempele (hona ke taba ya bohlokwa), ka hore tshebelletso tsa tempele ke tsa lefatshe le hore tempele ha e hlole ka hosafeleng, empa e tla senngwa. Bala: * * * * Mattheu 12:6 Mareka 11:15-17 Mareka 13:1-2 Johanne 4:21 Jesu ha a ne a etswa lekgetlo la ho qetela tempeleng, o ile a bolela tshenyo e tshosang ya tempele ( Mareka 13:1-2 ). Jesu ka ho shwa le ho tsoha ha hae o ile a ba buselletsa tempele. Jesu o ne a ile a bolella barutuwa ba hae e sa le pele, leha ba sa ka ba utlwisisa. Mosebetsi: Bala Johanne 2:19-22. Ha ho ntse ho eya, batho ba ne ba sa rate ho ya tempeleng ho ya kopanela teng le Modimo. Modimo le motho ha nako e ntse e eya ba kopana ka Jesu. Jesu ya eba sehlabelo ka ho thakgiswa ya eba pheletso ya dihlabelo tsa letsatsi le letsatsi tse neng di tliswa tempeleng di a fela, empa tseo di neng di ke ke tsa tlosa dibe tsa setjhaba. Ke kahoo ho seng ho sa hlokahale hore tempele e nne e be teng, hobane ha ho sa le sehlabelo se lokelwang ho etswa tempeleng. Bala: * Baheberu 10:11-18 26 O Kajeno Modimo o phela kahara batho ka Moya wa Wona. Nakong tsa Testamente ya Kgale Modimo o ne o le teng kahara tempele ka mekgwa e mengata. Jwale, kamora hoba Jesu a romelle Moya o Halalelang wa hae o tla dula kahara ngwana e mong le e mong wa Modimo, Modimo o re Lentsweng la Hae, bohle ba dumelang ke tempele ya Hae. Ka tsela eo o re o tla ka mekgwa e ikgethang ka hara bophelo ba ngwana e mong le e mong wa Hae. Ha o dumela ho Jesu, eba Moya wa Hae o phela kahare ho wena eba o se o le tempele hape ya Modimo. Bala: * * 1 Bakorinthe 3:16-17 1 Bakorinthe 6:19-20 Modimo ha o phele kahara tempele le meaho e entsweng ka matsoho a batho (Diketso 17:24). Boteng ba Modimo ha bo feela tempeleng kapa meahong ya dikereke ka mekgwa e ikgethileng jwalekaha batho ba bangata ba hopola. Jwaleka ngwana wa Modimo, o le kantle hole dipolasing, pakeng tsa difate tsa merara, difate tsa diapole, tshimong ya poone kapa kamora dinku le dikgomo, Modimo o teng moo hape le ka mokgwa o ikgethileng, hobane "tempele" ya Hae e teng moo. Jwale he ngwana wa Modimo, Yena o dula ka ho wena mme mmele wa hao ke tempele ya hae. Kahoo ha o a tshwanela ho sebedisa mmele wa hao ho etsa ka nnqenngwe dibe ka ho fetisisa. Ha o a lokela le ho lematsa mmele wa hao kapa wa dumella batho ba bang ho o sebedisa hampe ka ho kgotsofatsa ditakatso tsa bona tsa thobalano. O tshwanela ho boloka mmele wa hao o le motle, o hlwekile, o phela hantle le ho phethahala, hobane ke tempele ya Modimo. Hamorao, bukeng ya 5, o tla ithuta haholwanyane ka Moya o Halalelang o phelang le ho hlalosa tsohle ho bana ba Modimo. 27 2. Sinagoge Sinagoge - lentswe le bolelang kgobokano. Lentswe lena le le bolela batho ba kgobokanang mmoho ho tla tshwara kopano, jwalekaha moo e le tulo ya seboka. Sinagoge ho bonahala e ne e qale nakong ya kgoleho Babilona ha Bajode ba ne ba sena tempele Babilona. Ka tsela eo ba ne ba sa hlole ba tlisa dinyehelo hobane molao o ne o ba thibela hore ke feela dinyehelo di ka etswang tempeleng Jerusalema. Yaba ho ba le ditlhoko tse matla tse entseng hore Bajode ba itokisetse ho qala, ho tsohle Sabata, hore ba kgobokane mmoho ho rapela Modimo le dithuto tsa molao. E bile qaleho ya Sinagoge. Jwalekaha e tla ba moaho o ikgethang oo ba tla o sebedisetsa ho tshwara dikopano, ho bala kapa ho ithuta molao, mme meaho e jwalo ya bitswa Masinagoge. Masinagoge a bapala karolo ya bohlokwa ho thupellong ya bana hofihlela ba le dilemo tse leshome le metso e mmedi. Ke moo bara ba Bajode ba neng ba ithuta molao le tsebo ya boporofeta ka dibuka, ke moo ba neng ba bile ba ithuta ho bala le ho ngola le ho ithuta tshebediso ka bofarisi le botsebi ba Mangolo. Tshebelletso ya sinagoge e ne e tshwarwa ha feela ho ena le banna ba leshome. Nakong eo tshebeletsong ya tlhompho ho ne ho se teng mmoledi eo makgetlo a itseng a neng a bala le ho hlalosa karolwana tse itseng. Setho sefe kapa ka bala le ho hlalosa lengolo. Moshanyana o ne a ka kgethwa ha feela a le dilemo tse leshome le metso e mmedi kapa leshome le metso e meraro ka ho hola mme o ne a ka bala lengolo. Jwaleka tlwaelo. Jesu o ne a eya sinagogeng ka Sabata. O ne a atisa ho bala le ho hlalosa mangolo ho ya ka kopo (Mattheu 4:23 le Luka 4:16-21). Ho ya ka buka ya Diketso hape e ne e le tlwaelo ya Paulose ho etela sinagogeng ka Sabatha mme le yena o ne a atisa ho menngwa kgafetsa ho bala le ho rera (Diketso 13:13 le ho feta). 28 Phapang mahareng a tempele le sinagoge: Tempele: Ho ne ho ena le tempele e le nngwe feela mme yona e ne e le Jerusalema. Tempeleng ho ne ho etswa tsohle tsa bohlokwa ka kakaretso jwaleka ho tliswa ha dinyehelo le ditshebeletso tse itseng tsa bodumedi tseo Baprista e neng e le baetapele. Tempeleng ke moo Basaduse ba neng ba bapala karolo ya bohlokwa. (Leqepheng la 43 o tla ithuta haholwanyane ka Basaduse). Sinagoge: Ho ne ho le teng masinagoge a hasaneng le naha yohle. Ka hoo motse o mong le o mong o ne o ena le sinagoge ya yona mme ho ne ho ka ba le sinagoge tse fetang bonngwe. Sinagogeng ho ne ho sa etswe dihlabelo kapa dinyehelo ha ho ilwe teng. Baetapele masinagogeng e ne e le Bafarisi, kapa Ditsebi tsa Mangolo, le Basadusi ba neng ba bapala karolo ya bohlokwa. (Leqephe la 40 o tla ithuta haholwanyane ka Bafarisi.) 29 3. Baprista le Balevi O Baprista Ho ya ka molao, baprista bohle e ne e le bahlahlami ba Aarone, moholwane wa Moshe mme ba ne ba etswa lelokong la Levi (Eksoda/Phallo 28:29 le Baheberu 7) Baprista e ne e le baetapele le batsamaisi ba tshebelletso tsa tempele. Ba ne ba hlahisa mahlabelo a diphoofolo, a setjhaba. Ba tjhesa mahlabelo a monkomonate le ho rupella puo tsa tsamaiso. Baprista ba ne ba arohile dihlopha tsa tsebetso tse 24. Dihlopha tseo di ne di rupella ka tshebeletso tsa tempele. Sakaria, ntata Johanne Mokolobetsi, le yena e ne e le moprista mme e ne e le nakong eo sehlopha sa habo sa baprista se neng se tshwarahane le ho etsa tshebelletso tsa boprista kapela Modimo, ha lengeloi le tla itlhahisa ho yena ho tla mo tsebisa ka tsa tswalo ya mora wa hae, Johanne (Luka 1:5-23). Boholo ba baprista e ne e le banna ba halalelang le ho hlompheha, jwaleka Sakaria. Ho ne ho ena le bao ba lakatsang borui, bolaodi le dipolotiki, ho feta tshebelletso tsa bodumedi. Boholo ba baprista ba ne ba le mokgatlong wa Basaduse. (sheba Basaduse leqepheng 43). O Balevi Balevi le bona e ne e le baprista. Ba ne ba ena le mesebetsi e meng ntle ho eo o sa tswa ithuta yona. Balevi le bona ba ne ba ikarotse dihlopha tse 24 tsa tshebelletso ya tsa bodumedi. Ba ne ba ikwetlisa beke le beke mme sehlopha se seng le se seng ka tsela eo ho ka bang habedi ka selemo ba ne ba etsa ditshebelletso tsa tempele. Ho ka etsang halofo ya Balevi e ne e le dibini le diqapi tsa mmino. Halofo e nngwe e rupella mesebetsi e meng. Ka mohlala ba ne ba ikarabella bakeng sa ho hlokomela diaparo tsa baprista le dibuka. Ba ne ba etsa hape mosebetsi wa bolebedi ba tempele ntle le moo ba hlokomela hore bahetene ba seke ba kena tempeleng le dibakeng tse halalelang tsa tempele. O Moprista e Moholo Moprista e moholo e ne e le hlooho ya baprista. Nakong tsa Jesu o ne a bile e le hlooho ya Lekgotla la Bajode, Sanhedrine. Ka tsela eo o ne a etsa mesebetsi ya bodumedi, empa hape mosebetsi wa setjhaba le dikahlolo. Kahoo Jesu o kileng a iswa ho Moprista e Moholo hore a mo ahlole nakong ya hae. 30 Moprista e Moholo 31 Mesebetsi wa bohlokwahadi wa Moprista e Moholo e ne e le ho kena hang ka selemo ka sehalaledisisong sa tempele. Sehalaledisiso e ne e le karolo ya tempele. Sehalaledisiso sa tempele e ne ele karolo ya tempele moo ho bolokilweng areka ya selekane (lekase la patsi/polanka ) leo kahara lona ho neng ho bolokilwe Melao e Shome kateng. Yona e ne e le pontsho ya boteng ba Modimo. Kapela Sehalaledisiso ho ne ho ena le kgaretene/lesela le boima le leketlang. Le ne le bitswa searodi; ho ne ho se mang ya neng a ka kena kamora kgaretene eo, ha e se moprista e moholo feela, le teng o ne a kena hang ka selemo, ka letsatsi le leholo la poelano, o ne a ka etsa hoo. O ne a tshwanela ho tlisa pele dihlabelo tse boletsweng bakeng la hae le setjhaba. Kamora moo o ne a nka madi mme a kena ka Sehalaledisisong (Meetlo/Levitike 16). TSEBISO HO MORUPELLI: Karolong ya 7.2 leqephe la 70-75 o ka iphumanela tlhaloso ka sehalaledisiso haholwanyane le searodi. Testamente e Ntjha re bala ka baprista ba babedi ba baholo, e leng Anna le setloholo sa hae Kaiafa. Kahobane moprista e moholo a tshwaretse setulo sa molatedi wa hae, ho ne ho lokela hore dipuisano tsa baprista ba babedi di lekalekane. Bala: * * Mattheu 26:57-67 Johanne 18:12-14 le 19-24 32 4. Ditsebi tsa Mangolo E ne e se mokgatlo wa dipolotiki kapa boikelo (sekte ), empa e le sehlopha sa ditsebi. Hantle-ntle e ne e le dingaka tsa Molao bao ba ileng ba fumantshwa thupelo ya Mangolo ho tsohle tsa molao. Testamenteng e Ntjha hape ba bitswa Ditsebi tsa Molao (Mattheu 22:35 ) kapa Baruti ba Molao (Diketso 5:34). Ka nqenngwe e le bo Rabbi (baruti) kapa mesuwe le bo ntate (Mattheu 23:8-9). Ditsebi tsa Molao hape ba ne ba ena le mosebetsi wa ho ruta batho mangolo mme e ne e le barupelli. Hape, hobane e ne e le Ditsebi tsa Molao, ba ne ba ena le tshebetso tsa toka. Ba ne ba sa phethahala bakeng sa mosebetsi oo ba neng ba o tsamaisa, le ho tshwanela hape ho etsa mosebetsi wa boikwetliso hore ba shebane le ditlhokeho tsa mosebetsi wa bona wa letsatsi le letsatsi. Mengwahakgolo e mengata pele Jesu a etla lefatsheng, Tora kapa Molao wa Moshe o ne o bolelwa ke ditsebi tsa molao. Ba ne ba ena le mokgwa oo ba o sebedisang o bitswang "midrash". E ne e le boiphihlelo ba bona hore ba rarolle ditlhaloso tse tebileng tsa mangolo le ho di ntshetsa pele. Ditlhaloso tsa bona tsa molao di ne di bolelwa ka molomo molokong ho isa molokong. Bafarisi ba ile ba ntshetsapele tsebo eo 'ntshetsopele ya tshebediso ya moetlo, ba e bitsa jwalo. Ba ne ba dumela hore Modimo dipapiso tsena o ile wa di neha Moshe le Molao o Shome thabeng ya Sinai. Bala: * Mareka 7:1 - 13 Ha ho letho le molato hakaalo ho latela mehlala le meetlo ya baholoholo ba hao, empa o lokela ho etsa bonnete hore ebe moetlo le ditshebelletso tseo hore di hlile di dumellana mmoho le Lentswe la Modimo. O seke wa sebedisa letho la ditlwaelo kapa wa sebedisa batswadi ba hao kapa ditlwaelo tsa batswadi ba hao le ba bona tse phehisanang le Bibele. Ka tsela eo, pele o ka sebedisa ditlwaelo tsa baholoholo ba hao, o tshwanela ho kopa hore a na Bibele e reng ka hoo. Ha ho letho leo ho lokelang hoba bohlokwa kapa feela kahoo ho ba bohlokwa jwaleka Bibele. Mosebetsi: Ke dife ditlwaelo kapa ditshebelletso tsa batswadi ba boholoholo tseo le ntseng le di latela? O nahana hore Modimo o reng ka ditshebelletso tseo? 33 2.3 Bophelo ba boahi nakong tsa Jesu. 1. Iseraele ka tlasa puso ya Roma TSEBISO HO MORUPELLI: Karolo ena e rutwe ka tekanyetso feela. Tsepamisa maikutlo ho kgutsufatso qetellong ya yona. Ka mengwahakgolo e mengata Iseraele e le ka tlasa taolo ya ditjhabana tse ding. Ke ba Babilona ba ileng ba ba isa kgolehong. Ka mora moo ba laolwa ka nako e telele ke Baperesia, Bagerike, Baegepeta le Baasiria. Ka mora moo ba ipusa ha nakwana yaba ho kena Baroma ba ileng ba nka puso ya bona. Nakong tsa Jesu ho ne ho batlile e le puso ya Roma lefatsheng lohle. Dinaha le diprofensi tse fapaneng, di ne di buswa ke Roma ka mekgwa e fapaneng. Moo batho ba neng ba tlwaetse ho buswa ke marena, Sesare wa Roma o ne a beha morena hore a buse profensi eo. Morena o ne a ke ke a etsa seo a se ratang, ntle le taelo ya Sesare wa Roma. Kamora dingangisano tse ngata le dintwa, Heroda e Moholo nakong eo pele feela ho tswalo ya Jesu o ile a behwa borena ba Iseraele. Le leng la mabaka a neng a etsa, ke hore ho ne ho le Bajode ba neng ba le kgahlanong le ho buswa ke Heroda, hobane Heroda e ne e le wa leloko la Esau, eseng la Jakobo. Jakobo le Esau a ke re e ne e le bara ba Isaka (Tshimoloho/Genese 27). Ho bile le poelano dihlopheng tsa baena bana ba babedi. (O sa hopola a ke re hore bukeng e fetileng Jakobo o bile a bitswa Iseraele, le hore e bile ntata bara ba 12 bao e bileng meloko e 12 ya Iseraele - Buka 2 karolo 6.3 leqephe 43.) Heroda e ne e le moetapele ya matla a bile a ena le dimelo tse ntle tsa botho le molemo. Empa hle, ho neng ho fetisa bophelong ba Heroda ke boikakaso ba ho batla botumo le tlhompho. Hona ha etsa hore makgetlo a mangata ha etsahala kgohlano. Ka le leng o ne a eba mohau mme a etsa mafutsana ka molemo o mongata. Ka le leng o ne a sena kgotso. Ntho le ha e le eng kapa motho a mo qhekanyetsa ho ne ho fediswa, a bolawa. Heroda o ne a bile a seolla ba lelapa la hae, o kile a etsa hore mora le mosadi wa hae ba bolawe, hobane ba ile ba mo qhekanyetsa. Kahoo hoba Heroda a utlwe hore ho ba le morena e mong wa Bajode ya tswetsweng, a laela hore masea ohle, a dilemo tse ka tlase ho tse pedi, Betlehema le tikoloho, a bolawe (Mattheu 2). 34 Lesole la Moroma 35 Heroda o ne a hloilwe ke bongata ba Bajode, hobane o ile a fumana monyetla wa ho ja tsuo ka tempele le ho nka letlotlo le lengata la tempele mme a le arolela metswalle ya hae. O bile hape a bolaya baetapele ba Bajode ba 45 Jerusalema. Ho tsohle o ne a beha le ho tebela baprista ba baholo ho ya kamoo a ratang. A laolwa ke matla le takatso tsa hae, Heroda a leka ho ikgapela maikutlo a Bajode ka ho lokisa tempele, a e atolla haholo mme a e kgabisa. Dinakong tsa ho qetela tsa bophelo ba Heroda di tsebahala ka dikgohlano tse ngata le botsitso - hape le kahara leloko la hae. Heroda o ne a ile a fumana monahano wa ho ipatlela mohlahlami kantle ho Sesare wa Roma ho mo tsebisa. Selekane sa hae sa ho qetela a beha mora wa hae Aleksandere borena. Pele ho hore Arkelause borena ba hae bo tiiswe ke Sesare, Arkelause a bolaya bahlabani ba Bajode ka sehloho. Kamora moo a be a bolaile Bajode ba 3 000. O bile a thibela ho ketekwa ha paseka selemong seo. Ha Arkelause a ya Roma hore Sesare wa Roma a tiise borena bahae kamora moo, ho ne ho se ho le ba bang ba leloko la hae le Bajode ba 50 ho Sesare ho ya mo raka ho Sesare Roma. Bajode ba ile ba kopa Sesare hore a se hlole a ba behela morena, empa ho be motho eo e tla ba mohlokomedi feela wa setjhaba (motho ya tla sebetsa jwaleka majoro wa motse kapa mongodi wa motse) ya tla ba busa. Arkelause ha a hlola e le morena, empa a behwa bolaodi ba setjhaba diprofensing tse tharo: ka ho qollwa ya eba Judea, Samaria le Edomo. Ngwanabo, Heroda Antipase o ile a fumana maemo a hoba mohlokomedi wa setjhaba ka ho amohela (ho busa kotara = puso-nne) ka ho tshwanela ho busa diprofensi tse pedi, ka ho qollwa e leng Galeliea le Berea. Ngwanabo wa boraro a nehwa ka botlalo mabatowa a mang. Arkelause a tsebahala ka bokgopo. Ke ka hoo Josefa le Maria, kamora ho kgutla ha bona Egepeta kamora lefu la Heroda e Moholo, ba se kang ba ya Judea. Ba ne ba utlwile hore Arkelause o busa Judea. Ka ketapele ya Modimo ba ile ba etsa qeto ya ho ya jaka naheng e nngwe, ke hore Galelea (Mattheu 2:22). Hamorao ka mora dilemo tse pedi Arkelause a lelekwa ke Sesare Agosto. Yaba lebatowa la puso ya hae le nehwa Babusisi ba Roma, ho le tsamaisa. Mmusisi wa bohlano ya ileng a nehwa ke Sesare wa Roma ho tsamaisa Judea, e bile Ponsi Pilato (26 ho fihlela 36 kamora Kreste). Ke yena ya ileng a ahlola Jesu le ho mo thakgisa. Bibeleng o bitswa mmusisi (Johanne 18:28). 36 Mmapa o bontsha diprofensi tse fapaneng mehleng ya Jesu. 37 Leha ho le jwalo Baheroda le Basaduse ba ile ba fumana matla a puso ya Boheroda, Bafarisi ba ile ba bona hona e le kotlo ya Modimo. Ba ile ba bontsha borabele pontsheng. Ho tla mafelong a puso ya Heroda, ho ne ho se ho ena le tsamaiso e ntjha ka tlasa Bajode, e leng Selote. (O tla fumana tlhaloso ya Selote leqepheng la 44). Leha Bajode ba ne ba buswa ke Baroma ba ile ba fumana tokolloho ya ho sebedisa ditshebelletso tsa bona tsa bodumedi, mme boSesare ba Roma le balatedi ba bona pusong ya diprofensi, ka mokgwa o mong ba ka latela tumelo ya bona. Ho fetse ha eba borabele le thibelo ho Bajode ho fihlela diphetohong. Ho neng ho kgathatsa maikutlo a setjhaba ke hore ke puso ya baditjhaba. Ba ile ba lebella Messia ya tla tla jwalekaha Testamente ya Kgale e boletse. Nakong tsa Jesu Bajode ba ne ba ntse ba lebelletse ka tebello e kgolo hore Modimo o tla ba romella Mopholosi ya matla ho tla ba lopolla pusong ya Roma. Bajode ba bangata ba ne ba dumela hore Messia ya tla tla e tla ba moetapele wa tsa dipolotiki, ya tswang lelokong la morena Davida. Ba ne ba hopotse hore o tla tlisa lebotho le matla ho tla ba lokolla pusong ya Roma ka dikgoka. Ba ne ba hopotse hore o tla tla thea mmuso wa Bajode hape, mme a buse a le Jerusalema. Ho ya ka tebello ya bona mmuso oo e ne e tla ba o moholo o matla jwaleka mmuso wa Iseraele nakong tsa puso ya morena Davida. Kahoo Bajode bohle ba hasaneng le lefatshe ba tla kgutlela Iseraele. Messia e tla ba morena ya lokileng ya nepahetseng. Balatedi ba hae ba tla phela ka kgotso le ka monyaka. Ho bonahala hore barutuwa ba ba hae le bona ba ne ba ena le tebello e jwalo, utlwa dipotso tseo ba neng ba di botsa Jesu (mohlala: Mareka 10:35-37 le Diketso 1:6). Jesu o ne a sena matshwao a sebopeho sa sepolotiki ao a ka theang mmuso wa lefatshe ka oona, ho nahanwa hore ke lona la mabaka a entseng hore Bajode ba monyatse kahoo. Ha a ka a phethisa dipolelo ho ya kamoo ba neng ba lebelletse. Kgutsufatso: Nakong tsa Jesu Baroma ba ne ba busa Iseraele. Bongata ba Bongata ba Bajode bo ne bo se bo kgathetse ke puso ena mme ba ne ba lebelletse hore Modimo o tla ba thusa, ka hore a romelle moetapele wa sepolotiki ya matla ho ba lokolla pusong ya Baroma. Ntlha e etsang hore Jesu a hloke sebopeho sa sepolotiki ke hore o ne a sa tlo thea mmuso wa lefatshe, ho hlakile hore ke a mang a mabaka a entseng hore ka hoo Bajode ba se mo amohele. Ha a ka a phethisa ditebello tsa bona. 38 2. Sanhedrine Lentswe Sanhedrine le tswa lentsweng la Segerike le bolelang seboka kapa kopano. Sanhedrine e ne e thehilwe ka baetapele ba 71, ka baka la ho hopolwa ha Moshe le batsofe ba 70 ba neng ba ba thusa (Dipalo/Numere 11:16). Sanhedrine e ne e le lekgotla la Bajode le ileng la phutheha Jerusalema. Moprista e Moholo e ne e le modulasetulo. Qalong baetapele bohle e ne e le Basadusi, empa nakong tsa Jesu bongata ya eba Bafarisi. Sanhedrine e ne e le lekgotla la Bajode ka tjhadimo e batsi ho ahlola ka molao wa Moshe. Babusisi ba Roma ba ile ba dumella Sanhedrine hore e ka ahlola empa ka dinyewe di dihuwe ho ya ka molao wa Bajode. Ha e le tlasa maemo a kahlolo ya lefu Sanhedrine e tshwanetse hore qeto ya yona e tiiswe ke Mmusisi wa Roma pele. Hape ke lona lebaka le entseng hore Jesu, kamora hoba a fumanwe a le molato ke Sanhedrine a ba a lokelwa ke lefu, ba mo isa pele ho Ponsi Pilato, mmusisi wa Roma. Sanhedrine e ile ya mo ahlola pele, ba ne ba ke ke ba phethahatsa ka bo bona, ke Pilato ya neng a tla fana ka sephetho sa hae (Johanne 18:28-31). Sanhedrine e ile ya dula nyewe makgotla a mabedi tempeleng. Ha ho nyewe e neng e ka dulwa ka sabata, ka nako ya mokete kapa ka nako ya bosiu. Haeba mang a ne a lokela ho ahlolwa ke Sanhedrine, ba ne ba etsa hoo tsatsing lona leo hore kahlolo e hle e phethe, e etswe. Ha eba hamorao ba lokela ho otla motho, ba ne ba lokela ho ema ho fihlela hosasane pele ba ka bolela molato. Haeba Sanhedrine e lokela ho ahlolela motho lefu, ba ne ba lokela ho ila le pele ba ka bolela molato. Sanhedrine e ne e boetse e ena le melawana e meng e mengata. Ho totobetse hore Sanhedrine nakong eo ba qosang Jesu ba ne ba tsamaisa nyewe ho ya ka bongata ba melawana ya bona. Jesu o ile a ya qoswa tlung ya moprista e moholo (Mattheu 26:57-58). Kahlolo e ne e le ha e tla ba mokete wa paseka mme e ne e le bosiu (Mattheu 26:17 le Mattheu 27:1). Hape Jesu o hlile a qoswa hona letsatsing leo mme molato wa hae wa ba wa ananelwa. Ka tsela e jwalo hohang kahlolo ya Jesu e ne e se ya molao kapa toka e ne e tshwailwe empa ntlha ya bohlokwa ke hore ho Yena ho ne ho se mokgwa wa molato oo a neng a ka fumanwa ka wona. Ke Mora wa Modimo ya senang sebe le molato (Johanne 8:46 le Baheberu 4:15). 39 3. Mekete ya Bajode O se o ile wa ithuta hore Baiseraele ba ile ba buswa ke ditjhabana tse ding ka nako e telele. Bajode ba bang ba ne ba se ba fumane kgahlamelo ena, le ho e amohela, empa ba ne ba etsa merusu ka ho ba marabele. Ho tsohle, lefatsheng la Magerike-Maroma ho bileng le kgahlamelo ya kgolo ya mekgatlo e arohaneng ketapeleng e tlasa Bajode. Mekgatlo e mehlano e jwalo e ka arolwa tjena: Bafarisi, Basadusi, Baesenere, Baheroda le Selote. Re tla shebana feela le e meraro mona. O Bafarisi Lebitso lena le shebahala e le nnete hore le nkilwe lentsweng la seheberu le ka hlalosang ntho e le nngwe kapa tse pedi: "Hlalosa" kapa "ho arohanya". Ka tsela eo Bafarisi e ne e le bahlalosi ba molao wa Modimo oo ka bo bona o neng o ba arola ho batho ba bang feela ka matla a ho boloka melawana ya bodumedi. Bafarisi ba ne ba itlhophisitse ka tjhebahalo ya mekgwa ya melao ya Balevi. Ba ne ba leka ho tsamaya ka molao ho fihlela le ka tlhaku ya ho qetela mme ba ne ba kgotsofatswa ke mokgwa oo ba o etsang ka oona. Ba bang bao e leng Basadusi ba ile ba kgolwa hore Bafarisi ba na le ditaba tse ding tse ka kenyelletswang Ka tsela eo ba ne ba bile ba kenyelleditse ditshebelletso tsa baholoholo ba bona molaong e le sehlomathiso. Tshebediso ena ho bona e ne e ka molao hantle. Ba ne ba paka hore qeto e nngwe le e nngwe eo motho a e nkang, e bapane le molao. Kahoo ba ne ba ena le melawana e mengata e entsweng ke ka hoo Molao o ka utlwisiswang le ho phethwa ka teng. Hamorao ba etelletsa Bafarisi ka melawana ya maiketsetso e sa feleng ho e theha. Bafarisi ba ne ba ipona ba tseba molao ho feta batho feela, kapa ba sa o kgathalle jwaleka bona ka ho o phethisa (Johanne 7:49). Mokgabo wa bona ka diaparo tsa kantle ho ne ho bontsha kamoo ba leng kateng. Ba ne ba hohela batho ka botle le maphelo a bona. Bafarisi, bao e neng e le batho ba banna feela, e ne e bile e le mesuwe e neng e ruta molao le melawana e meng yohle dikolong le masinagogeng ho batho. 40 Mofarisi 41 Ba ne ba ena le tjantjello ya ho kwetlisa setjhaba, ho shebana le hore masinagogeng moo ba sebelletsang le ho ruta batho, hore sena se phatlalla le naha yohle. Ba ne ba ena le kamano e kgolo le Lekgotla la Bajode, Sanhedrine. Bafarisi ba ne ba sa ikgathatse hakaalo ka dipolotiki, ha feela puso ya naha e sa ba hlophe ka ho sitisana le leano la tshebelletso tsa bodumedi tseo ba di phelang. Ba ne ba dumela hore ha motho a ka shwa o tla boela a phele. Ba ne ba dumela ka bophelo bo safeleng, hape le ho mangeloi le matemona (Diketso 23:6-8). Hamorao ba ile ba dumela hore ke feela bao ba dumelang molao ho fihlela ho ditlhaloso tse nyenyane, ba tla amohela bophelo bo safeleng. Paulose ka ho latela moetlo wa Bafarisi o ile a o phetha pele ho hore a ka fumanwa a lokelwa ke Bofarisi mme a kenngwa mokgatlong (Bafilipi 3:5). Potso ya bohlokwa ke hore: Jesu boemo ba hae e ne e le bofe ho Bafarisi? Jesu ha a ka a lokisetswa le ho nyatsuwa hobane ho ne ho se Bafarisi ba neng ba dumela ho Yena (Johanne 3:1-2), empa ho Mattheu 23 o fumana kgutsufatso ya ha Jesu a nyatsa bafarisi. Mosebetsi: * * Bala Mattheu 23. Ke kgahlanong le nyatsuo le diketso dife maphelong a rona Jesu a batlang nna le wena kgaolong ena ho re hlokomedisa? 42 O Basadusi Basadusi e ne e le baprista. Ba ne ba le hlwahlwa bopaking ba bona ba tshebeletso tsa bodumedi. Ba ne ba amohela molao wa Moshe e le ona feela Mangolo a Halalelang mme ba ne ba sa kenyelletsa tshebelletso tsa baholoholo jwaleka Bafarisi. Ba ne ba sa dumele mangeloi, hape le hore motho o na le moya le hore ho na le bophelo kamora lefu. Diketso 23:6-8 e bontsha phapang ena e ntjhotjho pakeng tsa Bafarisi le Basadusi. "Yare ha Paulose a hlokomela hore karolo e nngwe ke Basadusi, e nngwe ke Bafarisi, a howa kahara lekgotla, a re: Banna ba heso, nna ke Mofarisi, ke ngwana wa Mofarisi; ke qosetswa ya hoba le tshepo ya hore bafu ba tla tsoha. Hoba a rialo phapang ya hlaha mahareng a Bafarisi le Basadusi, mme lekgotla la arohana. Basadusi ba ne ba re ha ho tsoho ya bafu, ha ho mangeloi; athe Bafarisi ba ne ba dumela tsena tsohle." Qalehong Basadusi ba ne ba bangata Lekgotleng la Bajode (Sanhedrine). Heroda e Moholo o ile a bolaya pele Bakreste ba 37, dihlooho tsa mekgatlo ya Basaduse tse 45 - boholo ba bona e ne e le baetapele ba Lekgotla la Bajode. Kamora moo yaba matla a bona a fedisitswe empa ya eba feela lekgotla la kganyetso le neng le hanyetsana le ntlhakemo ya boetapele ba Bafarisi. Modula setulo wa Lekgotla la Bajode, moprista e moholo, hamorao ya eba Mosadusi. Bafarisi ya eba sehlopha sa bohareng sa botjhaba, ha Basadusi e eba baprista ba sehlooho le mmuso wa karolo ya mobu. Bafarisi ya eba batsamaisi ba thuto tsa bodumedi, mme Basadusi ba tsamaisa ka boahi le dipolotiki. O Selote Lentswe Selote le ka bolela "Motjhesehi." Selote e ne e le Mojode ya nang le methapo e tebileng ya tshebelletso tsa sedumedi le bopaki ba dipolotiki. Ba ne ba ena le setswalle se ke keng sa tinngwa. Ba ne ba sa amohele puso ya letho hodima bona, ntle le Modimo mme hape ba ne ba sa batle ho lefa letho la lekgetho. Ka tsela eo ba ne ba itotobatsa ho ya pele ka ho ba kgahlanong le puso ya Baroma. Selote se ne se jara sebetsa se sekgutshwane se leoditsweng mahlakoreng ka bobedi (se bitswa sica) se patwa kahara diaparo ho ka se sebedisa nakong ya ha a hlaselwa. Bonyane a le mong wa barutuwa ba Jesu o ne a le mokgatlong wa Selote ho fihlela, ka ho qolleha e ne e le Simone Motjhesehi (Diketso 1:13/Mattheu 10:4). Ho ka etsahala, hape hore Judase Iskariota e ne e le Selote. Leha ho le jwalo, motho a ka lebella ho tloha qalehong hore Jesu ke mopholosi wa lefatshe le molopolli pusong ya Baroma ka tjhebo. Ha ba hlokomela tumelo e fosahetseng ya bona hamorao mme ba hlokomela hore Jesu ha se moetapele wa sepolotiki, ba etsa qeto ya ho mo latola. Kapa Petrose le yena e ne e le Selote, ha re tsebe, 43 empa bosiung boo a neng a tla latola Jesu ka bona, jwale ka Maselote, o ne a tshwere sabole eo ka yona a bileng a kgaola mohlanka wa moprista e moholo tsebe ka yona (Johanne 18:10). Hape Johanne le Jakobo ba ne ba rata hoba mahlakoreng a Jesu ha a se a dutse teroneng ya Hae le ho busa mmusong wa hae. Hape ka hoo ba ile ba arolelana mehopolo le selote, leha bona e ne e se Selote. Ekaba Jesu o ile a phethahatsa mohopolo oo wa Selote wa ho batla molopolli wa sepolotiki ho ka ba ntshetsa hole le puso ya Roma? Jesu o ile a itsebahatsa kapela bohle hore ke Yena Messia, Mora wa Modimo, empa hape a ba hlalosetsa: "Mmuso wa ka hase wa lefatshe lena. Ha mmuso wa ka e ne e le wa lefatshe lena, balatedi ba ka ba ka be ba lwanne, hore ke seke ka neelwa matsohong a Bajode, empa jwale mmuso wa ka hase wa mona." (Johanne 18:36) Mosebetsi: Ka mengwaha kgolo e mengata batho ba ntse ba leka ho sebedisa Jesu sepheong sa bona sa dipolotiki le ho fihlela sepheo sa bona. Naheng ya rona hape ho na le batho ba bangata ba basweu, ba basootho le ba batsho ba etsang hona. Na ke hantle ho sebedisa Jesu ho sepheo sa dipolotiki,kapa hape ho sebedisa Jesu dipolotiking? Ke sefe seo o ka se etsang? 44 KAROLO 3 (2 dihora) SETSHWANTSHO / FILIMI KA JESU TSEBISO HO MORUPELLI: A ko fane ka monyetla wa metsotso e mmalwa ho baithuti ba ke ba ye kantle kgefutsong, pele o ka qala ho bapala setshwantsho/filimi, hore ho sebe le dikgefutso nakong eo filimi e ntseng e bapala. Etsa hore o be le bonnete ba hore bohle ba bona setshwantsho hantle moo ba dutseng. Ha eba o sena filimi ka Jesu, o ka kadima e nngwe ho Amos. Hape le ka ithekela ya lona. Ke tsena diaterese tseo o ka etsang dipatlisiso ho tsona: * * Bybel Media: Wellington 7655 Jesus Projek: Halfway House 1685 Kerkstraat 54 Tel.: (021) 873 3851 Privaatsak X74 Tel.: (011) 315 2342 Haeba filimi ka Jesu e qalwa ho bapalwa kgetho la pele kapa ho bontshwa, ka tlwaelo ho na le dipotso tse mmalwa tse tlang ka tshohanyetso. Ke tla di araba e sa le jwale. POTSO 1: Hobaneng ha Jesu e le motho e mosweu? Ho bohlokwa ho utlwisisa e sa le pele hore Jesu o ne a se mosweu kapa motsho. Ka tswalo Yena e ne e le Mojode. O tswalletswe naheng ya Botjhabela Bohareng ya Iseraele, mme ka tsela eo e ne le le wa botjhabela. Jwaloka motho, Jesu o ne a ka ba wa setjhaba se itseng - ntle ho hore ho be jwalo, Modimo o ne a ke ke a fetoha motho. Ho hang ha ho etse taba hore Jesu e ne e le wa setjhaba sefe. Hoo e leng ha bohlokwa ke pholoso ya ka le wena. Ke yona ntlha e etsang hore e be motho ya phethahetseng, le hore Yena ke motho ya senang sebe hohang ha a ka a se etsa. Ke ka hoo e leng maemo ao hore Yena a ntshe nna le wena sebeng le hore pholosa kotlong. 45 Lebaka la hore Jesu a tswallwe setjhabeng sa Juda, e ne le ka tumellano ya dipuo tseo Modimo o ileng wa di etsa e sa le kgale. Re bala ka hona Testamenteng ya Kgale. Setjhaba sa Bajode e ne e se se bohlale, se seholohadi le se matlahadi nakong tsa sona. Re ka bapisa tjena; Egepeta Bajode e ne e le makgoba a ba Egepeta. E ne e le setjhabana se senyenyane se neng se ke ke sa busa ditjhaba tse ding lekgale, jwaleka Bagerike, Baegepeta, Ba Babilona kapa Baroma. Dintho tseo ba neng ba di haha le ho di etsa, di ne di se ntle ho tsa ditjhaba tsa boahisane. Lebaka la hore Modimo o ikgethele Iseraele e le setjhaba sa Hae, ho bontsha hantle hore Modimo ha o kgethe batho le ditjhaba ho ya ka maemo ao ba leng oona, empa o etsa hoo ka lerato le lereko le mohau feela. A ko bale ditemana tse latelang tse mabapi le ..... * * ..... setjhaba seo Jesu a ileng a tswallwa ho sona = ..... motse oo Jesu a ileng a tswallwa ho ona = * ..... leloko leo Jesu a ileng a tswallwa ho lona = Dipolelo/Deut. 7:6-7 Mikea 5:1 / Luka 2:4 Johanne 1:46 Mareka 6:3 POTSO 2: Ke mang ya ileng a nka ditshwantsho tsena? Dilemo tse 2 000 tse fetileng ho ne sena dikhamera le metjhini ya divideo. Difilimi ke tsa morao tjena, di sa tswa etswa dilemo tse mmalwa tse fetileng. A ke re ho na le mekgwa e mengata e fapaneng eo batho ba ka tsamaisang melaetsa. O ka etsetsa batho ba bang molaetsa ka molomo. O ka boela wa tsamaisa molaetsa ka ho rala ditshwantsho. O ka etsa le ka dipapadi tsa pontsho ya kalaneng kapa o ka ngola molaetsa. Bakreste ba mmalwa ba ile ba etsa qeto ya hore ba isetse batho molaetsa wa Jesu ka difilimi. Hase Jesu ka boYena ya bapalang difiliming moo, ke motho e mong ya bapalang karolo ya Jesu ka sepheo sa ho tsamaisa molaetsa ka dipontsho tseo. Ba entse difilimi tsena ka mabaka ao Modimo o ileng wa a neha Luka hore a a ngole Bibeleng. Hopola, ke Bibele feela eo e leng Lentswe la Modimo le seng ditshila. Mekgwa e meng e sebediswang ho tsamaisa molaetsa, e tshwanela hoba ntswe-leng le Bibele. Leha ho le jwalo, o tshwanela ho dumela Bibele, mme e seng melaetsa eitseng. 46 KAROLO 4 (45 metsotso) TLHALOSO YA FILIMI/SETSHWANTSHO KA JESU TSEBISO HO MORUPELLI: O ka fana ka monyetla hore baithuti ba bolele seo ba se fumaneng. Ba hle ba bue ka ho otlolloha ka filimi. Hlalosa jwale dipotso kapa se sa hlakang ho bona. Kamora moo o ka sebetsana le potso ena e ka tlase hammoho le baithuti. Tlohela baithuti hore ba ke ba hlalose potso ena le ho leka ho e araba ka bo bona, pele ho hore o fumane karabo bukeng o ka qoqa le baithuti ka karabo ya potso ena. Mosebetsi: A ko iketsetse setshwantsho seo e leng sa hao ka filimi eo sebakeng sena. 47 POTSO 1: Haeba Jesu e ne e fela e le Modimo wa nnete, hobaneng a sa ka a theoha sefapanong? O ne a ka etsa jwalo kannete, o ile a etsa mesebetsi e mengata e makatsang. Mosebetsi: Ngola karabo ya hao pele mona. Satane o ne a batla hore ho tloha qalong Jesu a shwe lefu la sefapano mme kahoo hore dibe tsa lefatshe di tloswe hore nna le wena re boellane le Modimo. O ile a sebedisa Heroda hore ka hanyane a leke ho bolaya Jesu (Bala Mattheu 2 kamoo Heroda a ileng a ileng a bolaya bana ba banyenyane ho qala ka lemo tse pedi ka teng). Lefelleng Satane o bile a tla ka poelano ena ka hore Jesu a ka fuwa mebuso yohle ya lefatshe ntle le ho ka shwa sefapanong (Mattheu 4:1-11). Mona filiming satane o tshwantshwa le noha -[ bala Tshimoloho / Genese 3:1-4 le 14 hape le ho Tshenolo 12:8-9]. Esita le ha Jesu ane a se a leketla sefapanong, satane e ile a mo leka la ho qetela hore a theohe sefapanong. O ile a sebedisa bafeta ka tsela, baholo ba baprista, masole le a mong wa disinyi tse neng di thakgisitswe le Jesu. Bohle ba ile ba monyefola ka hore a theohe sefapanong. Bala: * * Mareka 15:29-31 Luka 23:35-39 Ha Jesu a ne a ile a theoha sefapanong, e ka be a ile a etsa hantle qetellong ya bophelo ba hae sebe ka ho etsa seo satane a se batlang mme eseng seo Modimo a neng a sa se batle. Ho teng ka tsela eo mabaka a mabedi a neng a etsa hore Jesu a seke a theoha sefapanong, ona ke ana: 1) O ne a batla ho mamela Ntatae. (Johanne 10:18 le Bafilipi 2:8) 2) Hobane a o ratile hakaalo mme a batla wena ho ollokolla dibeng tsa hao! (Johanne 10:11 le 13:1) 48 POTSO 2: Hobaneng Modimo o ile a tlohella masole a Baroma ho bolaya ka lonya le lekaalo? Mosebetsi: Ngola karabo ya hao pele mona. O tshwanetse ho tseba dintho tse pedi haholo, mme o tla utlwisisa hore Jesu o o rata hakaakang. 1. Jesu o ile a neela ka mmele wa hae . O ineetse ho shwa bakeng sa hao. Jesu ha a bolauwa ka tshohanyetso. Hoja a ne a bolailwe jwalo, ho ne ho tla bolela hore o ne a ke ke a dumela ho shwa, empa o bolailwe ke batho ka baka la dibe tsa bona. Ha eba ke nnete, ho hlalosa hore Jesu hantlentle o ne a ke ke a jara dibe tsa ka le tsa hao, mme ka hoo o ne a ke ke a di jara. Jwale nna le wena re ne re tla lokelwa ke kotlo ya dibe tsa rona. Ho Mareka 10:45 re bala hore Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae le tefo ya topollo ya batho ba bangata. Ho Johanne 10:17-18 Jesu o re ha ho motho ya tshwanetseng ho nka bophelo ba hae, o ile a fana ka bo Yena ka bona. Hape e le pontsho ya hore Jesu o fela a fanne ka bophelo ba hae bakeng sa ka le wena, o entse ntlha ya hore a thakgiswe ka mokete wa paseka ka ho swabela hoo Bajode ba ne ba sa batle ho etsa jwalo ka letsatsi leo (Mareka 14:2). Empa Jesu o ne a batla ho shwa ka paseka. Ho teng ditshupo tse ngata tse bontshang hore Jesu o ne a fela a batla ho o fa bophelo ba hae. Ha a ne ase a tlo tshwarwa, Petrose o ne a ikemiseditse ho lwana, empa Jesu o ile a mo laela ho boloka sabole ya hae. (Sheba Selote leqepheng la 44.) 2. Hantlentle nna le wena re thakgisitse Jesu. O tshwanetse hore ha se Bajode feela le masole a Baroma ba nako eo ba ileng ba thakgisa Jesu ya senang molato ka ho mokgokgothella dipekere sefapanong. Nna le wena hape. Ba ile ba etsa seo nna le wena re neng re ka se etsa. Na ha ho makatse, rona batho re bontshitse hantle ka hore re nyatsitse Modimo ka ho thakgisa Jesu, yaba Modimo ke oo o etla ho Yena a re amohele le ho re nka jwaleka bana ba Hae. 49 KAROLO 5 SEHLOOHO: Mabitso a Jesu a mo hlalosa hore ke mang. MOKOTABA: Ke dimakatso ho tseba Jesu. SEPHEO: Hore motho ya pholositsweng a ithute haholo ka bohare ba Mabitso a Hae. Kahoo o ithuta bohlokwa ba hore Jesu o tlile ho mo etsetsang. O nehilwe bopaki ka hore Jesu ke mang. Motho ya eso pholoswe a seke a nkwa ke bowatla ba hore Jesu ha a sa na karolo ho seo Jesu a tlileng ho se etsa. O lokela ho tseba hore a amohele pholoho. MABITSO A TLA RUTWA: * * * * * Kreste Emmanuele Jesu Morena O ka bitswa mokreste. 50 KAROLO 5 (45 metsotso) MABITSO A JESU A HLALOSA HORE YENA KE MANG. Mosebetsi: Ke mang ho lona ya nang le mabitso a fetang bonngwe? A na o a tseba mohlomong hore mabitso a hao a bolelang? Ke mang ho lona ya nang le lebitso la boswaswi? Hobaneng o bile le lebitso leo? Ee, ha e mong a o bitsa Moholwane, ho bolela hore o ka ba moholo ho yena! Ha ramosebetsi wa hao a o bitsa "Susanna Katherina", ho ka nna ha etsahala hore mohlomong o halefile haholo. Ha batho ba o bitsa feela Piet, o tla tseba hore ho ka etsahala hore ba batla ho bua le wena! Nakong tsa Bibele ho ne ho se jwalo - ha batho ba ne ba sena mabitso feela hore bohle ba tsebe hore ho buua ka mang. Batho ba bile le mabitso ka baka la ho hlalosa ho itseng ho ikgethang! A ko nahane feela ka Moshe - kgosatsana e ileng ya mo fumana kahara sethotwana, e ile ya mo reha Moshe, hobane "a ntshitswe metsing" (Phallo/Eksoda 2:11). Lebitso la Samuele le bolela "ke mo kopile ho Modimo," hobane mmae a ile a rapela Modimo ka matla hore a mo fe ngwana wa moshanyana (I Samuele 1:20). Na o ne o tseba hore Jesu le Yena o ne a ena le mabitso a fapafapaneng mme le leng le le leng la mabitso ao le hlalosa ntho eitseng ho ikgethang? KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU, hobane le leng le le leng la Mabitso a Jesu le hlalosa seo Jesu a seng a se entse le seo hape a batlang ho o etsetsa sona. A re ke re ithuta kapele le leng la mabitso a Jesu. 51 5.1 Jesu o bile a bitswa Kreste: Jesu o bile a bitswa Kreste. Ke a kgolwa o se o ile wa utlwa ka lebitso lena la Jesu - Kreste. Tloo nke ke o hlalosetse hore le bolelang. Bajode ba ile ba lebella hore Modimo o tla ba romella Messia. Messia ke lentswe la Searame le bolelang "motlotsuwa". Kreste ke lentswe la Segerike le bolelang jwalo. Marena ohle a Baiseraele a ile a tlotswa pele ekaba marena. Hape le Moprista e moholo o ne a tlotswa hore a amohele moqhaka wa boprista bo boholo. Tlotso ya motho e ne e hlalosa hore motho eo o kgethilwe ka ho qolleha le ho fuwa matla a ho etsa mosebetsi oo Modimo o batlang hore a o etse. Modimo o ile wa kgetha Jesu ka mokgwa o ikgethang le ho mo fa matla a ho etsa seo Modimo o se batlang. Ke Jesu feela ya ka etsang mosebetsi ona o ikgethang. Na ke hobaneng ha Modimo o ile wa kgetha Jesu? O ne a tshwanela ho etsang? A ke re o ntse o hopola hore ho ngodilweng ho Johanne 3:16. Modimo o ratile lefatshe hakaalo hoo a bileng a le neha mora wa Wona a inotshi ...... Jwale he, Modimo o ratile nna le wena le batho bohle lefatsheng lohle hoo o bile wa re neha Mora, wa Wona ka ho ikgetha, Jesu ka ho mokgetha (ho mmontsha) le ho mo romela lefatsheng. Na ho kile ha eba le motho ya ikgethang ya kileng a tla ho wena? Ho a thabisa, ha ho jwalo! Empa mohlomong ha ho eso be le motho ya tlang ho wena ka ho ikgetha. Utlwa ditaba tsena tsa kajeno tse makatsang! Modimo o ile wa kgetha Jesu ka ho qolleha ho tla ho wena mme a mo romme. Modimo o bile o mo file matla a ho ka o etsetsa letho le ikgethang. Kahoo Jesu e eba Kreste, Motlotsuwa a bitswa jwalo. KGELE, KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU. TSEBISO HO MORUPELLI LE BAITHUTI: Dikarolwana tse latelang tsa mangolo di supa tlhaloso ya lebitso Messia/Kreste. * Diketso 3:20-23 (Dipolelo/Deutoronoma 18:18) * Diketso 10:38 * Baroma 1:4 * Johanne 4:25 * Mattheu 7:28-29 - 52 Morumuwa. (Ya profetilweng ke Baprofeta.) Motlotsuwa. Eo e bileng sesupo. Eo a neng a lebelletswe. Eo ya matla. Modimo o ile wa kgetha Jesu ka ho qolleha mme a mo romela ho wena. Modimo o mo file matla ho etsa ntho e ikgethang bakeng la hao. Kahoo Jesu ya eba Kreste, Motlotsuwa, a bitswa jwalo. Diketso 3:20 le 10:38 KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU, hobane o se a tlile hore a be ho wena! O tla utlwisisa ha o se o ithuta mabitso a mang a Jesu. 53 5.2 Jesu hape o bitswa Emmanuele: Jesu hape o bitswa Emmanuele. Ho Mattheu 1:23 re bala hore: "O tla rewa Emmanuele. Lebitso leo le bolela hore Morena o na le rona." Modimo o tlile ho wena! Hobane bophelo ba ka le ba hao bo tletse dibe, ha ho mokgwa oo nna le wena re ka yang ho Modimo. Dibe tsa rona di re tlositse ho Modimo. Kahoo Modimo o ile a etsa qeto ya ho tla ho rona. O bile a romela Jesu lefatsheng - ho nna le wena. Bibele e re ruta hape hore Jesu ke Modimo. Kahoo Jesu o bitswa Emmanuele. Ho hlalosang hore "Modimo o na le rona." Ka hona Modimo o re Yena o na le wena, hobane Jesu a tlile lefatsheng, o tlile ho wena! Na hase bokgabane? Ka tsela eo ha o nahana ka Jesu, o tshwanela ho hopola hore o bile a bitswa Emmanuele mme hoo ke bonnete ba hore Modimo o ho wena. A re keng re tjong kaofela mmoho: "Jesu hape o bitswa Emmanuele, o na le nna." KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU le ho tseba hore le leng la mabitso a Hae le re o na le nna le wena. Haeba o se o amohetse Jesu, o tshwanela ho kgolwa hore o ke ke wa ba mong. Mosebetsi: A ke le qoqeng kapelenyana dihlotshwaneng tsa lona ka taba ena: * Ke neng le ho kae moo Modimo o nang le wena? * Hoo ho bolelang ho wena? * Na hoo ho a o tshedisa kapa ho a o tshosa? Haeba o eso be ngwana wa Modimo, o tshwanela ho tseba hore Jesu ha a tle ho wena ka mekgwa e tshwanang le eo a tlileng ho bana ba bang ba Modimo. Na ha o lakatse ho ba e mong wa bana ba Hae? A ka tlosa dibe tsa hao le ho tloha jwale le ka matsatsi ohle ebe "Emmanuele" ho wena! 54 Jesu hape o bitswa Emmanuele. bolelang: Morena o na le rona. Ke lentswe la Seheberu le Mattheu 1:23 Empa hobaneng ha Modimo o ile wa roma Jesu hore a tle ho rona? O batla hore a tlo etsang ho wena? A re ke re shebe hape hore Jesu o ile a bitswa mang. 55 5.3 Jesu hape o bitswa Mopholosi le Mothusi: Re bua ka nako tsohle ka Mabitso a fapaneng a Jesu, empa na o ne o tseba hore lebitso Jesu le lona le na le tlhaloso e eitseng? Jesu ke lebitso le bopilweng Segerikeng ka la Seheberu e leng lebitso Joshua, a bolelang ka ho tshwana: "Morena ke Thuso/Mothusi." Ka tsela eo Jesu o tlile ho o lopolla le ho o thusa hore o se etse dibe! O tlile ho o thusa hore o utlwe Modimo. Na o ntse o hopola, hore kgalekgale, pele ho tswalo ya Jesu, Modimo o ile wa re ho Josefa ka toro a rehe Moshanyana hore ke "Jesu," hobane Jesu o tshwanela ho tla o lopolla dibeng tsa hao le ho o thusa hore o tle o ye lehodimong. Bala: * Mattheu 1:20-21 Wena o seng o le ngwana wa Modimo, o tla dumella le nna ha ke re: KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU .... hobane ke Mopholosi wa hao. O se a tlositse dibe tsa hao! Jwale o ka kena lehodimong hore e be le Modimo ka nako tsohle. Empa jwale ha o boela o etsa sebe? Ho etsahala ha bobebe, leha o se o le ngwana wa Modimo! Mohlomong ho teng sebe se o tshwenyang letsatsi le letsatsi. O rohakana mohlomong haholo, ntle le hore o ka ithiba. Kapa o na le mohopolo o mobe ka eo o sa morateng. Jesu o batla ho o thusa hore o se hlole o etsa sebe seo hape. Ee! O tshwanela ho kopa Jesu hore a o thuse ho se tlohela, hobane lebitso la Hae ke Jesu ..... Ke Mothusi wa hao! Mosebetsi: * O nahana jwang, Neng le ka eng o batlang hore Jesu a o thuse ka tsona? Qoqang dihlotshwaneng tsa lona ka hona. 56 Haeba o esobe ngwana wa Modimo, o tshwanela ho hopola hore - Jesu o lakatsa hore le wena a o thuse. O batla ho tlosa dibe tsa hao le ho o etsa ngwana wa Modimo. Jesu hape o bitswa Mopholosi le Mothusi, hobane ke seo lebitso Jesu le se hlalosang. O batla ho o lopolla le ho o thusa, hobane o tletse hona. Mattheu 1:21 KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU. A re ke ithute le leng la Mabitso a Jesu. 57 5.4 Jesu hape o bitswa Morena: Jesu hape o bitswa Morena. Kamora hoba Jesu a shwe sefapanong, o ile a tsoha bafung. Kahoo o hlotse bobe bohle: satane, dibe, lefu le dihele. Yaba Modimo o beha Jesu morena hodima lefatshe lohle. Modimo o file Jesu matla ohle hodima lehodimo le lefatshe mme kahoo ha ho ya matla ho Mofeta, le ha e ka ba ya matla. Kahoo o boetse o bitswa Morena. Ke Morena ya busang tsohle. Bala: * * * * * Mattheu 28:18 Johanne 20:28 Baroma 10:9 le 14:9 Baefese 1:18-23 Bafilipi 2:9-11 KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU, .... hobane wena jwaleka ngwana wa Modimo o tshwanela ho ka tseba hore ke Morena le Kgosi! Ha ho ya tshwanang le Yena! Jesu ke sirelletsa bophelo bohle ba hao. Haholoholo Jesu o batla ho o sirelletsa ho satane. Hopola - Jesu, Morena wa hao, o tla o tshirelletsa maemong ohle! Satane a ke ke a ho etsa hoo .... a ke ke a o sirelletsa ho tsohle tse mpe. Lekgale a ka mpa a etsa ka hohle hore a senye bophelo ba hao ka ho etsa hore o etse dintho tse mpe le tse fosahetseng. O lakatsa ha a ka o bona o le madimabe. O batla ha wena le mosadi/monna wa hao le dula le qabana. Satane hape a ka o etsa hore o bue leshano (Johanne 8:44) kapa o ka romela monna kapa mosadi ho tla o kgelosa. Ho tsena tsohle Jesu, o batla hore jwaleka Morena le Kgosi lefatsheng lohle! Hobane o le ngwana wa morena, o tshwanela ho kopa Jesu hore a o bontshe hore o phele jwang. Ka tsela eo o ke ke wa etsa kamoo o batlang. Tjhe! Jesu hase Morena le Kgosi ya hao ka nako tse itseng feela! O tshwanela hore o utlwe Kgosi ya hao ka nako tsohle mme o etse seo a o laelang sona. O ka ba wa mo kopa hore a o thuse hore o sebedise moputso wa mosebetsi wa hao jwang le hore ke mananeho afe a TV o lokelang ho a shebella le ao o sa lokelang ho a shebella. O tshwanela ho mo mamela ha a re o rate batho ba bang le ho ba thusa ha ba kopane le mathata. Jwaleka ngwana wa Modimo, o se o boetse o le ngwana wa morena! Jwale o se o tshwanela ho phela jwaleka ngwana wa Morena e Moholo, Jesu. Batho ba bang ba bone ka bophelo ba hao hore Jesu Morena o laola bophelo ba hao. 58 . Jesu ke Morena, Ke Kgosi ho bohle bao matla a hae a le a bona. O tshwanetse hape ho laola bophelo ba hao. Ha o le ngwana wa Modimo, o se o le ngwana wa morena. Mattheu 28:18 Bakolose 2:6-7 Na o ne o tseba hore bana ba morena le bona hape ba na le lebitso le ikgethang? 59 5.5 Bana ba Morena ba arolelana lebitso la Jesu: Ha o le ngwana wa Modimo, ngwana wa morena, Jesu kahoo o arolelana lebitso le wena! Mosebetsi: A ko nahane hanyane - ke Lebitso lefe la Jesu leo a le arolelaneng le bana bohle ba Modimo? Ha o ne o ka hopola hore ke Lebitso lefe la Jesu le re bolellang hore Modimo o mo kgethile ka ho mo qolla le hore o mo file matla ho phetha mosebetsi oo a mo laetseng ho o phetha? Bana ba morena ba bitswang? Na o ne o tseba hore bana ba morena ba ile ba bitswa jwalo lekgetlo la pele ka ho fumantshwa lebitso leo ba le ho kae? Ke hantle, Lebitso lena la Jesu leo a ileng a le arolelana le bana ba hae, ke Kreste. Ha o eba ngwana wa Modimo, eba o tla bitswa mokreste. KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU, hobane kahoo o arolelana le wena Lebitso la Hae! Bala: * Diketso 11:26 Nakong tsa Jesu bo rabbi (baruti) ka balatedi ba bona ba ne ba mmitsa hape hore ke rabbi. Empa batho ba bangata ba ile ba etsa qeto ya hore ke rabbi ofe eo ba tla mo latela. Ka hoo ba ile ba ikgethela rabbi e seng bona e le bo rabbi. Ho Jesu ho ne ho fapane le tsohle, o bile a ikgethela balatedi. Hore o bitswe mokreste ke tokelo e makatsang, hobane ho bolela hore Jesu o o kgethile mme o o tlotsitse ka Moya o Halalelang bakeng sa mosebetsi o ikgethang, ka ho qolleha hore o behe ditholwana. Kahoo o motlotlo ho arolelana le wena lebitso la Hae! Bala: * * Johanne 15:16 1Johanne 2:27 Ha o arolelana le Yena lebitso la hae mme o ipitsa mokreste, mme o tshwanela hore hakaakang o ka phela jwaleka Jesu (I Johanne 2:6)! O tshwanela ho bontsha batho ba bang hore o utlwa Morena wa hao. Ha ho bobebe ho ka ba mokreste. O ka ba yena haeba o ka pholoswa mme wa iteela ho tlohela ho nwa, ho kgaotsa kapa ho tsheha ha ho etswa motlae o mobe. Empa o se o hopola KE DIMAKATSO HO TSEBA JESU mme le hore ke dimakatso ho bitswa mokreste. 60 Ha o dumela ho Jesu Kreste, o ofa monyetla o makatsang wa ho bitswa mokreste. Bakreste ba lokela ho phela jwaleka Jesu. Diketso 11:26 1Johanne 2:6 61 Qetello: Ka hobane ho bile dimakatso ho wena ho tseba Jesu, o tshwanela ho ya bolella ba bang hore Jesu ke mang. O ka nahana feela ka se bolelwang ke Mabitso a Hae haeba o ba le hona ho ka ba bolella tsohle ka Jesu! * Jesu ke Kreste. Modimo o mo kgethile ka ho qolleha mme a Mo romela ho wena le nna le batho bohle ka lefatshe lohle! Modimo o bile a mo tlotsa le ho mo fa matla a ho phetha mosebetsi wa Hae. * Jesu hape ke Emmanuele. Modimo o na le rona. Hobane Modimo o re ratile hakaalo, o bile a tla ho rona. Ha o dumela ho Yena, o teng ho wena ka mekgwa e ikgethang ka nako tsohle le hohle. * Jesu ke Molopolli le Mothusi wa hao! O batla hape le ho lopolla metswalle ya hao, baahelwane, jwalojwalo dibeng tsa bona le ho ba thusa ha ba utlwile pelo-bohloko kapa ha ba le kotsing. * Jesu ke Morena. Ke Morena wa lefatshe lohle mme o batla hoba Kgosi ya hao bophelong bohle ba hao! Ba o thabile ha e le moo o se o tseba Jesu? Jwale o ka ya bolella e mong hore Jesu ke mang! 62 KAROLO 6 (25 metsotso) TEMANA YA HLOOHO: LUKA 19:10 TSEBISO HO MORUPELLI LE BAITHUTI: Ena ke temana e bobebe ho ka ithuta yona. Ntle le moo ke tla e ngola jwaleka tlwaelo temana ena jwalekaha eka lona baithuti kaofela le bana. Sepheo sa ka ka hona ke hore le ka e sebedisa jwalo ha le e neha bana ba lona. Papadi ena ya lotho (puzzle/legkaart) e mona bukeng, o tla e fumana hape e le karete e sa hokellwang bukeng. Ha o fihla hae o ka e sehakanya mme wa ruta bana. Ha ba se ba tseba temana hantle, ba ka iteka e le bona ho tlatsa lotho. Haeba ho se ho ena le bao e leng bo nkgono le bontatemoholo mona - ke ona monyetla o motle wa ho o etsa le bana/ditloholo tsa hao. Le ithabise ka hona. Jwale re tla ithuta pele ka bo rona Luka 19:10. Hopola, hore ha jwale le bana kaofela. Sehlooho: Ke mang wa bo ntata lona ya nang le dinku kapa ke mang ya tsebang motho ya nang le dinku eo e leng mohwebi? Na o hopola hore mohwebi eo o rata dinku tsa hae? E, o di hlokomela hantle haholo mme ha a batle le hore e le nngwe ya tsona e lahlehe. O di bokella mmoho pele ebe o a di bala ho bona hore a na di ntse di le kaofela. Ha ho ka etsahala hore hamorao ho fumanehe hore e nngwe e se e lahlehile. O nahana hore o tla etsang? O tlohela dinku tse ding ebe o tla ya batla nku e nngwe e lahlehileng. Haeba ka mohlomong nku e lahlehileng e utlwile kapa e lemetse kapa e wetse mokoting, o a e ntsha - a e thuse. Re ka re o a e pholosa. Bana, Bibeleng re bala ka motho ya leratileng haholo hoo a ileng a tla lefatsheng ho tla batla le ho o pholosa. Bala temana: Bona hore ho ngotsweng mona Bibeleng, ho Luka 19:10. "Hobane Mora motho o tlile ho batla le ho pholosa ba lahlehileng. "(Hopola, bala ka nako tsohle temana pele ho tswa Bibeleng e le hore bana ba bone hore ha se mantswe feela a molomo wa hao, empa e le hore hantlentle a tswa Bibeleng mme a ngodilwe teng. Kamora moo o ka sebedisa karete-lotho (puzzle) ho ba ruta temana. 63 Hlalosa temana: Hobane Mora Motho o tlile: Mora Motho ke le leng la mabitso a Jesu Kreste. Mona temaneng ena o tla ithuta hore hobaneng ha Jesu a ile a tla lefatsheng. Otlile ho ........ batla: Jwaleka mohwebi ha a batla nku ya hae e lahlehileng - jwalo feela Jesu o batla ngwana e mong le e mong le motho e mong le e mong e moholo eo e eso be ngwana wa hae. Haeba o eso be ngwana wa hae, o tlile ho o batla. Hobaneng a etsa hoo? O ratile batho bohle hape le wena mme o lakatsa ho etsa bohle bana ba Hae. E, Jesu o tlile lefatsheng ho tla batla ...... le ho pholosa ba lahlehileng: Motho e mong le e mong o tswetswe e le moetsadibe. Le wena hape o tswetswe o le moetsadibe ke kahoo o etsang dintho tse ngata tse mpe le tse sa lokang. Ka tsela eo o lahlehile. O tshwanela ho otlelwa dibe tsa hao. O ke ke wa ipholosa. Empa Jesu o o ratile hoo a tlileng ho o lopolla dibeng tsa hao - ho tlosa dibe tsa hao. E, o o lopolla kotsing - ho kotlo eo o tshwanelang ho e fumana ka baka la dibe tsa hao. O ho entse jwang? O jarile kotlo eo e neng e lokela wena. O ile a shwela sefapanong ka baka la dibe tsa hao. Jesu o shwetse batho bohle, hobane bohle ba lahlehile. O mpa a tlile ka baka la batho ba lahlehileng - ka baetsadibe. Boikwetliso - Temana ena e bolelang ho wena? Wena ya esoka a eba ngwana wa Modimo nahana mohlomomg jwale dibe tsa hao di ngata haholo le hore o mobe hoo o ke keng wa amohela Jesu. Mohlomong o ile wa bua leshano ho mosuwe/morupelli wa hao, kapa wa utswa tjhelete e neng e le kahara sepatjhe/mokotlana wa ntatao. Ha ho etse taba hore ke bobe bofe kapa bo jwang boo o bo entseng kapa o bo entse ka makgetlo a makae. Jesu o tlile ho o batla le ho o pholosa! O o rata haholo. Ha o itshola ho tseo tsohle tseo o di entseng tse fosahetseng, bolella Jesu. O tla tlosa dibe tsa hao mme a o etse ngwana wa hae. Haeba o se o le ngwana wa Modimo, o tshwanela ho thabela batho bao e ebang bana ba Modimo. Jesu o batla ho ruta letsatsing lena hore ha ho ngwana kapa motho e moholo ya mobe haholo ho Yena. O rata bohle. O etsa jwaleka mohwebi/ rapolasi. Ha ho ka lahleha nku, o ya e batla. 64 65 Jesu o batla le ho pholosa batho ba babe e le hore e be bana ba hae le hore ba kgaotse ka dintho tse mpe tseo ba di etsang. Jesu o thaba haholo ha a ile a fumana e mong le e mong. Kahoo le lona bana le lokela ho thaba hobane Jesu a ile a pholosa motho e mong le e mong le e mong ya mobe! Pheto ya temana: Ho sebedisa ditshupo ha temana e ntse e phetwa, mohlala: * Hobane Mora Motho: Bontsha ka ho lelatsa letsoho la hao. * O tlile: Theola lona letsoho leo. * ho batla: Beha letsoho la hao ka hodima mahlo, o iname jwalo ka ha e ka ho na le seo o se batlang. * le ho pholosa: Fapanya menwana ya hao ya bosupa ho etsa sefapano * ba lahlehileng: Fokela matsoho a hao pele jwalekaha o bontsha hore ntho e lahlehile. E re bana ba bale temana hodima karete-lotho ha ba ntse ba bontsha ka matsoho a bona. Ba tshwanela le ho bala Bibeleng moo temana e ngodilweng teng. Kamora hoba temana e balwe habedi kapa hararo, o tshwanela hore lekgetlo le lekgetlo o botse e mong wa bana hore a phahamise sekotwana sa karete. Ha temana e boela e phetwa, bana ba se hlole ba sheba karolwana eo hape mme ka tsela eo ba lokela ho ithuta ka hlooho le ho e hopola. Nka hape la ho qetela sebontsha-temana (Luka 19:10). Mosebetsi: A ko re a le mong wa baithuti a boele a phete temana a le mong. A ko fe baithuti sebaka sa ho bolela hore temana ena e bolelang ho bona. Ha o se o ilo ruta bana temana ena, o tshwanela hore ba etse le bona mosebetsi ona wa ho qetela. 66 KAROLO 7 (40 metsotso) HO SHEBA TABA KA NNGWE KA LEIHLO LE NTJHOTJHO 7.1 Matsatsi a kalendara ao re a sebedisang kamehla a tswa kae? Mosebetsi: Ke bolelang ha ke re ngwana wa ka o hlahile ka 1983? Ke bolelang ha ke re Afrika Borwa e ile ya fumana puso e ntjha ka 1994? Matsatsi ao a kalendara a tswa kae? Matsatsi ao re a sebedisang a tswa kalendareng ya sekreste ao a ileng a sebedisa dilemo tse lekgolo kamora Kreste. Empa butle, ke qale qalehong. O se o ile wa fumana sena moraonyana bukeng ena ka dilemo tsa matsatsi a kalendara. Ke ile ka re tempele ya Salomone e ile ya sengwa selemong 586 pele ho Kreste mme tempele ya ho qetela ka selemo sa 70 kamora Kreste e ile ya senngwa ntweng ya Bajode-Baroma. Matsatsi ana ha a a ngolwa kae kapa kae Testamenteng e Ntjha kapa ya Kgale. Mokgwa o le mong oo batho ba bangodi ba neng ba o sebedisa nakong tsa Jesu ho ka bontsha dilemo/dinako tsa kalendara, e ne e le ho bontsha ka ketsahalo eitseng ya bohlokwa e ileng ya etsahala nakong eo. Baroma ba ne ba bontsha kgafetsa hore ketsahalo eitseng e etsahetse nakong ya qaleho ya Roma. Luka o ile a sebedisa mokgwa o jwalo wa tekanyetso wa ho lekanya dilemo tseo Johanne Mokolobetsi a ileng a qala ho rera ka tsona: "Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Puso ya Sesare Tiberiase, ha Ponsi Pilato a busa Judea, Heroda a busa Galelia, Filipi ngwanabo a busa naha ya Ituria le Terakonike, Losaniase a busa Abilene, mehleng ya baprista ba baholo Hannase le Kaiafa, Lentswe la Modimo la fihlela Johanne, mora Sakaria, a le felleng." (Luka 3:1-2). Kalendara ya sekreste e ile ya sebetswa ke moitlami Dennis e Monyane. O phetse dilemo tse ka bang 500 kamora hoba Jesu a phele. O ile a bala dilemo a di isa morao ho ya nakong ya tswalo ya Jesu. 67 Dilemo tse nang le diketsahalo tsa kamora tswalo ya Kreste a di bitsa ka Selatini hore ke "Anno Domini." Di hlalosa hore ke "selemong sa Monghadi". Ka Senyesemane ho ntse ho sebediswa kgutsufatso ena AD (bakeng sa Anno Domini). Kahoo Dennis ka mohlala o re Johanne Mokolobetsi o ile a qala ho rera ka selemo sa AD 27. Ka Sesotho re e ngola e le 27 K.K. e le kgutsofatso ya (Kamora Kreste). Dilemo tsohle pele ho Kreste di ngolwa e le P.K. ka Sesotho ho bolelang (Pele ho Kreste). Ka mora ho tla ha Jesu ho ne ho se ho ntse ho balwa dilemo tsa diketsahalo tse ileng tsa etsahala e sa le kgale pele ho tswalo ya Kreste. Ke hore mohlala ka nako ya kgoleho ya Bajode e balwa tjena 587-538 P.K. - ho bolelwa hore Pele ho tswalo ya Kreste. Palo e nyenyane e ngolwa qetellong, hobane kgoleho e fedile Jesu a se a le haufi le ho tswalwa, ho ena le qaleho ya kgoleho kamoo e neng e le kateng. Ha re lekanyetsa dinako tseo Jesu a di phetseng ka mokgwa wa sejwalejwale ka ensiklopedie, re bona ho eba tjena 5 P.K. ho fihlela 30 K.K. (kapa 6 P.K. ho fihlela 29 K.K). Ho a belaetsa. Lebaka ke hore Dennis ya monyenyane o bile a ba le diphoso tsa dipalo ha a ne a etsa kalendara. Ho ya ka kalendara ya rona, Heroda o ile a shwa selemong sa 4 P.K. E ne e le morena Iseraele nakong ya tswalo ya Jesu. Ntlha entseng hore a bolaye bana bohle ba bashanyana ba dilemo tse ka tlase ho tse pedi (Mattheu 2), ho bontsha hore Jesu o ne a se a le dilemo tse pedi mohlomong ka nako eo. Re ka etsa ketapele ya hore Jesu o ile a tswalwa selemong sa 5 kapa 6 P.K. Dennis e Monyane o phetse dilemong tsa 500 ho fihlela 550 K.K. Ho ka boela ha "toboketswa e le Mongwahakgolo wa botshelela." Qalehong ho ne ho ena le pelaelo ka palo ena ya dilemo, empa ha motho o dutse o nahana hantle ke nnete seo ho lekanyeditsweng ka sona. Mongwahakgolo ke 100 ya dilemo. Dilemo tsohle ho tloha ho 1 ho fihlela ho 100 di wela mongwahakgolong wa pele. Dilemo tsa 101 ho fihlela 200 di wela mongwahakgolong wa bobedi, jwalojwalo. Re phela jwale mongwahakgolong wa bomashome a mabedi. Kamora selemo 2000, re tla be re phela mongwahakgolong wa bomashome a mabedi le motso. Kgutsufatso: Selemo sa 1997 se hlalosa hore e se e ka ba dilemo tse 1997 kamora tswalo ya Jesu. Ha o boela o ngola letsatsi la selemo, hopola hore Modimo o hape o ba tla hore ka hoo "hopola ...... Ke kamoo ke ratileng lefatshe, mmoho le wena, hoo ke ileng ka fana ka Mora wa ka a inotshi, hore bohle ba dumelang ho Yena, ba seke ba timela, ba mpe ba be le bophelo bo safeleng." ( Karolwana ena e qotsitswe mme ya sebetswa ka thuso ya thupelo tsa Timothy Training Institude: Phase A buka 5.) 68 1997 Mongwahakgolo o hlalosa hore e ka ba dilemo tse 1997 kamora tswalo ya Jesu. Ha o boela hape o ngola letsatsiselemong ka tsela e jwalo, hopola hore Modimo o batla ho o bolella ka seo hore: "Hopola .... kamoo ke ratileng lefatshe, mmoho le wena kateng, hoo ke ileng ka fana ka Mora wa ka ya inotshi, hore bohle ba dumelang ho Yena, ba seke ba timela, ba mpe ba be le bophelo bo safeleng." Mattheu 2:1 Johanne 3:16 69 7.2 Tlhaloso ya lesela le ileng la taboha ka lehare. O se o ile wa ithuta ka tempele le moprista e moholo. Ke a kgolwa o ntse o hopola hore ho ne ho ena le karolo tempeleng e neng e bitswa sehalaledisiso. E ne e le yona feela karolo e halalelang ya tempele. E ne e le phaposi eo ho neng ho bolokilwe areka ya selekane eo ho neng ho behilwe Melao e Shome ya Morena (Phallo/Eksoda 25:10-22). E ne e le sesupo sa boteng ba Modimo. Modimo o ne a le moo! Kapela Sehalaledisiso ho ne ho leketla lesela le boima. Le ne le bitswa searodi (Eksoda 26:31-34). Ho ne ho se le a monga ya neng a le belletswe ho kena kamora lesela leo, e ne e le feela moprista e moholo, le teng a etsa jwalo hanngwe ka selemo, letsatsing le Leholo la Poelano. Moprista e moholo o ne a kena a le mong a tshwere madi a mahlabelo a badilweng ka Sehalaledisisong (Baheberu 9:7). Bala: * Meetlo/Levitike 16 mme o tsepamise maikutlo temaneng ya 2, 6, 1415 le 34. Modimo o ne a le ka Sehalaledisisong ka tsela eo, empa ho ne ho se le a mong ya ka ikemisetsang ho kena ho Yena. Dibe tsa setjhaba di ne di entse karohano, nqanngwe, kgaohano. Dibe tsa batho di ile tsa tlisa karohano pakeng tsa motho le Modimo. Modimo ya halalelang le motho wa moetsadibe ba ke ke ba kopana mmoho. Lesela le boima e ne e le sesupo sa karohano pakeng tsa motho le Motho. Ka ho swabela mahlabelo ohle a neng a tliswa ka mengwahakgolo e mengata e fetileng, le sela la tempele le ne le ntse le leketla. Karohano e ne e ntse e le teng. Ho ne ho ntse ho le jwalo ho fihlela Jesu a eshwa. Yaba lesela le leketlileng le taboha ka lehare ho tloha hodimo ho ya tswa tlase - ka lehare! Bala: * Mattheu 27:50-51 Ho bohlokwa hore nna le wena re utlwisise hore ke ka baka lang Modimo a ileng a etsa jwalo, hobane e ne e se ka kotsi ho etsahetseng hoo. Ha Jesu a eshwa, Modimo o ile wa tabola searodi (lesela la tempele)! 70 Mattheu 27:50-51 "Jesu o ile a hweletsa haholo mme yaba ho tswa modumo wa moya la ho qetela. Ka nako eo ke ha lesela la tempele le taboha ho qala hodimo ho ya tswa tlase bohareng ba lona." Ho na le mabaka a mabedi hore hobaneng Modimo a ile a etsa hoo. 71 O Modimo o re: Tlohelang mahlabelo, ha ho sa hlokahala hore a etswe! Dilemo tse ngata tse fetileng ho bile le dinkgo tse dikete tsa madi tse ileng tsa phalla tempeleng. Ha ho ne ho etswa mahlabelo a ditjheso le mahlabelo a dibe, mahlabelo a melato le mahlabelo a poelano le mahlabelo a teboho. A mang a ne a etswa letsatsi le letsatsi, a mang ka sabatha e nngwe le e nngwe a mang selemo le selemo nakong ya mekete. Hang ka selemo, letsatsing la poelano e Kgolo, moprista e Moholo o ne a etla ka madi a badilweng kamora lesela la tempele, Mahlabelo ana a ne a phetaphetwa, hobane ka mokgwa ona a ne a sa tlise poelano e phethahetseng ya dibe tsa batho/setjhaba. Bala: * * Baheberu 9:7-10 Baheberu 10:1-4 le temana 11 Ho Baheberu 9:22 re bala hona: "Ho ya ka Molao e batla e le tsohle tse hlwekiswang ka madi, mme dibe di ke ke tsa tshwarelwa ha madi a sa tsholohe." Leha ho le jwalo madi a diphoofolo a ne a ke ke a tlisa poelano le Modimo. Kahoo Jesu o ile a tla. Ha a ka a sa tlisa hape mahlabelo a diphoofolo le mahlabelo a peo. O ne a utlwa Modimo mme a etsa sehlabelo ka mmele wa hae. "Ka bona Modimo o fedisa bosebeletsi ba pele, hore a hlome bo botjha" (Baheberu 10:9). Sehlabelo se setjha se ne se tliswa hang feela - bakeng sa nako tsohle. Sehlabelo sena ha se a lokela ho tswana le sa diphoofolo ka ho phetwa, hobane sehlabelo seo, ke mmele wa Jesu, o tlisitseng poelano le ho tlosa dibe. Bala: * * Baheberu 9:11-14 le 23-28 Baheberu 10:5-10 Kahoo lesela la tempele (searodi) la taboha. Ha ho sa hlokahala, hobane Jesu o ile a etsa poelano ya makgaolakgang pakeng tsa Modimo o Halalelang le baetsadibe. Kamora thakgiso ya Jesu sefapanong, ha ho sa le mahlabelo a diphoofolo kapa a peo a ntseng a hlokahala! Sehlabelo seo e leng Jesu se tlisitse pheletso ya phula ya madi a neng a phalla tempeleng. Bala: * Mosebetsi: Baheberu 10:11-18 O ka boela wa tadima thuto 10 ya tataiso ka thutabodumedi ya polasi. O se o ithutile a ke re moo: Ha o sa lokela ho hlahisa mahlabelo a mang bakeng sa dibe tsa hao. 72 Mahlabelo a diphoofolo a ke ke a tlisa poelano le Modimo. Kahoo Jesu o tlile mme a etsa sehlabelo bakeng sa seo. A nehelana ka mmele wa hae. E ne e le ha dibe di ne di tloswa hohang mme ke kahoo Modimo a reng ho wena: Tlohela mahlabelo, ha a sa hlokahala. Baheberu 10:9-10 73 O Modimo o re: Kena! Mosebetsi: A ko itshwantshe le mosebeletsi wa polasi e kgolohadi. O ne o tla ikutlwa jwang e re ha o batla ho bua le rapolasi, mme e re ha o fihla kantorong ya hae, monyako wa hae o tshwana le oo o setshwantshong sa pele. O ka reng ka motsamaisi ya jwalo? A ko tadime monyako wa bobedi setshwantshong. O tla ikutlwa jwang e re ha o fihla kantorong ya hae mme o bona lemati, le ena le mongolo ona: "O amohetswe, kena" mme le bile le butswe? O ka reng ka motsamaisi ya jwalo? Lemati le leng le le leng le ngotswe molaetsa. Le bolela ho hong ka motsamaisi le ka wena. Monyako wa pele o re motsamaisi o bohlokwa mme wena ha ho jwalo, kahoo le ke ke la kopana mmoho. Monyako wa bobedi o re: O tshwana le motsamaisi ho nna ka bohlokwa mme ke lakatsa ha o ne o ka tla ho nna, mang kapa mang o amohetswe. Lesela la tempele e hlile e ne e ka lemati/monyako. Pele le ne le kwetswe mme le ena le molaetsa wa hore Modimo o a halalela mme motho ke moetsadibe - kahoo ba ke ke ba kopana mmoho. Ya neng a ka kena, o ne a tla shwa. Ka lefu la Jesu Modimo o ile a tlosa dibe ka bo yena. Kahoo a tabola lesela la tempele. Jwale monyako o butswe, mme kahoo Modimo o re o lakatsa ha le wena o ka tla ho Yena, le ha ekaba mang. Ka Jesu Kreste Modimo o re ho wena: O amohetswe, kena! Mme ka Jesu o na le tokelo ya ho ya ho Modimo. Ke tokelo e fe e kgolo? Ha ho sa na tekanyetso ya puisano e le nngwe ka selemo kapa hanngwe ka beke. O na le bolokolohi ba ho kena, nakong eo o batlang ka yona oo ka ya ho Modimo. Bala: * Baheberu 10:19-23 O se o ena le bolokolohi ba ho kena ho Modimo. Ha ho sa hlokahala hore o kene ka mahlabelo, eseng ka boemedi ba morupelli wa hao kapa moruti, e seng ka Maria (mmaJesu), e seng ka badimo ba hao kapa leha e ka ba ka mang feela. O le mong ka madi a Jesu a ileng a o lokolla ho fihlela kgalalelong, ee, ho fihlela ho Modimo ka boyena! Ha hoo bokwe Morena! 74 . Hobane Kreste a ile a shwa mme a lefa melato ya dibe tsohle tsa hao, monyako wa ho ya ho Modimo o buletswe wena, mme o re: Kena! Baheberu 10:19-20 Haeba o eso pholoswe, bala Baheberu 4:15-16. Sebedisa jwale monyetla oo o nang le oona ho ya ho Modimo. Thutong e tla latela re tla ho leqephe le hlwekileng. Jwale o tla ithuta hore, ha o dumela ho Jesu, mme haeba o kena ka monyako o butsweng, o tla ba le bonnete ba hore o pholositswe. 75 KAROLO 8 (20 metsotso) TEKO Kajeno re tla etsa teko ka mokgwa o fapaneng leo oo re o tlwaetseng. Mosebetsi: 1. Moithuti e mong le e mong a ke a nahane ka seo a ileng a ithuta sona lekgetlo la pele mme a bile a fumana se le bohlokwa. 2. Hobaneng seo se le bohlokwa hakaalo ho wena? 3. A ko ngole potso eo o ileng wa kopana le yona ho ketapele? 4. Arohanang jwale ka dihlotswana - e seng ho feta 4 sehlopheng. Moithuti e mong le e mong jwale o na le sebaka sa ho botsa potso ya hae ho moetapele wa sehlopha. Ba seke ba botsa dipotso tse boima. Botsa ka seo o se fumaneng kajeno. 5. Ha le se le qetile, kopa a le mong wa baithuti dihlotshwaneng tseo hore a etse thapelo e kgutshwanyane ya teboho ho bohle ba neng ba ithuta kajeno. 76 KAROLO 9 (5 metsotso) MOSEBETSI WA LAPENG Mosebetsi 1: Ha ekaba le ena le motjhini wa video le filimi ya Jesu ho fihlela kamoo le hlophisitseng, le ka hlophisa le le sehlopha sa baithuti hore le ye ho e bontsha ba bang. E be boiteko ba baithuti mme le kope morupelli le baetapele ba bang ba kereke/badumedi ho le thusa. Le se ke la leka ho iketsetsa feela ntho ena le le bang. * * * * * Ha e mong a hlophise sebaka. Ha e mong a fane ka boleng ba setshwantsho seo ho batho. Ha e mong ya ikarabellang a sebetse ho bontsha setshwantsho. Hopolang ba mmalwa ba lona ho ba nang le tumelo e tiileng kamora nako ba ba be le ho ka thusa batho bao ba ka batlang ho amohela Jesu jwaleka Molopolli wa bona. Ho ka ba molemo ha sehlopha se ka ba le dihlophiso tsa Bukana e Senang Mantswe ho ka di fa batho bao ba sokolohileng. Hopola hape ho ngola mabitso a batho ba sokolohileng, hore le tle le ba thuse ho tswelapele ho fihlela moya wa kgolo ya boKreste o ananelwa. Haeba le ikutlwa le sena bonnete, le ka qala ka ditokisetso tse hlokahalang. E tla re kamora dibuka tse latelang kapa tse pedi tseo le tla di etsa, le ka ya bontsha filimi. Bukeng e latelang o tla ithuta hore ho hlalosang ka ho amohela Jesu le hore o ka ho etsa jwang. O tla ithuta hantle hore tshokoloho e bolelang le hore motho a ka ba le bonnete bo nepahetseng jwang hore o pholositswe. TSEBISO HO MORUPELLI: Ke wena ya tsebang baithuti hantle. Haeba o belaela o ka ema ho fihlela buka e latelang pele ba ka ya bontsha filimi ho batho ba bang, ba ka mpa ba etsa qeto feela ya hore ba tla bontsha ba bang filimi ha ba ba batla. Bitsa ba bang ba baithuti hore ba hle ba qale ho rapella monyetla oo hanghang. 77 Mosebetsi 2 Tsamaya o rute Luka 19:10 ho bana ba hao, ditloholwana kapa leha e ka ba bana ba polasi ya heno. Mosebetsi 3 O tshwanela ho ya ho e mong eo e soka e eba ngwana wa Modimo, mme o mmolelle ka Mabitso a Jesu hore a hlalosang, kahoo a tle a ithute ho tseba Jesu mme e tle e be mokreste. Mosebetsi 4 Itokisetse thuto ya 14 ho tataiso ka thutabodumedi ya polasi. E hlalosa ka leqephe le lefubedu le le hlwekileng la Bukana e Senang Mantswe. Mosebetsi 5 Ithute Bukana e Senang Mantswe kgafetsa hore o tle o tsebe ho ka arolelana le ba bang habonolo ka hlaloso. 78 HO BOHLOKWA Haeba le ile la adima filimi ya Jesu ho Amos, re kopa hore o e romelle morao ho: Amos Agrimin Posbus 17270 Bain’sVlei 9338 79